Molemo le baki ya mehlolo
Home | Written stories | Multilingual stories | Molemo le baki ya mehlolo

Written stories

Molemo le baki ya mehlolo

Author

Ka Siphiliselwe Makhanya

Illustrator

Ditshwantsho ka Geoff Walton

Serame se ne se kena masapong hoseng ha letsatsi leo. Molemo a sunya matsoho a hae ka harehare dipokothong tsa borukgwe ba sekolo mme a phahamisa mahetla ha a ntse a emetse ho tshela mmila robotong. O ne a apere dikipa tse pedi ka hara hempe e tshweu ya sekolo, empa o ne a ntse a hatsetse.

“Brrrrrrr,” ha rialo Molemo, a tila ka leoto fatshe ha a ntse a emetse hore roboto e bule. “Ke lakatsa eka Nkgono a ka be a na le tjhelete e lekaneng ya ho nthekela baki.”

Hang ha monna e motala a hlaha robotong, Molemo a qala ho tshela mmila. Empa ka nako yona eo, a utlwa motho a hweletsa ka mora hae. Ha a hetla ho bona se etsahalang, a bona monna a ntse a hulahulana le nkgono e mong mme a leka ho mo nkela mokotla wa hae.

“Thusang! Thusang!” ha hweletsa nkgono eo.

A sa nahana le ho nahana, Molemo a matha ho ya thusa nkgono eo wa batho mme a ikeka ka matla a hae kaofela a ntano raha monna eo leqaqailaneng. Monna eo a bokolla ke bohloko mme a tlohela mokotla wa nkgono. Yaba o tloha moo ka potlako a ntse a qhiletsa.

“Phephi hle Nkgono, na o o lemaditse?” ha botsa Molemo, a thusa Nkgono hore a eme. O ne a ile a sudubana fatshe ha leshodu le tlohela mokotla wa hae. “Itshwareletse mona lehetleng la ka,” ha rialo Molemo.

Nkgono o ne a thothomela ebile eka o batla ho lla. “Ke o leboha haholo ngwanaka,” a rialo. “Ha ke tsebe hore na batho ba mehleng ena ba kenwe ke eng.”

Ha nkgono eo a se a eme, Molemo a thonaka dintho tsa hae mme a mo fa tsona. “Bonyane ho sa na le batjha ba mosa jwalo ka wena tjena,” ha rialo nkgono a bososela.

                                                                                

Thapameng ya letsatsi leo, Molemo a tshela mmila hona dirobotong tsane ho kgutlela hae. A makala ruri ha a bona nkgono yane a mo emetse hona teng. A bososela ha a bona Molemo. “Moshanyanaka! Ke o tshwaretse mpho ke ena!” a rialo a fa Molemo sephuthelwana se phuthetsweng ka hloko. “O e bule ha o fihla hae.”

Molemo a hlajwa ke dihlong. “Ha ho hlokahale ho re o mph…,” a leka ho tjho jwalo.

“Tjhe bo, e nke,” ha rialo nkgono eo a mo kena hanong. “Ena ke ntho eo o hlileng o e hlokang. Ha ke kopana le wena, ke ile ka tseba hore e o loketse.” A phaphatha Molemo ka mokokotlong mme a mo tiisa lehetleng. “Ha e se e sa o lekane, o e fetisetse ho ngwana e mong ya molemo jwalo ka wena.” Yaba wa furalla mme wa ikela.

Ha Molemo a fihla hae, a bula sephuthelwana. Ka hare ho ne ho na le baki e bosehla bo kganyang. E ne e na le dipokotho ka ntle mme furumu ya yona ka hare e le sekotjhe. E ne e le ntle. Empa ha a e phahamisa, a hlokomela hore e nyenyane haholo.

Molemo a utlwa a aparelwa ke maswabi. “E ke ke ya ntekana lekgale!” a rialo ka pelong. Empa ka mokgwa oo e neng e le baki e ntle kateng, a etsa qeto ya ho re a e leke feela.

Ke hona moo ho etsahetseng ntho e ileng ya mo makatsa – letsoho le ka lehlakoreng le letona la baki la bonahala le lelefala ha a kenya letsoho la hae ho lona. La eba lelelele ho fihlela le lekana le sephaka sa hae hantle. Molemo a se ke a dumela seo a se bonang. O tlameha a sa bone hantle! Yaba o etsa qeto ya ho kenya letsoho le leng ka letsohong le letshehadi la baki. Le lona la bonahala le lelefala ho fihlela le mo lekana hantle.

 

                                       

Baki ya lekana Molemo hantle. A tswela ka ntle ho ya itjheba fensetereng. A ema a behile matsoho a hae diqholong yaba ka mora moo o a kenya ka dipokothong tsa baki. E ne e mo tshwanela!

Ka nako yona eo, ausi wa hae, Nina, a hlaha khoneng. O ne a shebahala a kgathetse. Molemo a nka mokotlana wa hae mme a mo sala morao ho kena ka tlung. “O hlotse jwang? Na o ka thabela kopi ya tee?” a mo botsa.

Nina a dula pela tafole e ka kitjhining. “Ke hlotse hantle, empa ke kgathetse,” a rialo a leka ho bososella kgaitsedi ya hae. “Ho batla mosebetsi ke ntho e boima. Ke a leboha hle, nka thabela ho phoka tee.”

E ne e se jwale Nina a batla mosebetsi. Sena se ne se utlwisa Molemo bohloko. Ausi wa hae o ne a sebeditse ka thata hore a qete sekolong, mme Molemo o ne a tseba hore ho mo utlwisa bohloko hore ebe ha a kgone ho fumana mosebetsi ka mora dilemo tse tharo a ntse a o batla.

“Ke tshepa hore o tla fumana mosebetsi o itseng haufinyane ausi Nina. O sebetsa ka thata mme o dula o leka,” ha rialo Molemo.

A reteleha ho ya laeta poraemasetofo e le hore a bedise metsi bakeng sa ho mo etsetsa tee. “Ke lakatsa eka ausi Nina a ka fumana mosebetsi o motle,” a rialo ka pelong. A beha ketlele poraemasetofong mme a beha kopi e nang le mokotlana wa tee ka hare.

Molemo a sunya matsoho a hae ka dipokothong tsa baki ha a ntse a emetse hore metsi a bele. Ke ka yona nako eo a ileng a utlwa ho na le pampiri khoneng ya pokotho e ka ho le letona. O ne a maketse. Molemo a ipotsa hore na ebe ha esale e le teng moo pele, e ne e mpa e le hore o ne a sa ka a e lemoha kapa tjhe.

A ntsha pampiri eo ka hloko ka pokothong. E ne e le papatso ya koranta e mennweng ka makgethe mme e baleha tjena: RE NA LE MOSEBETSI. Re hloka ba entseng materiki!

Molemo a bososela. Ho bonahala eka lelapa labo le tlo dula le na le mahlohonolo ka lebaka la mpho ya nkgono yane.

 

Eba mahlahahlaha ka pale!

Na o kile wa ba le monyetla wa ho thusa motho ya seng a hodile? Ho ne ho etsahalang? O ile wa ikutlwa jwang ka mora moo?
Taka setshwantsho sa hao moo o thusang motho e mong. Botlaseng ba setshwantsho seo sa hao, ngola polelo e hlalosang se etsahalang setshwantshong.
Mpho e molemo ka ho fetisisa eo o kileng wa e fuwa ke e mong wa ditho tsa lelapa ke efe? Ke hobaneng ha o e rata hakaalo? Taka setshwantsho sa mpho eo.