Ke eng hoo?

Written stories

Try our growing collection of stories to print out or read aloud at home with the whole family.

Ke eng hoo?

Author

Pale ka Baeletsi Tsatsi

Illustrator

Dipapiso ka Rico

Kajeno ke letsatsi la pele la matsatsi a phomolo a sekolo! Hape ke letsatsi la mmaraka, ebile Mme wa Afrika o isa Afrika le Dintle mmarakeng ho ya reka dibapadiswa kapa dijo tse monate. “Ho na le boemo bo le bong feela pele o ka fumana sebapadiswa kapa dijo tse monate,” Mme wa Afrika o realo, a bososela. “O tlameha ho tseba lebitso la sona ka Sesotho le ka senyesemane!” Afrika o batla sebapadiswa sa sefehlakamoya se senyane, se mebalabala seo a se boneng mmarakeng nakong e fetileng ha ne ba le moo. Se mo hopotsa  ka sefehlakamoya seo ba dulang ba se bona mapolasing a haufi. “Bona kamoo se leng mebalabala! O se bona o sa le hole,” ho realo Dintle, a supa sefehlakamoya ba le tseleng ho ya tekesing.

 

                                                                                                            

 

Afrika o tseba sebapadiswa seo a se batlang empa ha a so tsebe lebitso la sona ka Sesotho. Morero wa hae ke ho botsa bohle bao a kopanang le bona hore na ba tseba lentswe la Sesotho. “Dumela, Malome,” Afrika o dumedisa mokganni wa tekesi ha a hlwella setulong se ka pele. Ha ba le tseleng e yang mmarakeng, Afrika o bona sefehlakamoya seo a se ratang se boputswa ba lehodimo polasing e haufi mme a se supa. “Malome, ntho eo e bitswa eng?” a botsa. “Ke windmill, moshanyana wa ka?” mokganni o botsa, a tsheha.

                                                                                                                       

 

“Ke re, e bitswa eng ka sesotho?” Afrika wa hweshetsa. “I-windmill yi-windmill,” ho realo mokganni, a phahamisa modumo wa seyalemoya sa tekesi. Ena ha se karabo eo Afrika a e hlokang. Ha ba fihla mmarakeng, Afrika o bona motswalle wa hae Maduo a na le mmae. Ka lentswe le kgutsitseng, o botsa mma Maduo, “Lentswe la windmill ka Sesotho ke lefe?”

“Ke windy milly,” ho realo mme wa Maduo. Afrika ha a nahane hore ke lebitso la sebele la Sesotho la sefehlakamoya, empa o leboha mme wa Maduo pele a kgutlela ho ba lelapa la hae hape. Mme wa Afrika o isa bana lebenkeleng la ditholwana. Diapole tse kgubedu di benya haholo. “O ka rata diapole?” Ho botsa Mme. “Tjhee, ke a leboha,” ho realo Afrika.

                                                                                                                        

Ha ba le tseleng ho ya reka meroho, ba bona ditshwantsho tse betlilweng tsa lehong tse sootho tsa batho le diphoofolo. “Mme, bona Nkgono,” Dintle o bua a nyakalletse, a supa seemahale sa mosadimoholo. “Na o ka rata seemahale, Afrika?” Ho botsa Mme. “Tjhee, ke a leboha,” ho realo Afrika, a bososela mme a sisinya hlooho. Afrika o ya ho bua le mosadi ya dutseng pela diemahale tse betlilweng. “Dumela, Mme, na o ka etsa e nngwe ya tseo?” Afrika a botsa, a supile sefehlakamoya se botsho le bosweu se hojana. “Nka etsa ntho leha e le efe kapa efe ka lehong, moshanyana wa ka,” o araba a le motlotlo.

                                                                                                                       

“Eke!” Afrika o a inahana mme a etsa motjeko hanyane. “Ke kopa o mpolelle hore na hoo ho bitswa eng ka sesotho?” wa botsa. “Atjhe, bana ba matsatsi ana! Dipotso tsa bona,” mosadi eo o bua ntle le ho araba. Ha Afrika, mme wa hae le Dintle ba ntse ba tsamaya mmarakeng, ba bona moshanyana e mong a ntse a bapala ka sebapadiswa sa koloi ya masenke. Mabidi a entswe ka dikwahelwana tsa dibotlolo tse sebediswang hape. “A o ka rata koloi ya sebapadiswa, Afrika?” Mme o a botsa. “Tjhe, ke a leboha,” ho realo Afrika. Yaba Afrika oa se bona! Sefehlakamoya se senyenyane se le hodima tafole, mme mahare a sona a mebalabala a ntse a reteleha ha moya o foka. “Ke ntho e ntle,” Mme o realo ho Afrika, le yena a kgahlwa ke sefehlakamoya. “Ehlile ke sona seo ke se batlang,” Afrika a realo mme a mathela ho ya tafoleng.

 

                                                                                                     

“Ho lokile, empa o tseba tumellano ya rona,” Mme o realo a mo setse morao. Afrika o elellwa hore ha a eso tsebe lentswe la windmill ka sesotho. “Dumela, Mme,” Afrika o dumedisa morekisi. “Dibapadiswa tsa hao kaofela di ntle!” “Kea leboha! Re di etsa ka thepa e sebediswang hape,” ho realo mosadi a fa Afrika sefehlakamoya seo a le shebileng. “Empa ntho ye ke eng?” Mme wa Afrika o botsa, a shebile Afrika. “Ke sefefo sa moea. Na o batla ho hong hape?” ha realo mosadi, a nahana hore Mme wa Afrika o bua le yena. Pososelo e kgolo e kgantsha sefahleho sa Afrika. “Na nka fuwa ena, ka kopo?” a bolela. “Ena ke eng?” Mme wa Afrika o a botsa, ha a ntse a lefella sefehlakamoya. “Sona sefefo sa moea sena,” Afrika o bua ka tlholo. Jwale o tshwara sefehlakamoya ka hodima hlooho ya hae jwalo ka mohope mme o shebelletse lehare la lona ha le ntse le potoloha moyeng. Eo e ne e le tsela e bohlale haholo ya ho ithuta lentswe le letjha, na ha ho jwalo, Dintle!” o bua a thabile.

Eba mahlahahlaha ka pale!

  • Ka mora ho bala pale hammoho, buisanang ka se etsahetseng paleng. Botsa dipotso tse fatang maikutlo ho kgothaletsa bana ba hao ho nahana le ho bua ka dikgopolo tse amanang le pale, ka mohlala, “O ratile karolo efe ka ho fetisisa paleng ee?”
  • Haeba o ena le bana ba baholwanyane, ba kgothalletse ho fumana hore na ‘sefehlakamoya’ ke eng bonyane ka dipuo tse ding tse pedi.
  • Taka setshwantsho sa sebapadiswa seo o se ratang kapa sejo seo o se ratang haholo.
  •  Etsa lenane la dibapadiswa le dijo tse monate tse 10 tseo o di ratang ka puo ya heno. Jwale fumana mme o ngole mabitso a dibapadiswa le dijo tseo bonyane ka puo e nngwe
  • Hammoho le ba lelapa la hao, etsa sebapadiswa sa sefehlakamoya o sebedisa dithupa, boya kapa kgwele, pampiri le sekgomaretsi.