Nobukhwebezane, kgosatsana ya metsing
Home | Written stories | Multilingual stories | Nobukhwebezane, kgosatsana ya metsing

Written stories

Nobukhwebezane, kgosatsana ya metsing

Author

Ka Luyanda Sikhakhane

Illustrator

Ditshwantsho ka Natalie le Tamsin Hinrichsen

Selemo se seng le se seng ka Tshitwe, e ne e ba nako ya mokete wa Kwanzaa – nako eo malapa a bang hammoho ho arolelana dijo le ho abelana dimpho. Hape, selemo se seng le se seng, Khwezi, Lubo le Malaika ba ne ba tsoha pele mafube a hlaha ebe ba theohela nokeng. Tseleng, ba ne ba bina dipina tse monate le ho kga monokotshwai o motsho.

Banana bana ba bararo ba ne ba dula ba thabile haholo hobane ka letsatsi lena, ba ne ba tlo fumana kgosatsana ya metsing, Nobukhwebezane, a ba emetse nokeng. Ha ba atamela haufi le noka, ba ne ba mo utlwa a bina ka lentswe le monate:

            “Tsohang Maafrika … Kwanzaa e fihlile!

            Re fanana dimpho tse ntle … re bontshana lerato!

            Tlisang ditholwana, nama le mahleu.

            A re jeng, a re ketekeng hammoho … bontshanang lerato!”

 

                                         

 

Banana bana ba ne ba dula lebopong la noka ebe ba mamela pina ena. Jwale ha letsatsi le tjhaba, Nobukhwebezane o ne a ba fa diroto tse tletseng meroho le ditholwana hore ba ye le tsona hae motseng wa habo bona.

“Sala hantle Kgosatsana ya Metsing!” ba ne ba rialo ha ba kgutlela hae ka lebelo e le hore motseng batho ba tsebe ho lokisetsa matletsetletse a dijo bakeng sa ho ketekela Kwanzaa.

Empa ho na le ntho e neng e sa dule Nobukhwebezane hantle. O ne a ipotsa moo a leng mong, “Ebe ke hobaneng ha banana baa ba sa ntebohe ha ba nka diroto tsa ditholwana le meroho?”

Motseng mane teng bohle ba ne ba kgobokana ha morena, ba apere diaparo tse mebalabala, tse kganyang. Ntle le ditholwana le meroho e tswang ho kgosatsana ya metsing, baahi ba motse ba ne ba tla le dijothollo le nama, mme ba ne ba di pheha ha bana bona ba ntse ba bapala.

Ha baahi ba se ba jele, ba ne ba fanana dimpho, ba bina ba bile ba tantsha. Batho ba hodileng ba ne ba tjhentjhana ka ho pheta ditshomo tseo ba di ratang ka ho fetisisa.

Ka selemo se seng ha Kwanzaa e fihla, Khwezi, Lubo le Malaika ba raha dikobo mme ba mathela nokeng jwalo ka tlwaelo, ba bina ba bile ba ntse ba ekga monokotshwai o motsho tseleng. Ha ba atamela nokeng, ba hlokomela hore ho na le ho phoso. Pina ya Nobukhwebezane e ne e le siyo.

“Ebe Nobukhwebezane o ntse a robetse?” ha ipotsa Malaika.

“Mohlomong ha a phela hantle,” ha rialo Khwezi.

“Ho ka etsahala hore o lebetse hore kajeno ke Kwanzaa,” ke Lubo eo.

Ha ba fihla nokeng, Nobukhwebezane o ne a le siyo.

Ka tshohanyetso ba fahlwa ke kganya e bohale. Yaba lentswe le phahameng, le tshosang, le re, “Mang le mang ha a fuwa ntho e itseng o lokela hore a re, ke a leboha! Eo ke mekgwa e metle!” Yaba kganya eo e a nyamela, ha itshalla feela letsatsi le tjhabang hole mane ka mora maralla. Banana bana ba ikutlwa ba swabile haholo ha ba hlokomela hore na ba nnile ba lebala ho etsang.

“Ha ho mohla re kileng ra leboha Nobukhwebezane ka dimpho tseo a re fang tsona bakeng sa Kwanzaa! Re tloha re se re tatile mehlaena,” ha rialo Lubo ka maswabi.

Ba tloha moo mme ba tsamaya butle ho kgutlela hae ka dipelo tse utlwileng bohloko.

“Ekaba re tlo reng ha re fihla motseng re sa tshwara letho?” ha botsa Malaika.

Khwezi a retelehela ho metswalle ya hae mme a re, “Metswalle ya ka, … re tlameha ho kgutlela morao re lo kopa tshwarelo ho kgosatsana ya metsing.”

“Empa Nobukhwebezane ha a batle ho utlwa letho ka rona. Ha a sa batla ho re bona!” ha rialo Lubo a feletswe ke tshepo.

“Ke dumellana le Khwezi,” ha rialo Malaika. “Re lokela ho kgutlela morao re lo kopa tshwarelo. Le haeba re sa fumane Nobukhwebezane, re ka mo siela molaetsa ho tlhapi.”

“Eo ke kgopolo e ntle,” ha rialo Lubo, a qala ho ikutlwa a imoloha. “Ke taba ya hore ha re kgutlela nokeng re kge monokotshwai o motsho hore re lo fa Nobukhwebezane mpho.”

Yaba banana bao ba bararo ba kga monokotshwai o motsho mme ba o tlatsa mokotla. Difahleho tsa bona di ne di tletse pososelo hape ha ba mathela nokeng. Ha ba ntse ba atamela, ba utlwa pina e monate eo ba e tsebang hantle:

            “Tsohang Maafrika … Kwanzaa e fihlile!

            Re fanana dimpho tse ntle … re bontshana lerato!

            Tlisang ditholwana, nama le mahleu.

            A re jeng, a re ketekeng hammoho … bontshanang lerato!”

 

                                     

 

“Nobukhwebezane o kgutlile! Kgosatsana ya metsing e kgutlile!” ba buela hodimo ba mathela lebopong la noka.

Nobukhwebezane o ne a dutse lefikeng le haufi le lebopo la noka, a ntse a bososela.

“Kgosatsana, re maswabi haholo hore ebe ha ho mohla re kileng ra o leboha ka dimpho tsa ditholwana le meroho!” ha rialo Malaika.

“Kannete, Nobukhwebezane, re kopa tshwarelo. Re kopa o re inele matsoho metsing,” ha kopa Khwezi ka tiyo.

“Kwanzaa ke nako ya ho fana ka dimpho. Kajeno re o tletse le mpho!” ha rialo Lubo, a nka mokotla o tletseng monokotshwai o motsho ho o fa Nobukhwebezane.

Nobukhwebezane a sheba ka mokotleng mme a bososela. “Monokotshwai ona o motsho o shebahala o dutlisa mathe. Ke a leboha metswalle!”

“Le rona re a o leboha Kgosatsana ka dimpho tseo o nnileng wa re fa tsona dilemo tsena kaofela nakong ya Kwanzaa. Kannete re a o leboha,” ha rialo Malaika ka ditlhong.

“Metswalle ya ka, … Kwanzaa ke nako ya ho fana, nako ya thabo, kgotso le lerato! Atamelang kwano, ke rata ho le ruta pina e ntjha!” Yaba Nobukhwebezane o a bina:

“Dulang le leboha, dulang le bontsha lerato mme le lona le tla fuwa!

Dulang le leboha, dulang le bontsha lerato mme le lona le tla fuwa!

Dulang le leboha, dulang le bontsha lerato! Tsena ke dintho tse molemo kamehla!”

“Jwale potlakang, le ye hae,” a rialo. “Nako e se e ile! Diroto tsa ditholwana le meroho ke tsena. Le se le emetswe.”

“Re a leboha Kgosatsana ya metsing. Re a leboha, Nobukhwebezane!” ha rialo banana bao.

“Tsela tshweu! Thabelang Kwanzaa!” ha hweletsa Nobukhwebezane.

“Le wena, Kgosatsana! Re a leboha!” ha hweletsa banana.

Ha banana bana ba fihla hae, batho ba ne ba se ba ba emetse motseng. “Re a le leboha banana. Ekare kajeno le tlile le ditholwana le meroho e mengata ho feta mehleng. Re a leboha!” ha rialo morena wa motse.

Ha banana ba utlwa sena, ba shebana … mme ba bososela. Ba ne ba tseba hore Nobukhwebezane o ba tshwaretse. “Re a leboha Kgosatsana,” ba hweshetsa.

 

Eba mahlahahlaha ka pale!

Na lelapa leno kapa motse wa heno o nka karolo moketeng oo ka ho kgetheha e leng wa Seafrika kapa wa Afrika Borwa? O bitswang, hona ho ketekelwa eng?
Ke mefuta efe ya ditholwana le meroho eo hangata le e jang meketeng ya habo lona? Taka tse ding tsa ditholwana le meroho ena.
Iqapele pina eo ho yona o lebohang dintho tse molemo tseo o di fumanang letsatsi le leng le le leng.