Selalome sa kgwedi se silivera | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Selalome sa kgwedi se silivera

Written stories

Selalome sa kgwedi se silivera

Author

E ngotswe ke Jenny Robson

Illustrator

Ditshwantsho ka Samantha van Riet

Listen to the story here

Flossie, tweba ya thoteng, a matha hara jwang ka potlako kamoo maotwana a hae a neng a ka mo jara. “Eish! Eish!” a fehelwa, “Nkeke ka kgona ho fihla hae ka nako!”

 

Letsatsi le ne le se le dikela. Diriti tse lefifi di ne di le hohle pela hae. “Eish! Ese kgale e tla be e le bosiu. Mme selalome sa kgwedi se silivera se tla be se batlana le nna!”

 

Flossie o ne a tshaba selalome sa kgwedi. Hangata o ne a phofa ka sona. Empa jwale o ne a sa kgone ho matha ho feta moo. Maoto a hae a ne a le bohloko, mme ho opa ka sefubeng. O ne a hlile a kgathetse haholo. A emisa pela sefate sa kgale mme a itshunya hara metso ya sona. Na o ne a tla bolokeha moo?

 

“Dumela!” ha rialo lentswe le tebileng kaekae ka hodima hae.

 

Flossie a sheba hodimo mme a tsetsela ke ho tshoha. Ho ne ho ena le mahlo a mabedi a kgwidikwe a neng a mo tjametse. Mahlo a mabedi a maholo a benyang! Pelo ya Flossie ya otla ka matla le ka potlako kahara sefuba sa hae. Sebopuwa sefe kapa sefe se nang le mahlo a maholo tjena se tlamehile hore se be se le seholo haholo!

 

“O mang wena?” ha botsa Flossie ka lentswe le thothomelang. “Na o selalome sa kgwedi?”

 

Lentswe le tebileng la tsheha ka setsheho se makgerehla. “Tjhe, ha ke selalome. Ke mpa feela ke le mmoto. O ka mpitsa Maxwell.”

 

Mmoto!? Flossie o ne a sa kgolwe! Ke mmoto wa mofuta ofe o nang le mahlo a maholo hakana? “Na o mmoto o moholohadi?” a botsa

 

Maxwell a tsheha ka setsheho se makgerehla hape. “Hao! Ha se mahlo a ka ano,” a rialo. “Dintho tseo tse benyang tse kgwidikwe ke dipaterone feela mapheong a ka. Sheba mona!” Mme Maxwell a otlanya mapheo a hae hore Flossie a bone kamoo dipaterone tse kgwidikwe tse benyang di tsamayang: hodimo le tlase, hodimo le tlase.

 

Maxwell a theohela tlase lehlakoreng la sefate, a atamela pela tweba ya thoteng. Ho ne ho le monate ho bua le motho e mong. Ha se dibopuwa tse ngata tse neng di le ka ntle bosiu.

 

“A ko mpolelle,” a rialo. “Hantlentle o ne o tatetse hokae? Ke o bone o matha hara jwang mane ka lebelo kamoo maotwana a hao a neng a ka o dumella.”

 

“Ke ne ke leka ho ya fihla lapeng pele ho fifala,” ha rialo Flossie. “Empa ha ho sa na taba hona jwale. E se e le bosiu, mme heso e sa ntse e le hole hole kwana.” A qala ho lla meokgo ya twebanyana ya thoteng.

 

Maxwell o ne a sa utlwisise. “Hobaneng o batla ho ya hae?’ a botsa. “Hobaneng o batla ho kena ka tlung hona jwale? Hao! Bosiu ke nako e ntle ka ho fetisisa. O ka shebella kgwedi ha e hlaha kahodima dithaba. O ka bona jwang ha bo fetoha bo eba silivera. O ka utlwa moya o fokela tlase ka hara makala.”

 

Flossie a sisinya hlooho ya hae. “Tjhe, tjhe! Bosiu ke nako e mpe haholo. Bosiu ke nako eo ka yona selalome sa kgwedi se silivera se tswang ho ya tsoma.”

 

“Selalome sa kgwedi se silivera? Ha ke eso utlwele ka sona!” Maxwell a rialo.

 

Yaba Flossie o a hlalosa: selalome sa kgwedi se silivera se ne se fofa ka mapheo a silivera a neng a otloloha a eba sephara ho feta sefate. Se ne se fofa ho tswa kganyeng ya kgwedi, seriti sa sona se lefifi se fofa fatshe. Se ne se fofa se kgutsitse ha bohloko; se tsoma, se tsomana le ditwebanyana. Mme se ne se di tjhwabola ka dinala tsa sona tse bohale mme se ya le tsona hole ka hara lefifi – ka ho sa feleng!

 

Maxwell a sisinya hlooho mme a tsheha haholo ka lentswe le tebileng, le makgerehlwa. “Hao! Ha se selalome ! Ke sephoko feela. Ha se silivera hohang; se mmala o bosootho bo sa hlakang. Ke mang ya tshabang sephoko se tsofetseng se tenang?”

 

“Eish! Se ke wa tjho jwalo!” ha rialo Flossie a tshohile. “Mohlomong selalome sa kgwedi se silivera se tsomana le dimmoto hape!”

 

“Ha!” ha rialo Maxwell ka boitshepo. “Ke lakatsa ho mmona a leka seo!”

 

Hanghang, ha ba le ntho e tsamayang moyeng ka hodima bona. Flossie a sheba hodimo mme a bona sebopeho se seholo sa silivera se fofela tlase ho tswa kganyeng ya kgwedi. Mapheo a mabedi a maholo a silivera a ne a phatlaletse, a tlisa seriti se lefifi hodima metso ya sefate.

 

Flossie o ne a tshohile haholo ho ka sisinyeha. A kwala mahlwana a hae ka thata ha modumo o fofang o atamela … o ntse o atamela. O ne a tseba hore ho tlo etsahala eng kamora moo. Ditoro tsohle tsa hae tse tshosang di ne di tlo phethahala.

 

Hanghang ha ba le modumo o moholo, o nyarosang, mme mapheo a boya, a maholo a theoha. Yaba ho a kgutsa.

 

“O ka nna wa bula mahlo a hao jwale,” ha rialo Maxwell.

 

Flossie a bula mahlo a hae mme a bona sephoko se nyamella ka hodima difate.

 

 

“Ho etsahetse eng?” a botsa a maketse. “Hobaneng ha selalome sa kgwedi se fofetse kwana hole?”

 

Maxwell o ne a ithabetse haholo. “Ke dipaterone tsa mapheo a ka. Sephoko se nahanne hore ke mahlo – jwaloka wena feela. Mme jwaloka wena, se nahanne hore mang kapa mang ya nang le mahlo a maholo hakaalo e tlameha e be e le sebopuwa se seholohadi. Se ile sa tshoha, ke a o jwetsa! Na o ile wa utlwa kamoo se ileng sa etsa lerata ka teng?”

 

“Ke bohlale boo!” ha rialo Flossie.

 

“E, ke bohlale, ha ho jwalo?” Maxwell a dumela. “Jwale, ithoballe pela ka mona. O tla bolokeha ho fihlela hoseng ha letsatsi le tjhaba.”

 

Yaba Flossie o ikgara hara metso ya sefate. E se neng a be a kgalehile. Mme ha a ka a lora ka selalome sa kgwedi se silivera hohang. Le hanngwe.

* Sebedisa dirolo tsa pampiri ya ntlwana, pampiri, sekgomaretsi, dithutswana tsa meno le pente kappa dikerayone ho etsa mmoto. Seha dibopeho tsa mapheo a mmoto, di kenye mebala, mme ha di omme, di kgomaretse ho rolo ya pampiri ya ntlwana. Penta dithutswana tsa meno di be ntsho mme o di kgomaretse ho mmoto ho etsa manaka a ona.