Monwang le lephele
Home | Written stories | Multilingual stories | Monwang le lephele

Written stories

Try our growing collection of stories to print out or read aloud at home with the whole family.

Monwang le lephele

Author

Ka Madikapi Pulane Mahlasela

Illustrator

Ditshwantsho ka Magriet Brink le Leo Daly

Ka bosiu bo bong ba lehlabula le tjhesang, lephele o ne a itsamaela ka boiketlo tafoleng. O ne a ntse a itjella makumane a bohobe a foforetsweng tafoleng ke ba lelapa, bao ka nako ena ba neng ba ile le sephume sa boroko dibetheng tsa bona. Yaba o utlwa modumo. Bzzzz, bzzzz! “Ke eng hoo?” ha botsa lephele. A qamaka empa a se ke a bona letho. Yaba o utlwa modumo oo hape. Bzzzz, bzzzz! “Ke mang ya etsang modumo oo o hlohlontshang ditsebe?” ha hweshetsa lephele. “Ke nna monwang,” lentswe la arabela. “Wena o mang? Hona ke hobaneng ha o buela tlase hakale?” Lephele a qamaka. A ntano botsa, “Athe o hokae? O tlameha o le monyenyane haholo hobane ha ke o bone.

Ke tshepa hore o wa tseba hore mona seeta ho lla sa ka.” Monwang a tsorama tafoleng haufi le lephele. “O reng na, seeta ho lla sa hao?” ha rialo monwang ka ho phoqa hohle. Lephele a se ke a rata sena ho hang. “Ke re seeta ho lla sa ka mona. Haeba batho ba mphumana ke ja dijo tsa bona, ha ba sa di ja. E se e ba tsa ka, e leng sesupo sa hore ba a ntlhompha ebile ba a ntshaba,” ha rialo lephele ka makoko a maholo.

Yaba o furalla monwang mme o leba sinking moo ho nang le dijana tse ditshila mme a qala ho itshetla ka masalla a dipoleiting. Nako ena yohle monwang o ne a shebile lephele ka hloko. Yaba o fofela haufi le hlooho ya lephele a ntse a hlodiana ka modumo wa hae. “Jwale haeba seeta ho lla sa hao, molato wa ho ja dijo tsa bona tse setseng ke ofe?” ha botsa monwang. Lephele a foka leoto la hae le ka pele moo le lekang ho leleka monwang, empa monwang wa tswela pele ho hlodiana pela lephele. Qetellong lephele la re, “Ako kgaotse ho etsa lerata lena le hlohlontshang ditsebe wena. Ha batho ba ka re fumana, ba tla re phetshelela kwana ka bobedi ba rona.” “Ha ke tshabe batho nna ke o jwetse!” ha araba monwang.

                                                                                                                                                                       

“Ke a ba loma ebe ke momorotsa madi a bona. Ha ba leka ho mphetshela, ke a fola le ho thinya ke ntano nyamela. Moo ba reng ba phuthulla mmele, ke nna le bona hape! Modumo oo ke o etsang o a ba hlantsha. Ba ikgurumetsa ka dikobo le ha ho tjhesa. Athe ha ke ba lomme teng, ke ba sia ka lekgopho le hlohlonang haholo.” Ka mora ho rialo, monwang a ipolaya ka ditsheho. Ka tshohanyetso motho a laeta ka kitjhining. Monna a leba sinking ya kitjhini mme a tlatsa kgalase ka metsi a pompo. Lephele a ipetsa ho ya ipata lepetsong le ka mora lemati.

Monwang yena ha se ke ha re teke! ho yena. A etsa lerata la hae le hlodianang, a ntse a fofela kwana le kwana ho potapota monna ya ntseng a nwa metsi. Qalong, monna enwa a leka ho foka letsoho ho leleka monwang. Empa monwang wa itswella pele o ntse o hlodiana haufi le hlooho ya hae. Monna enwa a teneha haholo ho fihlela a tlalatlala ka kitjhining a ntse a foka silipara sa hae moyeng. Empa monwang a leba kwana le kwana haufi le hlooho ya hae a kgobile matshwafo, a ntse a etsa modumo wa hae o hlabang ditsebe. Qetellong monna enwa a tela, a tima lebone mme a kgutlela betheng.

“Ke nahana hore ke mpe ke ipate nako e teletsana mona,” ke lephele eo a buela ka pelong. “Ha ke tsebe hore na monwang o ile kae ebile ha ke tsebe hore na ho sireletsehile ho tswela kantle.” Mme o ne a nepile ka ho dula a ipatile hobane monwang o ne o fofetse ka kamoreng ya bana mme o hlodiana hodima dihlooho tsa bona. “Ntate!” ha hweletse e mong wa bana. “Ho na le monwang ka kamoreng ya rona. Re kopa o tlo re thusa.” Sena sa tsosa lelapa kaofela, mme e se kgale e mong le e mong o ne a tsomana le monwang ka kamoreng e nngwe le e nngwe ka mesamo le disilipara, ba batla ho phetshela monwang oo. Empa neng le neng ha motho a bona monwang, o ne o tswapela le ho thinya ebe o a nyamela. Sena sa etsahala nakwana e telele ho fihlela qetellong batho ba tela. Ba kgutlela betheng mme ba ikgurumetsa ka dikobo, le hoja ho ne ho tjhesa haholo bakeng sa hore ba ikgurumetse.

 

                                                                                                                                                                                 

Ha monwang a kgutlela ka kitjhining, lephele a tswa moo a ipatileng teng. “Kgele! Ruri ke hloletswe,” a rialo ho monwang. “O thulantse batho bana kaofela ka dihlooho moo ba lekang ho o tshwara, empa kaofela ba hlolehile.” “Ke o boleletse akere hore nna ha ho na motho eo ke mo tshabang. Jwale mpolelle he, o nahana hore ha e le hantle seeta ho lla sa mang moo?” ha botsa monwang.

“Ho hlakile hore seeta ho lla sa hao!” ha araba lephele. “O shebahala o le monyenyane haholo, empa o hlotse batho.” “Pelo ya ka e hlatswehile ha e le mona re dumellana tabeng ena,” ha rialo monwang ka makoko ohle. “Ho tloha hona jwale he, o ka mpitsa ha batho ba o kgathatsa.” “Ke tla etsa jwalo, ke leboha haholo,” ha araba lephele le se le bile le potlakela ho ya fumana makumane a mang a dijo. Ho tloha mohlang oo, lephele le monwang ya eba metswalle ya hlooho ya kgomo mme ba sebetsa mmoho ho tena batho ka hohle ka moo ba ka kgonang!

                                                                                                                                                                          

Eba mahlahahlaha ka pale!

  •  Nahana ka diphoofotswana tsohle tse tenang batho: menwang, dintsintsi, maphele le tse ding tseo o di tsebang. Ke efeng e tenang ka ho fetisisa? Hobaneng o nahana jwalo?
  •  Ngola thothokiso ka phoofotswana e le nngwe kapa ho feta ho tse boletsweng ka hodimo. Nahana hore na di shebahala jwang, di tsamaya jwang, modumo oo di o etsang le dintho tseo di di etsang tse tenang kapa tse tshosang batho.
  •  Iketsetse kokonyana! Taka kokonyana ya hao. Ngola hore na e kgolo hakae, e jang le hore na e etsa modumo ofe.