Katse le lephele
Home | Written stories | Multilingual stories | Katse le lephele

Written stories

Try our growing collection of stories to print out or read aloud at home with the whole family.

Katse le lephele

Author

Ka Yolanda Banze

Illustrator

Ditshwantsho ka Chantelle le Burgen Thorne

Lephelenyana le lesoothwana le bowatla le kile la dula ntlong e le nngwe le lelapa le leng hammoho le katse ya lelapa leo. Lephelenyana leo le lesoothwana le bowatla, jwalo ka lelapa lohle labo la maphele, le ne le rata ho ja. Maphele ha a je letsatsi le leng le le leng, empa ntlong ena ho ne ho behwa makumane a dijo tse hlabosang haholo bakeng sa katse – makumane ao lephelenyana leo le lesoothwana le bowatla le neng le ke ke la kgona ho iphapanyetsa ona! Manakana a lona a malelele a ne a dula a leba kwana le kwana ha le utlwa monko wa dijo tse dutlisang mathe o neng o tswa ka kitjhineng moo katse le yona e neng e jella teng. Ba lelapa la lephelenyana le lesoothwana le bowatla ba fana ka temoso: “Se ke wa ya ka kitjhineng bosiu bo bong le bo bong wena. Ba tla o fumana mme ba o bolaye!” Empa le ne le phela bophelo bo monate haholo mme la se ke la mamela ditemoso. Le ne le thabela dijo tse ngata tse dutlisang mathe tse fumanehang sekotlolong sa katse. Bosiu bo bong le bo bong, katse e ne e rata ho itshiela seneke sa hara mpa ya bosiu, empa ntho e makatsang ke hore ha e fihla sekotlolong sa yona, e ne e fumana se re o ne o nnehile eng. “Atjhe, ho a makatsa kannete,” ke katse eo ka pelong. “Ke tweba feela eo bosiu bo bong le bo bong e ka jang seneke sa ka sa hara mpa ya bosiu.” Ka hoo, ya kututsa hohle ka tlung ho batlana le tweba. 

Ha katse e ntse e batlana le tweba ya leshodu bosiu bo bong le bo bong, lephelenyana le lesoothwana le bowatla le ne le ipolaya ka ditsheho. “Katse e nahana hore e bohlale,” lephelenyana le lesoothwana le bowatla la tsheha ha le emetse hore katse e be e kgathale matla. Ka bosiu bo bong, lephelenyana le lesoothwana le bowatla la hlokomela hore katse e itshietse dijonyana le lebese bakeng sa hammamorao, yaba mpa ya lona e qala ho korotla. Manakana a lona a ya kwana le kwana ha le ntse le emetse hore katse e yo robala. La shebella ha kgwedi e tsamaya butle ho fihlela e sirela fensetereng. “Ako robale hle, se ka dieha tjena! Ke shwele ke tlala nna,” ha tletleba lephelenyana le lesoothwana le bowatla ho fihlela qetellong katse a ya le sephume sa boroko. Nakong ena yohle, katse e ne e hloname haholo hobane e ne e sa fumane tweba ena ya leshodu. Ha e le hantle, e ne e sa utlwe le monko wa yona feela. “Ke tla ba wa mang ha ba lelapa ba ka fumana hore ho na le tweba? Ba tlo nahana hore ke se ke le leqheku hoo ke sitwang ho lelekisa tweba kapa hona ho e fofonela! Ba ka nna ba qala ho nahana hore ba mpe ba fumane katse e nngwe e nyenyane,” ya nahana jwalo ka pelo e bohloko.

Ka bosiu bo bong, lephelenyana le lesoothwana le bowatla la nyonyobela ka kitjhining hape. “Kannete dikatse ha di bohlale hakaalo,” la hopola jwalo ha le ntse le ja tse ding tsa dijo tse setseng sekotlolong sa katse. Empa ka tshohanyetso lebone la ka kitjhineng la laeta, la latelwa ke sello se tshosang ka ho fetisisa, se hlabang ditsebe nako e telele! Sello seo se ne se phahame se bile se hlaba ditsebe hoo se ileng sa ferekanya lephelenyana le lesoothwana le bowatla hoo le sa kang la tseba hore na le mathele hokae. Sello seo e ne e le sa mofumahadi ya dulang ntlong eo. O ile a tswela pele a entse lerata mme a tlalatlala kitjhine a ntse a qothomaka le ho tlolaka, nako ena kaofela a ntse a fosa hanyenyane lephelenyana le lesoothwana le bowatla le neng le mathela kwana le kwana ka lebelo le leholo. Lerata lena le tshosang le ile la etsa hore katse e hlahe ka lebelo khoneng ho tla lelekisa se lelekiswang. Sena sa fa mme enwa monyetla wa ho nanabela lekotikoti le leholo le lefubedu la senyanyatsi. Lephelenyana le lesoothwana le bowatla la fola katse, le thabetse hore ho bonahala eka mofumahadi enwa o tetse, athe ha le hlokomele kotsi eo le leng ho yona. Mofumahadi enwa a le korola mme a nyanyatsa, katse ya thimola, mme lephelenyana le lesoothwana le bowatla la qala ho bona dinaledi le ho tshwarwa ke modikwadikwane.

“Jonna we, lerata lena le tla ntabola hlooho,” ha rialo lephelenyana le lesoothwana le bowatla ka pelong, “ebile ha ke bone hantle ka mokgwa oo hlooho ya ka e bidikang kateng. Owe, ke hobaneng ha ke ile ka utswa dijo tsa katse? Ebe ke ne ke kenwe ke eng ha ke hana ho mamela ba lelapa leso?” la peteketsa jwalo pele le akgeha. Mofumahadi enwa a nka lefielo mme a fiela lephelenyana le lesoothwana le bowatla katse e ntse e mo shebeletse. “O se ke be wa hlola o pheta o le beha mona wena lephelenyana towe le lesoothwana le bowatla! O tlo ko leke feela o tla ntseba, ke o katile” ha rialo katse ha mofumahadi enwa a lahlela lephelenyana le lesoothwana le bowatla ka ntle bosiu. Ke ka lona lebaka leo ka le hodimo lena, lephelenyana le lesoothwana le bowatla le dulang ka ntle, hole le dikatse le makotikoti a dinyanyatsi le bafumahadi ba llang ka mantswe a hlabang. Empa ka dinako tse ding monko wa dijo tse dutlisang mathe o ba matla hoo lephelenyana le lesoothwana le bowatla le hlolehang ho ithiba ebe le mathela ka tlung bakeng sa moketjana hara mpa ya bosiu ha ho le lefifi la bonkantjana

Eba mahlahahlaha ka pale! 

  •   O ikutlwa jwang ha o bona lephele ka tlung heno? Taka setshwantsho sa hao ha o bona lephele. 
  •   Nahana lephele le batla ho kopa tshwarelo ho katse bakeng sa ho utswa dijo tsa hae. Ngola lengolo leo lephele a le romelang katse. 
  •   Iketse eka ke wena mme wa ntlo. Bontsha hore na o ile a qothomaka le ho tlolaka jwang ha a bona lephele. 
  •   Sebedisa letsopa kapa hlama ya ho bapala ho bopa katse le lephele.