Nare e Nyenyane o tsoha ka lehlakoreng le fosahetseng la kwatipa ya jwang hoseng ha letsatsi leo. Ho hang ha a robala hantle bosiung bo fetileng. Bosiu bona kaofela o ne a utlwa medumo e tshosang ka ho fetisisa thoteng moo. Qalong, medumo eo e ne e utlwahala e le hole, empa ya nna ya atamela. E ne e utlwahala jwalo ka mpa ya Ntatemohlo Tlou ha e korotla le ho kirietsa ha a lapile! Hoseng ha kajeno ho bonahala e ka ha ho le ya mong ho dinare tse ding ya utlwileng medumo eo. Le hoja Nare e Nyenyane e ne e le yena ya monyenyane ka ho fetisisa mohlapeng wa dinare, o ne a sa tlo botsa dinare tse ding tse nyenyane ka modumo oo! Ha di ka nahana hore ke lekwala ebe di a mo soma o tla reng? Hoseng ha letsatsi leo kaofela esale Nare e Nyenyane a ipotsa hore na ebe modumo oo o neng o korotla le ho kirietsa e ne e le wa eng. Ntatemoholo Tlou o ne a ntse a itlhafunela makgasi a sefate sa mopane ka kgutso ha Nare e Nyenyane e mo feta ha e lo nwa metsi. “Ntatemoholo Tlou, na e ne e le mpa ya hao e neng e korotla le ho kirietsa haholo bosiung bo fetileng hoo e ileng ya utlwahala thota ee kaofela?” ha botsa Nare e Nyenyane.
“Tjhe hle Nare e Nyenyane. E ne e se nna. Mpa ya ka e qadile ho korotla le ho kirietsa ka mora hore letsatsi le tjhabe hoseng hona,” ha araba Ntatemoholo Tlou. Yaba o wa reteleha mme a itsamaela ho leba difateng tse telele. Ha Nare e Nyenyane a fihla metsing, a fumana Mme Kubu a orile letsatsi. “Mme Kubu, na ebe o ile wa utlwa modumo o korotlang le ho kirietsa maobane bosiu? Ha botsa Nare e Nyenyane. “Tjhe hle Nare e Nyenyane. Ditsebe tsa ka di ne di le ka metsing. Ha ho letho leo ke le utlwileng,” ha araba Mme Kubu. Yaba o idimola haholo jwalo ka kubu a ntano tutubala ho bo tsipa hanyenyane thapameng eo.
Thapameng eo kaofela esale Nare e Nyenyane a ipotsa hore na ebe modumo oo o neng o korotla le ho kirietsa e ne e le wa eng. A botsa bohle bao a kopanang le bona hore na ba utlwile modumo oo, empa ha bonahala ho se le ya mong ya o utlwileng. “Mohlomong o no o mpa o lora Nare e Nyenyane,” ha araba Mme Nare ha a mo botsa. Ho hlakile hore Mme o ne a tla tseba hobane Nare e Nyenyane o ne a robetse pela hae. Ha kganya ya ho qetela ya letsatsi e diketse, e ne e le nako ya hore Nare e Nyenyane le dinare tse ding kaofela di bothe mohlweng o bonojwana bakeng sa bosiu. Nare e Nyenyane o ne a sa tswa tshwara boroko ha ka tshohanyetso a re tlakotlako!
Jwang kapa jwang o ne a utlwile modumo o korotlang le o kirietsang hape! Qalong modumo oo o korotlang le o kirietsang o ne o utlwahala o le hole, empa jwale o ne o ntse o atamela. Yaba o ntse o ba moholo, o ba moholo! Pelo ya Nare e Nyenyane ya tidinya jwalo ka moropa. A thalatsa mahlo ho bona hore na dinare tse ding di ntse di utlwa modumo oo, empa kaofela di ne di kgalehile thuwe! Esita le Mme Nare o ne a ile le sephume sa boroko. Nare e Nyenyane o ne a tshohile. Yaba modumo o duletse ho korotla le ho kirietsa ho mo potoloha. Yaba jwale, … THO! Ntho e metsi ya wela nkong ya Nare e Nyenyane! Tho! Tho! Tho! Yaba ho na marothodi a mangata a pula.
Nare e Nyenyane a lelala. Ha tsholoha metsi a mangata ho tswa marung. Nare e Nyenyane a itsheha, le hona a tshehela hodimo ... ha a nahana hore ... empa e le pula. E ne e le pula ya hae ya pele! Mme modumo wa ho korotla le ho kirietsa oo a neng a o utlwile e ne e mpa e le seaduma! Ho ne ho se letho le tshosang. A aparetswe ke kgotso, Nare e Nyenyane a iphuthaphutha haufi le mmele o futhumetseng wa Mme Nare. A mamela modumo wa pula ha e wela makgasing le mohlweng nakwana, a ntano ya le sephume sa boroko a se as.
Eba mahlahahlaha ka pale!
- Na o hopola nako eo o kileng wa utlwa modumo o tshosang? O ile wa etsang? E ne e le modumo wa eng?
- Taka setshwantsho sa Nare e Nyenyane le Mme Kubu. Taka pudulwana ya puo e tswang ho Nare e Nyenyane le e nngwe e tswang ho Mme Kubu. Kopiletsa ka dipudulwaneng tseo mantswe a mophetwa ka mong a tswang paleng.
- Nahana ka pula. Ngola thothokiso e bolelang hore na modumo wa pula o jwang, monko wa yona le hore na e utlwahala jwang letlalong la hao. a kgathatseha ho hang.