Palesa le Gracie e nnile ya ba metswalle ya hlooho ya kgomo ho tloha ha ba ne ba le dilemo di tharo. E ne e le baahisani, mme bomme ba bona le bona e ne e le metswalle. Ba siana ka kgwedi mme ba hodisitswe jwalo ka bana ba motho. Ba ne ba etsa ntho e nngwe le e nngwe hammoho. Ba kene sekolo se le seng mme ka mehla ba ne ba qetella ba le sehlopheng se le seng! Jwale ka letsatsi le leng ha banana bana ba se ba le baholwanyane, ha etsahala ntho e ileng ya ba utlwisa bohloko haholo. Gracie o ile a fihla habo Palesa a se kgitla. “Molato keng?” ha botsa Palesa, a tshwenyehile haholo ka motswalle wa hae
. “Ntate wa ka o fumane mosebetsi motsetoropong o mong mme lelapa leso le tlameha ho falla,” ha rialo Gracie a itshetse ka dikgapha. Banana bana ka bobedi ba lla habohloko. “Mme, ke kopa Gracie a sale le rona hle,” Palesa a kopa mme wa hae. “Mme, ke kopa re tsamaye le Palesa hle,” Gracie a kopa mme wa hae. Empa ka bomadimabe, sena se ne se sa kgonehe kaha e mong le e mong wa banana bana o ne a lokela ho dula le lelapa labo. Ha lelapa la bo Gracie le tla tsoha le tsamaya ka la hosasa, Palesa a nahana ka mpho e ikgethang eo a tla e fa motswalle wa hae.
E ne e le sepetja se nang le kgwetsa seo a se filweng ke nkgono wa hae dilemong tse fetileng. Mme ya neng a rekisetsa nkgono wa hae sepetja seo o ile a re o entse dipetja tse pedi feela tsa mofuta ona. Se seng se ne se na le kgwetsa ya letsatsi, athe se seng sona se ne se na le kgwetsa ya kgwedi. Nkgono wa Palesa o ile a kgetha letsatsi bakeng sa Palesa. Ha a fa Palesa sepetja seo, o ne a ile a re, “O kganya bophelong ba rona.” Ha nkgono wa Palesa a hlokahala, neng le neng ha Palesa a rwala sepetja seo, o ne a utlwa lerato la nkgono wa hae. E ne e le sa bohlokwa haholo ho yena.
“Ke batla ho fa Gracie sepetja sena,” ke Palesa eo a buela tlase a le mong. “Se tla mo hopotsa hore re tla dula re le metswalle ya hlooho ya kgomo.” Gracie o ile a ya sekolong se setjha, empa o ne a hlolohelwa motswalle wa hae haholo. Monyetla o mong le o mong ha o hlaha, banana bana ba babedi ba ne ba ngollana mangolo. Ka letsatsi le leng, Palesa a fumana sephuthelwana posong. Se ne se tswa ho Gracie. “Ke a ipotsa hore na se na le eng ka hare,” Palesa a rialo ha mme wa hae a mo fa sona.
Mme a re, “Se bule!” Palesa o ile a makala haholo ha ka hara sephuthelwana seo a fumana sepetja se tshwanang hantle le seo a se fileng Gracie. “Ebe ke hobaneng ha Gracie a kgutlisa sepetja sa ka?” Palesa a ipotsa a tshwenyehile a bile a hlabehile.
Empa ha Palesa a shebisisa sepetja seo, a bona hore sona se na le kgwetsa ya kgwedi. “Sena ke sepetja sane se seng seo Nkgono a ileng a mpolella ka sona!” Palesa a rialo ka pososelo e tletseng sefahleho. Jwale a boela a fumana molaetsa o tswang ho Gracie. Gracie o ne a itse: Ke fumane sepetja sena ntlong eso e ntjha. Ke ile ka leka ho se kgutlisetsa ho monga sona empa a re ke mpho eo a mphang yona. Ke se romela ho wena ho o hopotsa hore re tla dula re le metswalle ya hlooho ya kgomo.“Tjhehe, ona ke mohlolo wa mehlolo,” ha rialo Palesa ha a rwala sepetja seo.
Palesa o ne a tseba hore eo ke pontsho ya hore metswalle e tla dula e le metswalle, ho sa tsotellehe hore na e mong o dula hole hakae le e mong. E ne e ka ke letsatsi le kgwedi, e mong le e mong a fana ka kganya ka tsela ya hae e ikgethang.
Eba mahlahahlaha ka pale!
- Na o na le motswalle wa hlooho ya kgomo? O ratang ka motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo?
- Taka setshwantsho sa hao le motswalle
- O ka boela wa ngola le ho kgabisa lengolo le bontshang hore na o ananela motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo hakae. O ka qala lengolo la hao tjena, “Jabu ya ratehang, ke a leboha hore ebe o motswalle wa ka. Ke a o ananela hobane …”