Mosa ha o na theko
Home | Written stories | Multilingual stories | Mosa ha o na theko

Written stories

Mosa ha o na theko

Author

Zahida Wahab

Illustrator

Heidel Dedekind

Listen to the story here

Holehole Motseng o mong, ho ne ho dula moshanyana e mong ya kojwana di mahetleng ya neng a disa dinku e le hore lelapa labo le fumane se yang ka maleng. O ne a dula a le mosa mme a thusa baahisani ba hae, mme ntatemoholo le nkgono wa hae, ba mo hodiseng ho tloha a sa le monyenyane, ba ne ba nka e le lehloohonolo hore ebe ba na le yena. Lebitso la hae e ne e le Thabo mme o ne a ratwa ke batho bohle.

“Wa bona he moshanyana wa ka! Ke a leboha ka ho ya lebenkeleng ho ya nthekela bohobe,” ha rialo Mme Abbas. “O ka ipolokela tjhentjhe eo.”

 

Empa Thabo o ne a tseba hore Mme Abbas o hloka sente e nngwe le e nngwe eo a nang le yona. “Tjhe ho lokile hle Mme Abbas,” a rialo a bososela. “Mosa ha o na theko."

Yaba ka letsatsi le leng rapolasi eo Thabo a mo sebeletsang o fihla hae le motjhana wa hae ya bitswang Simphiwe. Simphiwe o ne a iterekile mme ha a bua a ntsha sekhowa ka dinko.

“Thabo, enwa ke Simphiwe,” ha rialo rapolasi. “Simphiwe o dula toropong mme o re tjhaketse ka nakwana. Ke tshepa hore lona ba babedi le tla utlwana mme le tlosane bodutu.” Thabo o ne a thabetse ho kopana le thaka eo ya hae haholo. O ne a tshepa hore e tla ba metswalle e meholo.

Empa ka potlako thabo ya Thabo ya fetoha maswabi. E se kgale ha hlaka hore Simphiwe ke ngwana ya se nang mekgwa le ya ikgohomosang. O ne a sa hlomphe malome wa hae le basebetsi ba bang kaofela polasing. “Batho bana ba siilwe ke dinako hakaakang,” ha rialo Simphiwe a tshehela hodimo ha ho feta bontate ba yang mosebetsing le ho kgutlela mahae ka dikariki tsa bona tsa ditonki. “Ha e le hantle ha ke utlwisise hore na motho a ka kgetha ho tla dula nahathote mona molato keng.”

Simphiwe o ile a boela a hana ho thusa ka mesebetsi ya letsatsi le letsatsi e etswang polasing. “Ke rutehile nna. Le nahana hore nka ya sekolong ebe ka mora moo ke tlo dulela ho etsana le mesebetsi ya matsoho? Nke ke ka etsa le o le mong wa mesebetsi ena!”

Ho e na le hore Simphiwe a thuse, o ne a qeta letsatsi a pharame tlasa sefate, a hana ho thusa ho etsa dijo tsa hoseng kapa tsa motshehare, kapa ho etsa mosebetsi le ha e le ofe o mong. Thabo o ne a swetsehile haholo hore ebe moshanyana ya lekanang le yena a ka ba botswa le ho hloka mosa hakaalo. “Le nna ke kena sekolo motseng mona. Re rutwa bohlokwa ba ho ba mosa le ho sebetsa ka thata. Simphiwe ha a ithuta letho ka dintho tsena tseo e leng tsa motheo,” ke Thabo eo a buela ka pelong. “Ke lewatla haeba o nahana hore o tla tswella bophelong ka mekgwa ena ya hae.”

Ka letsatsi le leng, Simphiwe a jewa ke bodutu yaba o etsa qeto ya hore o tla otlollella maoto ka hlatheng e potapotileng polasi. Bohle ba ile ba mo lemosa hore ho etsa jwalo ho kotsi kaha ho na le dintja tse lelerang tse phelang hlatheng moo. Di ne di dula di lapile mme di se botswalle ho hang! Empa Simphiwe a shwa ke ditsheho. “Le tsebang na?” a rialo ka ho hloka tlhompho yohle. “Ke hlalefile ho lekana hore ke itlhokomele.”

Thabo o ne a tsamaile le rapolasi ho ya reka dintho tse hlokahalang. Ha a kgutla, basebetsi ba mo bolella hore Simphiwe o entse qeto ya ho otlollela maoto ka hlatheng a le mong. Ka potlako Thabo a nka thupa le tosi ya mollo mme a le tipatipa ho ya sheba Simphiwe.

“Ha a tsebe hore na o kotsing hakaakang,” ke Thabo eo a buela tlase ha a ntse a fohla hlatheng moo ka potlako e kgolo. “Le hoja ba bang ba itse ke tlohele moshanyana enwa wa toropong ya se nang mekgwa hore a ke a utlwe ka letlalo, empa ha ke batle hore Simphiwe a hlahelwe ke kotsi ya letho. E se kgale ho tla be ho fifetse, mme hlatheng mona ho kotsi, haholoholo bakeng sa moshanyana ya kang Simphiwe tjena ya itsebelang bophelo ba toropong feela.”

E ne e se e le nakwana jwale Thabo a ntse a batla ha ka tshohanyetso a utlwa sello se ileng sa mo tshosa. O ile a mathela moo a utlwang sello hona teng mme a bona Simphiwe a potapotilwe ke sehlopha sa dintja. Dintja tseo di ne di betlile meno a tsona a ntjhotjho mme di le haufi le ho mo laumela. Thabo o ne a tlameha ho nahana ka potlako. O ile a laeta thupa eo a tlileng ka yona mme a lelekisa dintja tseo.

Dintja tseo di ile tsa nna tsa leka ho hlasela bashanyana bao ka nakwana, empa qetellong tsa ba furalla mme tsa ikela.

 

Simphiwe o ne a thothomela ke letswalo. O ne a nonyetsehile leqaqailana ha a leka ho baleha dintja mme jwale o ne a hlotsa, a opelwa. Kaha Thabo o ne a le matla ka lebaka la ho sebetsa ka thata polasing, o ile a pepa Simphiwe tsela yohle ho fihlela ba fihla polasing.

Matsatsi a mmalwa hamorao Simphiwe o ne a se a kgona ho tsamaya hantle hape, empa ho ne ho na le ho fetohileng ka yena. O ne a se a batla a le mosa mme a fokoditse boikgohomoso. O ne a se a sa bue haholo mme a hlompha malome wa hae le basebetsi bohle. Ha a bona Thabo, o ile a mo leboha ka ho pholosa bophelo ba hae mme a re o rata ho mo fa selefounu ya hae e le ho bontsha kananelo, empa Thabo o ile a hana mpho eo. O ile a bososela feela mme a re, “Mosa ha o na theko,” yaba o tswela pele a ntse a hlwekisa kariki ya tonki.

 

[Get story active!]  Eba mahlahahlaha ka pale!

 

  • Taka setshwantsho se bontshang karolo ena paleng: Bohle ba ile ba mo lemosa hore ho etsa jwalo ho kotsi kaha ho na le dintja tse lelerang tse phelang hlatheng moo. Di ne di dula di lapile mme di se botswalle ho hang! Empa Simphiwe a shwa ke ditsheho.
  • Bala pale hape. Ngola mekgwa yohle e sa tshwaneng eo Thabo a nang le yona ebe o etsa lethathamo le leng la mekgwa eo Simphiwe a nang le yona. Qala tjena: Thabo o … Simphiwe o …
  • Balla hodimo mathathamo ao a mabedi – lethathamo la Thabo le lethathamo la Simphiwe. Sebedisa lentswe la hao ka tsela e fetisang moelelo wa mantswe ao o a balang lethathamong.