Nonyana ya pula | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Nonyana ya pula

Written stories

Nonyana ya pula

Author

Joanne Bloch

Illustrator

Mieke van der Merwe

Translator

D. H. Mohale

Naheng e bitswang Gabon, motsana o mong tjena o ne o eme qetellong ya moru. Bohareng ba moru ona, makaleng a hodimodimo a sefate se seholo, ho ne ho dula nonyana e ikgethileng – nonyana e neng e nesa pula.

Ho tloha kgale hoo baahi ba neng ba se ba sa hopole, ba ne ba netefatsa hore nonyana ena e dula e thabile. Ba ne ba boloka makumane a bohobe, dikotwana tsa ditholwana le lebese le foreshe la khokhonate, ebe beke le beke kapa tse pedi sehlopha sa baahi ba motse se ne se isa dijo tsena tse monate morung. Ha ba ne ba di bea fatshe ka tlasa sefate seo, e mong wa bona o ne a bapala lehlaso la mmino o bonolo ka piano ya menwana. Kamora nakwana, nonyana e ne e fofela tlase mobung ho ya ja le ho nwa. Ha e qetile ho ja, e ne e qala ho bina pina e monate ka ho fetisisa. Ka yona nako eo, e ne e phahamisa mapheo a yona a lefifi, a benyang a bolou, mme kamora metsotso e seng mekae pula e ne e qala ho na.

Sena se ile sa etsahala ka dilemo tse ngata. Ka lebaka la hobane pula e ne e na kgafetsa, dijalo di ne di hola hantle mme ho ne ho dula ho na le dijo tse ngata bakeng motseng oo. Empa dintho tsa nna tsa fetoha ka hanyane. Baahi jwale ba ne ba se ba dula ba qakehile yaba ba qala ho se natse nonyana ya pula. “Pula e tla nne e ne, akere,” ba ile ba rialo. “Ke nako ya ho tlohela ho senya nonyana yane e tsofetseng!”

Empa batho ba ne ba fositse. Ha ba emisa ho hlokomela nonyana eo, le pula ya emisa ho na. Dijalo tsa qala ho omella mme tsa shwa, le diphoofolo tsa ota mme tsa tsherema. Empa le ha ho le jwalo, ha ho motho motseng ya ileng a ya morung ho ya fepa nonyana e neng e ba tlisetsa pula. Jwale ba ne ba qakehile haholo ba leka ho fumana tjhelete ya ho reka dijo torotswaneng e haufi.

Ka tsatsi le leng le tjhesang haholo, ngwanana ya bitswang Ketti a etsa qeto ya ho ya morung ha a tswa sekolong. “Ho tla be ho phodile kamorung ka moo,” a nahana jwalo a le mong. A tsamaya a tsamaya, mme ka mora nako e itseng, a Web the rain bird spreadfihla sefateng se selelele moo ho dulang nonyana ya pula. Ketti a sheba hodimo sefateng. Hanghang a hopola kamoo nkgono wa hae a kileng a mo isa morung ho ya fepa nonyana eo ha a ne a sa le monyane haholo. Ketti a bula mokotlana wa hae wa sekolo mme a ntsha sekotwana sa bohobe se setseng ha a ne a ja sekolong. A bea bohobe boo ka hloko tlase sefateng. Yare ka hobane o ne a se na piano ya monwana, a bina pina ya kgale eo a e tsebileng bophelo ba hae bohle.

Ka modumo o moholo o phahameng, nonyana e ntle e bolou ya theoha makaleng kahodima hlooho ya Ketti mme ya qala ho ja bohobe. Ha nonyana e qetile ho ja, ya bula molomo mme ya binela hodimo dipina tse mmalwa tse monate. Yaba e phahamisa mapheo a yona a benyang mme hanghang Ketti a utlwa ho thwathwaretsa ha leduma. Ka nako eo a neng a fihla habo, ho ne ho se ho tsholoha marothodi a maholo a pula, a phodisa mabala a mafubedu a tjhesang haholo.

Ketti o ne a thabile haholo, ho fihlela a bolella batswadi ba hae se etsahetseng. “Tloha mona!” mmae a mo omanya. “Ha ho sa na motho ya kgolwang hore nonyana eo ke yona e nesang pula!”

“Mmao o nepile,” ho rialo ntata Ketti. “Komello e fedile jwale mme bohle re tla phela hamonate hape. O tlohele ho tsamaya o ilo senya bohobe ba hao bo monate ka ho fepa motsofe oo wa nonyana e meharo hape!”

Leha Ketti a sa ka a phehisana le batswadi ba hae, o ne a na le bonnete ba hore ba fositse. “Hoja nkgono a ne a sa phela,” a ipolella jwalo, “o ne a tla nkgolwa!” Empa nkgono wa Ketti o ne a ile a hlokahala dilemong tse mmalwa tse fetileng. Ntho e le nngwe e neng e setse, e ne e le piano ya monwana ya kgale ya nkgono wa Ketti.

Ha feta dibeke tse pedi mme ho ne ho se pula. Dijalo tsa qala ho sosobana hape mme dikgopo tsa diphoofolo tse lapileng tsa qala ho hlahella le ho feta. Letsatsi la tjhesa le ho feta le hloka mohau ho tswa lehodimong le feela. “Ha ke kgathale hore na ba reng!” Ketti a nahana. “Re hloka pula. Ke ilo fepa nonyana hape hosane!”

Kahoo hoseng ha letsatsi le hlahlamang, kamora ho nka selae sa bohobe le monokotshwai o mofubedu o tletseng letsoho ka kitjheneng, Ketti a nyenyelepa ho tswa ka tlung. A qala ho leba bohareng ba moru. Seo a neng a sa se lemohe, ke hore ntatae le yena o ne a tsohile. Eitse ha a bona seo moradi wa hae a se etsang, a elellwa hore o ilo fepa nonyana ya pula hape. “Ke tla mo ruta thuto ngwana enwa ya sa hlompheng!” a ipolella jwalo a halefile. A phamola seqha sa hae le ditsenene a thotse mme a sala Ketti morao ho ya morung.

Eitse hang ha nonyana e re e fofela fatshe ho ya ja dijo tseo Ketti a e tliseditseng tsona, ntatae a lelatsa seqha sa hae mme a lokolla tsenene e bolayang. Tsenene ya fofela hantle pelong ya nonyana. Nonyana ya bokolla ka seboko se hlabang. A tshohile, Ketti a hetla kapele a harotswe ke letswalo – mme hang a bona ntatae a wela fatshe, a shwele. Ketti a hoeletsa mme a reteleha hape – yaba o bona tsenene e wela fatshe e se na kotsi ho tswa mmeleng o benyang wa nonyana. Yaba nonyana eo, e sa tswa kotsi, e fofela lekaleng le hodimodimo sefateng.

Ketti a mathela ka ntle ho moru a ya sebakeng se mahlonoko ka ho fetisisa. Phoofolo enngwe le enngwe le motho e mong le e mong eo a mmonang o ne a wetse fatshe a shwele. Ka pelo e bohloko, a mathela habo. Ka potlako a fumana piano ya monwana ya nkgono wa hae. “Ena keyona feela tshepo ya ka!” a nahana jwalo. “Nonyana ya pula e halefile. Ke tshwanela ho e thabisa hape! KE TSHWANETSE!”

Halofo ya hora kamora moo, Ketti o ne a se a kgutletse sefateng sane se seholo. Mmele wa hae o ne o tletse mofufutso mme o ne a ntse a fehelwa. Dikgato di se kae ho tloha ho yena ho ne ho tjapaletse setopo sa ntatae ya neng a se a sa phele. Ketti a sheba hosele kapele, mme ka matsoho a thothomelang, a qala ho bapala piano ya monwana.

A bapala a bapala, ho fihlela menwana ya hae e le bohloko. Qetellong, seo a neng a se labalabela lefatsheng sa etsahala. Nonyana ya fofela tlase jwaloka ha eka ha ho a etsahala letho. Nonyana ya ja o mong wa monokotshwai o neng  le fatshe mme ya bina dinoto tse mmalwa. Yaba, ha Ketti a ntse a bapala piano jwalo, nonyana eo e phahamisa mapheo… Kettli o utlwile mokgwathatsa kamora hae. E ne e le ntatae ya neng a qeta ho hlaphohelwa. “Ke maswabi!” a rialo kgafetsa kgafetsa a bua le nonyana e kgolo e bolou. Yaba o otlollela letsoho la hae ho moradi wa hae mme ba tsamaya butle ho kgutlela motseng. Diphoofolo tsohle esita le batho bohle motseng, ho ne ho se ho phelwa hape.

Bosiung boo baahi ba motse ba tshwara pitso. Bohle ba dumellana hore ba ithutile thuto e bohlokwa. Yaba ho tloha tsatsing leo, ho ne ho se beke le ha e le nngwe e fetang ntle le leeto le ikgethang la ho ya morung ho ya fepa nonyana e neng e tlisa pula.