Ngwanana ya ileng a ya sepakapakeng ka phoso
Home | Written stories | Multilingual stories | Ngwanana ya ileng a ya sepakapakeng ka phoso

Written stories

Ngwanana ya ileng a ya sepakapakeng ka phoso

Author

E ngotswe ke Jeanine Vermaak

Illustrator

Ditshwantsho ka Magriet Brink le Leo Daly

Lesedi o ne a rata dinaledi. Leha bana ba bang ba ne ba tatetse hore e be hoseng, yena o ne a tatela hore e be bosiu. O ne a sa tshabe lefifi hohang. O ne a rata ho ya kantle pele ho nako ya ho robala ho ya sheba hodimo marung a bosiu.

Jwale, a ko inahanele feela dinaledi tseo a neng a di bona. Makgolokgolo a dinaledi tse kganyang, tse benyang le kgwedi e kgolo, e tjhitja, e tshehla.

“E se e tla ba nako ya ho robala, Lesedi!” ha hoeletsa mme wa ngwananyana eo.

“Ke a tla, Mme!” Lesedi a arabela.

Empa lesedi o ne a eso ikemisetse ho kena ka tlung. O ne a batla ho bala dinaledi. “Nngwe, pedi, tharo, nne …” Lesedi o ne a se a badile ho fihlela ho lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro ha a utlwa mmae a mmitsa hape.

Yare ha a re o kgutlela ka tlung, a lemoha kganya e kgolo e benyang marung. E ne e ntse e atamela haufi le haufi. E ne e le sekepe sa moyeng se seholo! Lesedi ha a ka a tlosa mahlo a hae nthong eo mme a e sheba ha e tsorama hantle mane tshimong yabo e ka pele.

Lesedi a tsamaya a atamela sekepe sa moyeng mme a se thetsa. Se ne se le boreledi hape se benya mme se utlwahala se futhumetse. Lemati le leholo le ka lehlakoreng la sona hang la buleha mme rempe ya theohela fatshe.

“Mohlomong nka nna ka sheba ka potlako ka hara sona,” Lesedi a nahana.

Butlebutle, a nyolosa rempe. Ho ne ho ena le mabone a phatsimang le makonopo a mafubedu le a bolou hohle. Empa e ne e le konopo e kgolohadi e mmala wa lamunu e ka tlasa e nngwe ya difenstere e ileng ya mo kgahla.

“Ke a ipotsa hore ho ka etsahala eng ha nka tobetsa mane?” a buela hodimo.

BIP, konopo ya lla ha a e tobetsa. Yaba lemati le a kwaleha mme ha eba le modumo o moholo o reng BUM ha enjene e qala ho duma. Kamora moo, a utlwa lentswe le bua sepikareng le re, “Sekepe sa moyeng se a thakgoha kamora 3, 2, 1…”

 

Lesedi a utlwa sekepe sa moyeng se sisinyeha! Sa thothomella ho le letona le le letshehadi; sa ya hodimo le tlase, mme yaba se phahamela hodimo ka modumo o moholo.

“Mme o tlo halefa haholo,” Lesedi a nahana jwalo, empa o ne a ena le pososelo e kgolo sefahlehong sa hae. Qetellong o ne a eya sepakapakeng! Ka difenstere tsa sekepe sa moyeng, o ne a kgona ho bona ntlo yabo e ntse e eba nyane butlebutle ha ba ntse ba fofela hodimo.

A tsoka letsoho mme a re, “Sala hantle, Mme! Ke tla kgutla haufinyane!”

Sekepe sa moyeg sa nna sa ya hodimo, hodimo, hodimo. Sa kenella hara dinaledi. Sa tswedipana ho potoloha hara dipolanete mme sa fofela harehare ho sepakapaka. “Butle o tlo bone ha ke bolella Tshepo le Amina ka taba tsena sekolong,” a nahana jwalo.

Lesedi o ne a ntse a shebile ka ntle ho fenstere ha a bona ho hong hodimo pele mane. Na ebe e ka ba …? E, e ne e le yona! E ne e le kgwedi … mme ho ne ho ena le monna ya emeng hodima yona. E ne ekare o mo dumedisa ka ho tsoka letsoho.

“Ke monna wa kgweding!” Lesedi a hoeletsa ke nyakallo.

Monna eo a nna a tsoka letsoho ho fihlela sekepe sa moyeng se tsorama kgweding ka modumo o bonolo. Mme yaba o atamela ho sona mme a kokota fenstereng ya Lesedi.

“Dumela,” a rialo a buela kgalaseng. “Ha nke ke fumane baeti ba bangata. Lebitso la hao o mang?”

“Ke Lesedi,” a rialo ka motlotlo. “Ha ke a tshwanela ho ba mona. Sena ha se sekepe sa ka. Se fihlile fela sa tsorama tshimong ya heso, yaba ke a kena mme sa fofa ka nna.”

“Mohlomong ke hobane o mosibolli wa tlhaho,” ha rialo monna eo.

“Ehlile. Ke rata sepakapaka mme haholoholo ke rata dinaledi. Hantlentle, lebitso la ka, Lesedi, le bolela kganya,” a rialo.

“Ke hantle haholo! Nthwana ke ena eo o ka yang le yona hae.” Lesedi a bula fenstere mme a ntsha letsoho la hae. Monna eo a mo fa lejwe le lenyane. “Ke lejwe le ikgethileng la kgweding. Jwale o na le ho hong ho tla dula ho o hopotsa tshibollo ya hao.”

“Ke leboha haholo, Monna wa kgweding!”

Le hoja Lesedi a ne a natefetswe ke tshibollo ya hae, o ne a se a qala ho kgathala jwale. “Jowee! Mme o tlo kgathatseha ka nna!” a nahana jwalo, a idimola. A sheba kwana le kwana. “Mohlomong ha nka tobetsa konopo ena e mmala wa lamunu hape, sekepe sa moyeng se tla nkgutlisetsa hae.”

Yaba o a e tobetsa. Hanghang, lentswe la tswa sepikareng hape, la re, “Leeto le kgutlelang morao le tla qala kamora 3,2,1…”

“Sala hantle, Monna wa kgweding,” Lesedi a hoeletsa ka potlako.

“Tsamaya hantle, Lesedi. Ke tshepa hore ke tla o bona hape,” a rialo a tsoka letsoho.

Sekepe sa moyeng sa phahama kgweding mme butlebutle sa kgutlela morao. Lesedi o ne a kgona ho bona Polanete ya Lefatshe tlase mane. E ne e shebeha jwaloka bolo e bolou e tlolatlolang eo yena le metswalle ya hae ba ratang ho bapala ka yona. Yaba o utlwa sekepe sa moyeng se theohela tlase, tlase, tlase, ho fihlela se tsorama jareteng yabo eka se a itahlela. Lemati la buleha, mme rempe ya theohela fatshe.

“Ke fihlile hae!” Lesedi a hoeletsa.

A matha ho theosa rempe mme a sheba hodimo kgweding e kgolo, e tjhitja, e tshehla, mme a hopola eka o bona monna e monyane ya tsokang letsoho.

Ha mme wa Lesedi a tswela ka ntle ho tla mo sheba, a fumana moradi wa hae a robetse hodima jwang a kgalehile.

“Ao, moradinyana wa ka, o tshwanetse hore ebe o kgathetse haholo,” a rialo a mo phahamisa.

A kuka Lesedi ho ya le yena ka tlung mme a mo robatsa betheng. Mme yaba o utlwa ho hong ka hara letsoho la Lesedi. E ne e le lejwe le tjhitja, le leputswa.

“Ngwananyana ya makatsang,” a bososela, a suna Lesedi phatleng.

Yaba o tima lebone mme a tswa ka kamoreng, a sa elellwe hore lejwe le tjhitja, le leputswa le a benya lefifing.