Tshimo ya Mong Shabalala | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Tshimo ya Mong Shabalala

Written stories

Tshimo ya Mong Shabalala

Author

Wendy Hartmann

Illustrator

Jiggs Snaddon-Wood

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Mong Shabalala o ne a dula tlung e nang le jarete e kgolo. O ne a ena le ntlo e ntle, sefate sa diapole, dikgoho le seratswana sa meroho.

Sefate sa diapole se ne se le seholo haholo. Makala a sona a ne a otlolohetse tshimong ya hae le ka nqane ho lebota ho ya thoteng e kamora lebota. Ka nako e nngwe diapole di ne di eba ngata hoo a neng a sa tsebe hore a ka etsang ka tsona.

Dikgoho tsa hae di ne di behela mahe a maholo, a sootho. O ne a sa kgone ho ja mahe ao kaofela ao dikgoho tsa hae di a behelang, kahoo mahe a mang a ne a qhotsa ebe o ba le dikgoho tse ding hape, mme tsa eba ngata ho feta tsa mang kapa mang toropong eo.

Seratswana sa meroho se ne se tletse dintho tse makatsang tse jewang, empa ka nako e nngwe ho ne ho eba le meroho e mengata haholo e kang mekopu, poone, ditapole le e meng.

Mr-Shabalala's-Garden-1Empa Mong Shabalala e ne e se monna ya lokileng. O ne a sa rate ho arolelana dintho tsa hae le batho. Ha motho a ne a ka atamela ntlo ya hae kapa jarete ya hae, o ne a halefa hampe. Kahoo Mong Shabalala o ne a se na metswalle.

Dintho tse ding di ne di mo halefisa hoo a neng a omana haholo. Batho bo ne ba rata ho dula moriting wa sefate sa diapole thoteng e ka mora lebota la hae, ba ne ba etsa lerata haholo. Ha diapole di ne di ewa sefateng di wela ka nqane ho lebota la hae, bana ba ne ba di thonaka. Ba ne ba bapala, ba eja diapole mme ba etsa lerata haholo. Ka nako e nngwe dikgoho tsa hae di ne di baleha di etswa le lesobeng la terata. Ha di etsa jwalo, di ne di behela mahe thoteng e ka mora lebota. O ne a utlwa basadi ba bua ha ba fumane mahe mme a tseba hore ba nka mahe a hae ho a isa malapeng a bona. Empa ho tenang ka ho fetisisa, ka nako e nngwe moshanyana e monyenyane o ne a kokota monyako mme a tlo mo kopa peo e tswang seratswaneng sa hae sa meroho

Ka tsatsi le leng Mong Shabalala o ne a kgenne hona hoo a ileng a etsa qeto ya ho thibela batho bohle ho mo kgathatsa. O ile a nka sakga ya hae mme a kgaola lekala le leng le le leng la sefate sa diapole le neng le leketletse ka nqane ho lebota. A kwala lesoba le terateng e le hore dikgoho tsa hae di se hlole di etswa le moo. Mme o ne a halefile hoo a ileng a senya seratswana sa hae sa meroho.

“Jwale ke se ke tla ba le kgotso le kgutso ntle le batho ba ntseng ba nkgathatsa kapa ba nkutswetsa,” a rialo.

Ha ho a ka ha nka nako e telele keha ho eba le diapole tse ngata haholo sefateng. Ho ne ho ena le dikgoho tse ngata, ditsuonyana le mahe a mangata. Kaha ho ne ho sena seratswana , ho ne ho se na meroho bakeng sa Mong Shabalala.

Empa ho ne ho ena le ho hong ho neng ho le hobe ho feta moo. Ho ne ho se ho kgutsitse haholo hoo Mong Shabalala a neng a tshwarwa ke hlooho. Mong Shabalala wa batho, o ne a sa tsebe seo a ka se etsang ka kgutso e kalokalo. Yaba o bula lemati la hae la ka pele mme a hoeletsa haholo ho fetisisa kamoo a ka kgonang, a batla feela ho etsa lerata.

Yaba hanghang batho ba mathela tlung ya hae.

“Na tsohle di lokile?”

“Na o hlahetswe ke kotsi?”

“Na re ka o thusa?”

“Ke … ke …” Mong Shabalala o ne a sa tsebe seo a ka se buang. Leha a ne a sa loka bathong mme a se na mosa, batho bohle ba ne ba tlile ho tla sheba hore ebe o phetse hantle na. Mong Shabalala a ikutlwa a swabile hoo a ileng a qala ho lla. “Ke maswabi,” a rialo. “Ke maswabi haholo.”

Mr-Shabalala's-Garden-2“Re maswabi ka ho etsa lerata moriting wa sefate sa hao,” ha rialo motho e mong.

“Re maswabi ka ho thonaka diapole,” bana ba rialo.

“Re maswabi ka ho bokella mahe,” ha rialo mosadi e mong.

“Tjhe bo,” ha rialo Mong Shabalala. “Ke ne ke inahanela ke le mong mme ke hloka boikokobetso ho lona, mme ka hoo ke maswabi. Kenang bohle ka hare mme ke tla le arolela dintho tsohle.”

Ho tloha tsatsing leo Mong Shabalala a ba arolela dintho tsohle. Hape a tshepisa hore o tla tlohela makala a sefate sa hae sa diapole hore a hole a be a leketlele ka nqane ho lebota, mme o tla siya lesoba le lenyane le bulehile terateng hore dikgoho di kgone ho tswa.

Ha batho bohle ba tsamaile, a sala a bososela ke thabo, e seng feela hobane a ne a fane ka dintho tsohle, empa hobane jwale ho ne ho se ho ena le lerata la batho ba thabileng ka ntle.

Yaba hanghang Mong Shabalala o elellwa hore o ntse a se na seratswana sa meroho. Ka nako eo ho ne ho ena le ho kokota ho tlase lemating le ka pele. A bula lemati mme ka ntle ho ne ho eme moshanyana e monyenyane.

“Aaah,” a rialo, “ke wena moshanyana ya hlolang a tlo kopa peo mona.”

“Ee,” ha araba moshemane eo, “empa ke a tseba hore ha o sa na seratswana sa meroho jwale. Na nka o thusa ho lema se seng?”

Mme lekgetlong la bobedi tsatsing leo, Mong Shabalala a seka meokgo mahlong a hae. Empa nakong ena e ne e le meokgo ya thabo