Ntho e Kgethehileng
Home | Written stories | Multilingual stories | Ntho e Kgethehileng

Written stories

Ntho e Kgethehileng

Author

E ngotswe ke Jacqui Lange

Illustrator

Ditshwantsho ka Julie Smith-Belton

“Kip-kip-ki-i-ip! Kenang baratuwa ba ka!”

Bosiu bo bong le bo bong, nkgono wa Jasmien o ne a bitsa dikgoho tsa hae ho kena ka hokong, mme a di kwalle hore di bolokehe mme di se ke tsa jewa ke diphoofolo tse lapileng.

Mme hoseng ho hong le ho hong, Jasmien o ne a ntsha dikgoho mme a bokelle mahe ao di a behetseng. Eo e ne e le karolo eo a e ratang ya letsatsi.

Dikgoho tsa Nkgono di ne di le ka mefuta e fapaneng le boholo bo fapaneng, empa Jasmien o ne a rata e le nngwe ho feta tse ding kaofela. Lady e ne e le kgoho e maroboko. E ne ena le masiba a ikgarileng hloohong le setono se qhalakaneng. Ha Jasmine a ne a fa dikgoho dijo, o ne a etsa bonnete ba hore o qala ka Lady pele.

Ka letsatsi le leng, Lady a nyamela.

Jasmien a batla hohle, empa Lady o ne a ile.

“Mohlomong o jelwe ke lenong,” Eddie a rialo. “Kapa letodi?”

Jasmien o ne a sa batle ho nahana ka seo.

 

“Lady, o kgoho ya ka e kgethehileng,” Jasmien o ne a rialo.

“Ha o a tlameha ho ba le tseo o di ratang ho feta tse ding,” Nkgono a mo omanya. “Kgoho e nngwe le e nngwe e kgethehile ka tsela ya yona.”

Empa Jasmien o ne a sa iketse. O ne a rata Lady ho feta tse ding tsohle.  

 

Dibeke tse tharo tse telele tsa feta Lady a sa bonahale.

Ho fihlela hoseng hoo ka hona Jasmien a ileng ho ya ntshetsa dikgoho ka ntle.

A utlwa modumo wa koo-koo.

E ne e le Lady, a ena le ditsuonyana tse tsheletseng tse boya bo bonolo di ntse di mo latela!

“Koo-kookoo,” ha rialo Nkgono. “O bohlale, Lady, o ne o ipatile hore o fuame mahe a hao!”

Jwale Jasmien a ba le tse kgethehileng tse ngata.

Mehopolo eo le ka buang ka yona

Lady o ne a kgethehile ho Jasmien. Ke eng kapa ke mang ya kgethehileng ho wena? Hobaneng o kgethehile? Na ka dinako tse ding o ikutlwa o kgethehile mme ka dinako tse ding o sa kgetheha? Hobaneng?

Setshwantsho

Sheba ka hloko setshwantshong se maqepheng a mabedi a qalang a pale. Ke tse kae tsa tse latelang tseo o ka di fumanang:

  •  dikgoho
  •  mahe
  •  diroto
  •  difenstere
  • mamati
  •  ditjhomela

Ho bala

Etsa patlo ya mantswe! Fumana mantswe ana paleng ebe o fumana hore le leng le le leng la wona le hlalosang: bohlale, matsetlela, boya bo bongata, lapile, telele, matheba.

Ho ngola

Taka setshwantsho sa Lady le ditsuonyana tsa hae tse tsheletseng. Reha tsuonyana e nngwe le e nngwe lebitso. Ngola lebitso ka leng tlasa setshwantsho sa tsuonyana e nngwe le e nngwe kapa kopa motho e mong ho o ngolla wona.

Mosebetsi wa matsoho

Taka sheipi ya lehe khatebotong kapa pampiring e tshweu, ebe o e seha le ho e ntsha. (Kopa motho e moholo ho o thusa haeba ho hlokeha.) Kgabisa lehe la hao ka ho taka dipaterone tse fapaneng kapa ho penta ho yona.

Tshebetso

Ke ditsela tse kae tseo o ka bitsang mantswe a modumo ana a paleng, koo-kookoo le koo-koo? Na o ka a bitsa jwalo ka kgoho e kgolo le hape jwalo ka tsuonyana? Bala pale ka lentswe le phahameng o bitsa mantswe ana ka ditsela tse tsamaellanang le diketsahalo tse paleng. Kapa, kopa motho e mong ho o balla pale ena, ebe o a kenya ha ba bitsa mantswe ana a medumo.