Letatanyana le neng le sa rate pula
Home | Written stories | Multilingual stories | Letatanyana le neng le sa rate pula

Written stories

Letatanyana le neng le sa rate pula

Author

Ka Nosicelo Darly Dongwana

Illustrator

Ditshwantsho ka Jiggs Snaddon-Wood

Kgalekgale, ho ne ho na le mme letata mme o ne a na le matatanyana a tsheletseng, a mmala o mosehla. Ba ne ba dula ntlong e nyenyane polasing, empa matatanyana ana a hae a ne a qhotsitswe nakong ya lehlabula, ha ho ne ho tjhesa ebile pula e sa ne. Pula eo ba neng ba ka bapalla ho yona e ne e sa ne, ebile ho se na le diqanthana tsa metsi tseo ba ka itahlelang ka hara tsona. “E ka re pula e ka na,” ha rialo Mme Letata ho matatanyana a hae. “Ho monate ho bapalla puleng ke le jwetse. Ke a tseba hore le tlo rata pula. Matata kaofela a rata pula!”

 

Yaba lehlabula le a feta mme ho kena hwetla, mme qetellong pula ya qala ho na! Mme Letata a phaphama ha a utlwa marothodi a pula a otla marulelong. A bitsa matatanyana a hae mme a re, “Tloong le tlo bona pula!” O ne a thabile haholo mme ka potlako a bokella matatanyana a hae kaofela. Yaba a sala Mme Letata morao ho ya ka ntle puleng.

 

                              

Empa letatanyana le lenyenyane ka ho fetisisa la kgutlela ka tlung ka potlako. “Bothata keng ngwanaka?” ha botsa Mme Letata. “Tloo ka ntle o tlo utlwa monate wa pula.”

 

“A e, nna ha ke batle,” ha rialo letatanyana le lenyenyane ka ho fetisisa. “Nna ha ke rate pula. Ha ke rate ho koloba ebile pula e etsa hore masibanyana a ka a masehla a mmaname.”

 

Mme Letata a se ke a kgolwa seo a se utlwang. A uputsa mapheo a hae mme a re, “O kile wa utlwa kae letata le sa rateng pula? Ke tla tlameha ho loha leqheka.”

 

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Mme Letata a leba ha Mme Podi MaMbuzi, ya neng a e na le lebenkele polasing moo le rekisang ntho e nngwe le e nngwe. “MaMbuzi, letatanyana la ka le lenyenyane ka ho fetisisa ha a batle ho tswela ka ntle ha pula e na. O re ha a rate ho koloba. O kile wa utlwa kae letata le sa rateng pula? Re lokela ho loha leqheka!” ha rialo Mme Letata.

 

MaMbuzi a shwa ke ditsheho. “Ke hobane o sa le monyenyane mme o qala ho bona pula,” a rialo. Yaba MaMbuzi o sheba ka dikhaboteng tsa hae mme a fumana jasenyana ya pula, e mmala o moputswa. “Tshwara mona,” a rialo ho Mme Letata. “Mo fe jasenyana ena ya pula e putswa, hore a e apare nakong e tlang ha pula e boela e na.” Mme Letata a leboha MaMbuzi mme a leba hae a nkile jasenyana ya pula.

 

Matsatsinyana ka mora moo, pula ya boela ya na. Mme Letata a fa letatanyana la hae le lenyenyane ka ho fetisisa jasenyana ya pula hore a e apare. “A re tsweleng ka ntle he re lo thabela pula,” a rialo.

 

Matatanyana kaofela a sala Mme Letata morao a thabetse ho tswela ka ntle puleng. Empa ka mora nakonyana, Mme Letata a hlokomela hore letatanyana la hae le lenyenyane ka ho fetisisa ha a sa le yo. A mo sheba hohle mme qetellong a mo fumana a ituletse a le mong ka tlung. “Hobaneng o dutse moo o le mong? O se o e na le jasenyana ya pula, tloo ka ntle o tlo thabela pula,” ha rialo Mme Letata.

 

“A e, nna ha ke batle,” ha rialo letatanyana le lenyenyane ka ho fetisisa. “Nna ha ke rate pula. Maoto a ka a namathela seretseng.”

 

Jwale Mme Letata a ema hlooho tsi! “Matata kaofela a rata pula,” a rialo. “Ha a na taba le hore masiba a ba metsi kapa maoto a ba seretse! Ke lokela ho loha leqheka!”

 

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Mme Letata a kgutlela ho MaMbuzi ho ya kopa thuso. “MaMbuzi, letatanyana la ka le lenyenyane ka ho fetisisa o re ha a rate pula hobane maoto a hae a namathela seretseng. Ekaba nka etsang? Re lokela ho loha leqheka.”

 

MaMbuzi a boela a shwa ke ditsheho. “Ke hobane o sa le monyenyane mme maoto a hae a manyenyane haholo,” a rialo. Yaba MaMbuzi o sheba ka dishelefong tsa hae mme a fumana dikgohloponyana tsa pula, tse mmala o motala. “Tshwara mona,” a rialo ho Mme Letata. “Mo fe dikgohloponyana tsena tsa pula tse tala, hore a di rwale ha pula e boela e na.” Mme Letata a leboha MaMbuzi mme a leba hae a nkile dikgohloponyana tseo.

 

Ha pula e boela e na, Mme Letata a fa letatanyana la hae le lenyenyane ka ho fetisisa jasenyana ya pula hore a e apare le dikgohloponyana tsa pula hore a di rwale. “A re tsweleng ka ntle he re lo thabela pula,” a rialo.

 

Letatanyana le lenyenyane ka ho fetisisa o ne a thabile haholwanyane lekgetlong lena. Masiba a hae a ne a sa koloba ebile maoto a hae a ne a se seretse. Mme Letata a bososela mme a ikutlwa a imolohile haholo ha a bona matatanyana a hae kaofela a bapalla metsing.

 

Ha pula e emisa mme letsatsi le tjhaba, ha bonahala mookodi o moholo sepakapakeng. “Mme, bona,” ha rialo letatanyana le lenyenyane ka ho fetisisa a supa mookodi. “Ntho ela e mebalabala ke eng?”

 

                                                             

 

Mme Letata le matatanyana a mang kaofela ba sheba hodimo. Matatanyana ana kaofela ha ona a ne a makaletse ribone eo e ntle, e mebalabala eo a e bonang sepakapakeng.

“Ke mookodi,” ha rialo Mme Letata a bososela. “O hlaha ha pula e kgaotsa ho na mme letsatsi le tjhaba. Haeba le ka sheba hantle, le tla bona hore o na le mebala e supileng.”

 

“Kgele! Ke rata mookodi haholo. O na le mebala e tshwanang le ya jasenyana ya ka ya pula, dikgohloponyana tsa ka le masiba a ka,” ha rialo letatanyana le lenyenyane ka ho fetisisa a thabile haholo. Matatanyana a mang a mahlano a uputsa mapheo a ona ho bontsha hore a dumellana le yena.

 

Ha letsatsi le dikela mme mookodi o nyamela, Mme Letata le matatanyana a hae ba leba hae.

 

Ka mora letsatsi leo, letatanyana le lenyenyane ka ho fetisisa o ne a dula a tatetse hore pula e boele e ne a tle a bone mookodi o mong. Ha e le hantle, lekgetlo le latelang ha pula e na, o ne a thabetse ho bona mookodi hoo a ileng a lebala tu! ka ho apara jasenyana ya pula kapa hona ho rwala dikgohloponyana tsa pula.

 

Ha mookodi o hlaha, a re ho Mme Letata, “Ha ke sa na taba le haeba masiba a ka a koloba mme maoto a ka a ba seretse ha pula e na hobane ka mora pula, letsatsi le tlo tjhaba ebe ke bona ntho e ntle ka ho fetisisa lefatsheng, e leng mookodi o mong hape o mebalabala. Ke rata pula, empa mookodi ke o rata le ho feta!”

 

Mme Letata a thaba haholo, a ba a ikutlwa a imolohile. Jwale matatanyana a hae kaofela a ne a rata pula, ka tsela eo matata a lokeng ho e rata ka teng!

 

Eba mahlahahlaha ka pale!

Toroya setshwantsho se bontshang ntho eo o ratang ho e etsa ha pula e na. Ka tlasa setshwantsho seo, ngola polelo e hlalosang hore na se mabapi le eng.
Etsa lethathamo la dintho tseo o di ratang ha pula e na, le tseo o sa di rateng ha pula e na.
Na ho na le pina eo o e tsebang ka pula kapa mookodi? Iqapele pina kapa thothokiso ebe o e binela lelapa leno.