Tjhokolete ya Jeb
Home | Written stories | Multilingual stories | Tjhokolete ya Jeb

Written stories

Tjhokolete ya Jeb

Author

E ngotswe ke Lesley Beake

Illustrator

Ditshwantsho ka Tamsin Hinrichsen

Jeb o ne a le motjha. O ne a se na metswalle hohang. O ne a qetwa ke bodutu. O ne a tsamaya a hloname, a raha majwe.

O ne a ena le tjhokolete ka pokothong ya hae, empa e ne e sa thuse. O ne a ntse a ikutlwa a hloname.

O ne a ena le tjhokolete, empa a se na metswalle.

 

 

 Jeb a batla a thula ngwananyana e monyane. O ne a lla. ‘Eh … na nka o thusa?’ ‘Tjhe.’ Jeb a nahana motsotswana. ‘na o ka thabela tjhokolete?’ Ngwananyana eo a bososela. ‘Ke a leboha.’ Jeb le ngwananyana eo ba tsamaya mmoho. Ba batla ba kena ka hara ntwa! Bashemane ba babedi ba ne ba lwana. Jeb a nahana motsotswana. ‘Na le ka thabela tjhokolete?’ Bashemane bao ba tlohela ho lwana. ‘E!’

Jeb le ngwananyana le bashemane ba babedi ba tswela pele ho tsamaya. Ba batla ba thula mosadi e mong le ntja ya hae. Ntja ya tshoha haholo ha e bona Jeb le ngwananyana le bashemane ba babedi ba neng ba lwana, hoo e ileng ya baleha.

Ho ile ha nka nako e telele ho e tshwara. Mosadi eo o ne a tjhesa haholo a kgenne. ‘Na o ka thabela tjhokolete?’ Mosadi eo a bososela. “E! Ke a leboha!’ Jeb a mo fa sekotwana sa ho qetela sa tjhokolete. Ho ne ho se tjhokolete e mo saletseng. Empa o ne a ena le metswalle!

Mehopolo eo le ka buang ka yona

Ha Jeb a arolelana tjhokolete ya hae le batho ba bang, ba bile metswalle. A ka be a iketseditse metswalle e metjha ka ditsela dife tse ding? Setswalle se bolelang ho wena? Ke eng se etsang hore batho ba ikutlwe ba tshwerwe ke bodutu? Na o kile wa ikutlwa o tshwerwe ke bodutu?

Setshwantsho

Taka setshwantsho sa hao moo o ikutlwang o tshwerwe ke bodutu.

Ho bala

Eya leqepheng la mosebetsi mona:  Ngola palo lebokoseng ka leng ho beha ditshwantsho ka tlhahlamano. Fumana mongolo paleng e tsamayang le setshwantsho ka seng.

Ho ngola

Ngola lengolo la ho leboha le yang ho motho ya tlisitseng phapang bophelong ba hao ka ho ba mohau ho wena.

Mosebetsi wa matsoho

Sebedisa poleiti ya pampiri kapa ntsha sedikadikwe sa khateboto. Lehlakoreng le le leng taka sefahleho sa motho ya “jewang ke bodutu” lehlakoreng le leng, taka sefahleho sa motho ya “ikutlwang a thabile”.