Sesotho | Page 19 | Nal'ibali
Home | Languages | Sesotho

Sesotho

Morena wa dinonyana

Mehleng ya kgalekgale ha lefatshe le sa le letjha, Nkwazi, ntsu e kgolo, ya bitsa dinonyana tsohle ho bokana mmoho.

“Jwaloka ha le tseba,” a rialo, “Bhubesi eo e leng tau, ke morena wa diphoofolo. Empa ke hobaneng a lokela ho buella le ...

Ntatu le Sefate sa Bommelak

Mehleng ya kgalekgale – pele ntataomoholo le ntataemoholo esitana le ntataemoholo – Motsheare le Bosiu ba ne ba se na dihlong. Ba ne ba tsamaya lefatsheng jwaloka nna le wena.

Hoseng ho hong le ho hong, Motsheare o ne a tlwaetse ho tsoha ...

Hona le hwane

Ha Sibu a fallela iLanga Avenue, Mof Magona o ile a bolella baahisane bohle hore motho ka mong a tle le ho hong ho itseng, ho tla mo amohela. Kahoo Sibu o ile a fumana metswalle e lokileng. Ba ne ba mo rata mme le yena a ba rata

Ka bomadimabe ...

Tshepiso ke tshepiso

Mekotatsie ke dinonyana tse nang le menoto e melelele e mmala wa lamunu le melomo e melelele e mmala wa lamunu tse fofang ho tloha Leboya ho ya Borwa mme di kgutlele morao hape. Jwale, mehleng ya kgalekgale, mekotatsie e ne e le dinonyana tse lerata ...

Dijo tse monate

Ntate Smuts e ne e le motshwasi wa ditlhapi. Empa, ditlhapi di ne di se ngata jwaloka pele mme ka matsatsi a mang o ne a kgutlela lapeng a sa tshwasa letho. Ebe Ntate Smuts wa batho o iphumana a sithabetswe ruri.

Jwale ebe Mme Smuts o mo haka ...

Phindulo le mokopu

Letsatsi le ne le shebahala jwaloka lehapu le lenyane le butswitseng hodimo mane marung ka hodima hlooho ya Phindulo. O ne a rata ho tsamaya ka hara moru a mametse dinonyana tse ntseng di bina difateng. Empa kajeno ho ne ho fapane. Ho ne ho ena le ...

Monna wa Boroso

E ne e le mantsiboya. Ba lelapa la ha Smith ba ne ba dutse ka ntle ba natefetswe ke monko wa boroso e besitsweng.

“Ntate! Ke kopa o etse kapele!” Hayley a tletleba. “Ke lapile haholo!”

“Ke eo he!” ha rialo ntatae kamora ...

  • Read this story aloud to children who are learning to read 
  • Support beginner readers (7-10 years old) by reading this story with them
  • Children older than 11 years would enjoy reading this story on their own

Motinyane le sefate sa garenate

Hoseng ho hong le ho hong, hang ha letsatsi le qala ho tjhaba, motinyane o monyenyane o ne o fofa ho tswa sehlaheng sa ona, se hodima lekala la sefate sa garenate, o otlolla mapheyo a ona, o phahamisa hlooho mme o qale ho bina pina e monate ka ho ...

Lwazi le kolotsana

Ka tsatsi le leng Lwazi a fumana setulo sa kgale se sututswang thoteng e haufi le habo. Se ne se robehile, empa se ne se ena le mabidi a mane a ntseng a lokile. A a ntsha mme a a sheba. “Ke a ipotsa hore ebe nka etsa eng,” a nahana. “Ke a ...

Mmutla le Noko

Mehleng ya kgalekgale ho ne ho ena le mmutla o neng o kgona ho matha ka lebelo le fetang phoofolo efe kapa efe polasing. O ne o le motlotlo haholo ka ho ho ba le lebelo le lekaalo. O ne o dula o hopotsa diphoofolo tse ding kamoo ona o leng lebelo ka ...