Tweba ya Mahaeng le Tweba ya Toropong | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Tweba ya Mahaeng le Tweba ya Toropong

Written stories

Tweba ya Mahaeng le Tweba ya Toropong

Author

E ngotswe ke Jacqui L’Ange

Illustrator

Ditshwantsho ka Patrick Latimer

Listen to the story here

Tweba ya Mahaeng a tla toropong ho tla batla diborele tse ntjha tsa mahlo. Tweba ya Toropong a mo kgahlanyetsa seteisheneng. “O amohetswe, motswala,” a rialo. “Ke thabela ho o bona,” ha rialo Tweba ya Mahaeng, le ha a ne a sa bone hantle hohang. A sheba hodimo, empa mahodimo a bolou a ne a ipatile kamora meaho e meputswa.

Tweba ya Mahaeng a rwala diborele tsa hae. “Difate kaofela di ile hokae?” a botsa. “Ke mang ya hlokang difate?” ha rialo Tweba ya Toropong. “Meaho e melelelehadi e melele haholo!” Tweba ya Mahaeng a kgohlela. “Ke batla ho ya hae.” “Ha ho letho le etsahalang mahaeng kwana,” Tweba ya Toropong a rialo. “Ha o jewe ke bodutu?” Tweba ya Mahaeng a tsheha. “Tloo o tlo iponela!”

 Ntho ya pele eo Tweba ya Toropong a ileng a e elellwa ke kgutso. Tweba ya Mahaeng o ne a dula tlase kutung ya sefate se batsi, ka tlasa lehodimo le nammeng le bolou. “Mamela feela,” a rialo. A utlwa ho shwahlatsa le ho duma le ho ngwapa-ngwapa. “Dinonyana di arolelana menokotshwai le rona,” ha rialo Tweba ya Mahaeng.

“Mme dinotshi di arolelana kgekge le rona. Bophelo bo monate!” Sebopuwa se benyang se tjhitja sa hlahella, se theta bolo ka pela sona ka menoto ya sona e mesesane. “Kgolabolokwe e hlwekisa dintho.” “Kharakhale yena o etsa eng” “O a re ja,” ha rialo Tweba ya Mahaeng. “Baleha!”

 Ho ne ho lekane bakeng sa Tweba ya Toropong. “Nka mpa ka dula ke qoba sephethephethe ho ena le katse e hlaha e tshosang!” Tweba ya Mahaeng o ne a dula lapeng la hae mahaeng, moo a neng a natefelwa ke kgotso le kgutso. Hang o ne a etsa mabaka toropong. Empa ha a ne a eya moo, o ne a etsa bonnete ba hore Tweba ya Toropong o teng ho mo sireletsa.

Tweba ya Toropong a kgutlela bodulong ba hae toropong. Ha ho ne ho eba lerata haholo, esita le ho yena, o ne a tsamaya ho ya dula le motswala wa hae bakeng sa matsatsi a phomolo. Ho bonahala eka re rata dibaka tseo re di tsebang haholo. Ke eng seo o se ratang ka sebaka seo o dulang ho sona?

 

Monate wa Nal’ibali

Mehopolo eo le ka buang ka yona

Na o na le bomotswala? Ba dula hokae? Na o ka kgetha ho dula mahaeng kapa toropong e kgolo? Hobaneng? Maemo a bophelo a metseng le ditoropong tse kgolo a fapane jwang?

Setshwantsho O dula ho kae? Taka setshwantsho sa ntlo ya heno le sebaka se e potileng.

Ho bala

Shebisisa setshwantsho hantle. Bala mongolo o maqepheng ana hape ebe o fumana e nngwe le e nngwe ya diphoofolo kapa dintho tse setshwantshong.

Ho ngola

Na ntlo ya heno ke sebaka seo e leng thatohatsi ya hao? Kapa na ke sebakeng se seng se sele? Ngola lenane la mabaka ao ka wona o kgethang sebaka sa thatohatsi sa hao.

Mosebetsi wa matsoho

Sebedisa lebokose la khatebote la boholo bo mahareng ho etsa ntlo ya tweba. Sebedisa mabokose a manyane (jwalo ka mabokosana a mollo), dikwahelo tsa dibotlolo le dimatheriale tse hlahisitsweng botjha ho etsa feneshara ya boholo ba tweba bakeng sa ntlo eo. O ka kgabisa feneshara ka dikotwana tsa masela kapa pampiri ya mebala. Qetellong, sebedisa hlama ya ho bapala kapa letsopa ho etsa ditweba tse tla dula ka tlung eo.

Tshebetso

Pheta pale ka ho sebedisa dibapadi tsa hao sebakeng sa Tweba ya Mahaeng le Tweba ya Toropong.