Diphoofolo di na le sephiri
Home | Written stories | Multilingual stories | Diphoofolo di na le sephiri

Written stories

Try our growing collection of stories to print out or read aloud at home with the whole family.

Diphoofolo di na le sephiri

Author

Ka Mbali Nyabane

Illustrator

Ditshwantsho ka Jiggs Snaddon-Wood

Mehleng ya kgalekgale ho ne ho na le moshanyana e monyenyane ya bitswang Tshego. O ne a le bohelehele a bile a le botoutu. Tshego o ne a rata ho sibolla dibaka tse ntjha. O ne a botsa dipotso ka ntho e nngwe le e nngwe. “Mme, na diphoofolo di a utlwa? Mme, na diphoofolo di utlwisisa seo re se buang? Mme, na diphoofolo di ka bua? Mme, hobaneng dikatse di ngaola?” A hobella mme wa hae ka dipotso jwalo ho fihlela a mo bolella hore a ye ka ntle a lo bapala. Tshego a ya kantle mme a dula pela katse ya hae, Frisky. A sheba Frisky nako e telele, yaba Frisky le yena o mo sheba nako e telele. E ne e ka Frisky o na le seo a batlang ho se bua. “Frisky, ke lakatsa eka nna le wena re ka be re kgona ho qoqa” ha rialo Tshego. Empa Frisky a re feela ngao! mme a furalla Tshego. Tshego a hemela hodimo. A ipotsa hore na ho ne ho tla ba jwang haeba diphoofolo di ne di kgona ho bua. Jwale, ho e na le hore dintja di hobole, dikatse di ngaole mme dinonyana di tsweretse, di ne di tla kgona ho bua mme di bolele hantle hore na di batla eng. Tshego a keketeha ha a nahana ka sena mme a tseba hore le ka mohla seo se ka se etsahale. “Tshego?” Tshego a nyarohela hodimo ha a utlwa lebitso la hae, athe empa e le mme wa hae a eme monyako. O ne a rwetse katiba ya hae e mebalabala ya ha a lo qeta nako a le ka ntle. Yaba Tshego o a hopola hore ba ne ba ya khempong! “Tshego, na o pakile dintho tseo o di hlokang kaofela?” ha botsa Mme.

 

                                                                                                                                                                                                

 “Ee Mme, ke ile ka qeta ho di paka maobane bosiu,” Tshego a bososela. “Ha re ye he!” ha rialo mme wa hae. “Ntate wa hao ke yane o ntsa paka dintho tsa ho qetela ka koloing.” Tshego o ne a tseba hore khempong ho tlo ba monate haholo. O ne a le bohelehele ba ho ya tseba dintho tse ngata ka diphoofolo tse phelang haufi le moo ho khempuwang teng. Lelapa la kena ka koloing mme ha ba ntse ba tsamaya, Tshego a bala metsotso ho fihlela ba fihla moo ho khempuwang teng. Sebaka sena sa khempong se ne se le setle haholo. Se ne se potapotilwe ke difate, mme Tshego o ne a tatetse ho ya hlahloba sebaka sena se setjha. “Ntate, na ha o ntse o hloma tente nka ya rwalla patsi bakeng sa ho tla besa mollo?” ha botsa Tshego. “Ke leqheka le letle leo, empa o se ke be wa ya hole. Ha ke batle o lahlehe ka hara difate tse ngata tsena,” ha rialo Ntate

. “Ho lokile!” ke Tshego eo a hweletsa a se a ntse a matha ho ya rwalla patsi. Empa kaha Tshego o ne a le bohelehele a bile a le botoutu mokgwa hae, a kenella harehare morung le ho hlokomela a sa hlokomele. A sheba ka tlasa makgasi, ka mora matlapa le hodimo difateng ho bona diphoofolo tsohle tse phelang moo. Ha Tshego a se a bokeletse ngatana ya patsi, a sheba moo a leng hona teng mme a hlokomela hore … o lahlehile! Jwale difate di ne di se di tshwana kaofela, mme o ne a tseba hore a ke ke a tseba hore na tsela e lebang khempong ke efe. E se kgale ha qala ho fifala, mme kgwedi e ne e le siyo. Tshego a dula fatshe, a iphina sekolokoto mme a se kgitlela tlase.

                                                                                                                                                                                                   

Na ebe o sa tla hlola a fumana batswadi ba hae? Yaba Tshego o utlwa mantswe a ntse a hweshetsa haufinyane. A kgaotsa ho lla mme a qamaka. Ebe batswadi ba hae ba kgonne ho mo fumana? Empa e ne e se batswadi ba hae. Ka pela hae ho ne ho eme pere e ntle le sephooko se mahlo a ditolo. “Molato keng na moshanyana? O ntso llelang?” ha botsa sephooko. Tshego a se dumele seo a se utlwang. Na kannete sephooko se qeta ho bua le yena? “O … o kgona ho bua?” Tshego a kokotletsa. Sephooko sa qaboha. “Hantle haholo, re kgona ho bua. Jwale re bolelle hle hore na ke hobaneng ha o le mong lefifing le lekana.” “Ke ne ke tlo rwalla patsi yaba ke a lahleha,” ha rialo Tshego. “O tlameha o lapile,” ha rialo pere. Mala a Tshego a korotla ho bontsha hore o fela a lapile! “Ema mona ke lo o latela ntho eo o ka e jang.” Ka ho rialo, pere a torota ho ya e lata. Sephooko a sala a lotile Tshego. Pere a kgutla a nkile lekala le nang le diapole tse tenya, tse kgubedu. Ka ho lapa hohle Tshego a ja diapole tse pedi ya ba o ikutlwa a le betere haholo. “Ke bone eka batswadi ba hao ba ka lehlakoreng lane,” ha rialo pere. “Tloo palama ka mokokotlong ke o ise ho bona.” Tshego a palama pere, yaba sephooko se tsorama lehetleng la Tshego. Mmoho ba tsamaya ka hara difate"

E se kgale ba fihla khempong. Tshego a jethema pereng mme a leboha diphoofolo tseo ka bobedi ka thuso ya tsona. “Na ke tla le bona hape?” a botsa. “Mohlomong,” ha araba sephooko mme ka mora moo diphoofolo tseo ka bobedi tsa dikella ka difateng. “Mme, Ntate!” ha hweletsa Tshego ha a mathela ho bona ho ya ba haka. Batswadi ba hae ba ne ba shebahala ba tshwenyehile. “Ke kopa tshwarelo hore ke tsamaile nako e telele, ke ne ke lahlehile. Empa ka lehlohonolo pere e ntle le sephooko se mosa ba nkgutliseditse ho lona. Na le ne le tseba hore diphoofolo di tseba ho bua?” Tshego o ne a sitwa ho thola! Mme wa hae le ntate wa hae ba ne ba thabetse ho mo bona hoo ba ileng ba shebana feela yaba ba a bosesela, ba ntano haka Tshego hape. Matsatsi a mmalwa hamorao, nako ya hore ba kgutlele hae ya fihla. Hang ha ba fihla lapeng, Tshego a matha ho ya batla moo Frisky a leng hona teng. “Dumela hle Frisky. Na o ne o ntlholohetswe?” ha botsa Tshego. Frisky a ikotlolla mme a ngaolela fatshe. “Ke tseba sephiri sa hao,” ha rialo Tshego, “mme ha o se o loketse, o ka qoqa le nna.” Frisky a hohla hlooho ya hae letsohong la Tshego mme a hlwella hodima serope sa hae. Tshego o ne a tseba hore Frisky o utlwisisitse sohle seo a se buileng!

 

Eba mahlahahlaha ka pale!

  •  Na o kile wa lahleha sebakeng seo o sa se tsebeng? O ile wa ikutlwa jwang? O ile wa fumana lelapa leno hape jwang?
  •  Na o nahana hore diphoofolo di a utlwisisa ha re bua le tsona? Hobaneng o nahana jwalo?
  •  Ikgethele phoofolo e nngwe feela. Jwale ngola dipotso tse pedi tseo o neng o ka e botsa tsona haeba e ne e ka bua.
  • Ngola sephetho se setjha sa pale ena. Nahana Frisky a buisana le Tshego. Frisky o ne a tla reng?