Sefofelamarung

Written stories

Sefofelamarung

Author

Ka Ann Walton

Illustrator

Ditshwantsho ka Rico

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

E ne e le letsatsi la pula mme Josh o ne a dutse tafoleng ya kitjhine a ntse a etsa khaete. O ne a ena le dipatsinyana tseo a neng a di sebedisa ho etsa foreimi ya khaete. Hape o ne a ena le pampiri ya thishu e bolou le e kgubedu le e tala le e pinki. O ile a kwahela khaete yohle ka pampiri ya thishu e bolou.

“Pampiri ena e bolou ke sefahleho sa khaete!” Josh a qeta jwalo. A seha pampiri e kgubedu ya thishu ho etsa molomo o thabileng, o bososelang, pampiri e tala ya thishu ho etsa mahlo, le e pinki ho etsa didikadikwe bakeng sa marama. Yaba o etsa mohatla o molelele wa khaete ka pampiri e bolou, e kgubedu le e tala le e pinki.

“Mohatla wa hao o tshwana le diaparo tse tantshang moyeng terateng ya diaparo ya Nkgono,” ha rialo Josh a bua le khaete. Yaba o harela kgwele e telele haholo tjhupung ya khateboto mme a tlamella lehlakore le leng la yona foreiming ya khaete, e le hore e se ke ya fofela hodimo ho feta ha e se e le moyeng.

“Lebitso la hao e tla ba Sefofelamarung!” ha rialo Josh a bua le khaete.

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Josh a dula setulong sa hae sa mabidi ka ntle ka pela ntlo a beile Sefofelamarung hodima hae. E ne e le letsatsi le loketseng ho fofisa khaete hantle. O ne a emetse Hope. O ne a tla mo sututsa ka thoko ho mmila ka potlako kamoo a ka kgonang, e le hore Sefofelamarung se kgone ho tshwara moya mme se fofe. O ne a le hokae?

“Ke nna enwa!” ha rialo Hope. “Ke maswabi ke fihlile morao. Khaete ya hao e se e loketse ho fofa?”

“Ee, ke se ke tatetse ho e fofisetsa marung kwana!” ha rialo Josh.

“Ha re tsamaye he!” ha rialo Hope a tshwara setulo sa mabidi ka morao ka thata. A qala ho tsamaya ka potlako, mme a qetella a matha a theosa tselana e ka thoko. Mabidi a ntse a re tjhuku-tjhuku, tjhuku-tjhuku, a eketsa lebelo ha Hope yena a ntse a matha. Josh a lokolla kgwele hanyane feela hore e thatolohe tjhupung ya khateboto eo a neng a e tshwere. Hanghang khaete ya fofa! Ya phaphalla moyeng ka hodima dihlooho tsa bona.

Josh le Hope ba matha ka lebelo ba feta Neo ya neng a le ka pela ntlo yabo a bapala le Bella. O ne a rwetse katiba ya diphaerete e ntsweng ka koranta mme a ena le lerumo la khateboto. Bella o ne a rwetse katiba ya moloi.

“Ha o phaerete e lokileng!” ha rialo Bella, a tsoka thupa ya hae ya mehlolo.

“Hobu! Hobu!” ha bohola Noodle, empa Neo o ne a sa mamela Noodle kapa Bella. Neo o ne a shebile Josh le Hope ba etla tselaneng e ka thoko ka lebelo le leholo. Yaba Bella le yena o lebala ka papadi ya bona mme le yena a shebella Josh le Hope!

“Na re ka tla le lona?” ha botsa Neo.

“Ee, tlohong! Re ilo fofisa Sefofelamarung!” ha rialo Josh a ba feta.

“Tloo, Bella, ha re yeng!” ha rialo Neo.

“Tloo, Noodle,” ha rialo Bella.

“Hobu! Hobu!” Noodle a bohola.

Yaba Hope le Neo le Bella le Noodle ba matha ba kolokile ka mora Josh, ba ntse ba re Tjhuku-tjhuku! le hobu! hobu! pela tsela.

Ha ba fihla thoteng haufi le matlo a mang, Josh a lokolla kgwele e nngwe mme Sefofelamarung sa fofela hodimo moyeng. Sa nna sa ya hodimo. Sa phaphalla hantle butle hodima marulelo a matlo le difate ho ya lehodimong le bolou. Josh le Hope le Neo le Bella ba shebella khaete mme ba lakatsa eka le bona ba ka be ba fofa le yona ho ya hodimo marung.

“Hobu! Hobu!” Noodle a bohola haholo. Le yena o ne a shebile hodimo khaeteng.

“Neo, o batla ho leka ho fofisa khaete le wena?” ha botsa Josh.

“Eya hle!” ha rialo Neo, yaba o nka tjhupu ya khateboto ya kgwele ho Josh. Empa moya o ne o le mongata kahoo Sefofelamarung sa hula ka thata, mme Neo a diha tjhupu ya khateboto. Ya pitika fatshe e potoloha jwaloka ntho e hlaha e phelang mme ya nna ya thatolla kgwele ho ya pele, e le hore khaete e nne e nyolohele hodimodimo. E se kgale e ne e shebahala jwalo ka letheba le lenyenyane mane hodimo marung.

Noodle a hata hodima kgwele! A e tshwara ka thata ka meno a hae le ka tlasa maoto a ka pele hore e se ke ya potoloha. Yaba o tlolela hodimo ka maoto a hae mangweleng a Josh mme a fa Josh tjhupu. Qetellong, Sefofelamarung sa emisa ho fofela kwana mme sa ema moo se leng teng, ka mohatla wa sona o kganyang o ntse o eya kwana le kwana hodimo mane ka tlasa sona.

“Noodle, o pholositse khaete ya rona!” ha rialo Josh. Noodle a tsoka mohatla.

“Noodle, ke wena ya tsebang ho tshwara khaete ho feta bohle!” ha rialo Hope. Noodle a tsoka mohatla.

“Noodle, o ntjanyana e bohlale ruri!” ha rialo Bella. Noodle a tsoka mohatla.

Josh a harela khaete ya hae. A harela kgwele ka thata haholo rolong ya khateboto ho fihlela Sefofelamarung se dutse hodima hae kamora ho sibolla sepakapaka ho ya marung. Hope a fetola setulo sa mabidi, mme kaofela ha bona ba kgutlela lapeng ba ntse ba re tjhuku-tjhuku! hobu! hobu!

Ha Josh a robetse betheng bosiung boo, a nahana ka monate oo a bileng le ona ka khaete ya hae le kamoo a batlileng a lahlehelwa ke yona ka teng. “Ka lehlohonolo ke na le metswalle ya sebele lefatsheng lohle!” a rialo a fehelwa a tutubala.

Eba le boiqapelo!

* E re bana ba hao ba rale dikhaete tseo e leng tsa bona. Ba botse dipotso tse tla ba thusa ho qala – ho etsa mohlala: O tla etsa khaete ya hao ka sebopeho sefe? O ka sebedisa matheriale ofe ho e etsa? O ka e kgabisa jwang? 
* Natefelwa mmoho le bana ba hao ka ho butswela dibalunu mme le di tlohele di fofe. (Le se ke la tlama lefito qetellong ya balunu e butswetsweng.) Shebang kamoo di fofang hohle sebakeng ha moya o tswa ho tsona!
* Paleng, Neo o rwala katiba e entsweng ka dikoranta. Efa bana ba hao dikoranta, selotheipi, dikere le kgwele mme o ba phephetse ho etsa ntho e itseng ba sebedisa dintho tseo.