Home | Story Resources | Multilingual stories | Meijiki wa moriri

Meijiki wa moriri

Author

Mbali Kgame

Illustrator

Magriet Brink and Leo Daly

Zinhle o ne a rata ho tlola kgati lebaleng la ho bapala mmoho le metswalle ya hae Sindi le Zongi. Ho na le ntho e le nngwe feela e neng e mo tshwenya. Ha metswalle ya hae e tlola, meriri ya bona e ne e eya hodimo le tlase, ebile e eya kwana le kwana. Zinhle o ne a ena le moriri o teteaneng, o mongata, o bonolo o neng o entse sebopeho se seholo se tjhitja, mme o ne o sa sisinyehe hohang jwaloka ya bona.

 

Ka Moqebelo o mong hoseng Zinhle a botsa mmae, “Mme, hobaneng ha nna moriri wa ka o sa hole o eya tlase jwaloka moriri wa metswalle ya ka? Meriri ya bona e fofela kwana le kwana ha ba tlola. E shebahala e le metle haholo! Nna ke utlwa bohloko ha moriri wa ka o sa sisinyehe jwaloka ka ya bona. O dula nqa e le nngwe feela!”

 

“Moriri wa hao leha o fapane le meriri ya metswalle ya hao, le ona o ntse o le motle feela jwaloka ya bona!” ha rialo Mme. Zinhle a sekamisa hlooho a hloname, empa mmae a bososela feela a mo shebile. “Sheba hohle mona, Zinhle,” a rialo. “Moriri wa hao o hola ho tloha motsong ho ya hodimo, jwaloka difate le dimela. Hape o tjhitja ebile o moholo, jwalo feela ka lefatshe leo re phelang ho lona. O ka nna wa o bapadisa le wena mme wa etsa dipaterone le dibopeho tse ntle ka ona. Moriri wa hao o na le meijiki – mme seo se kgethehile!”

 

Mantswe ana a ile a thabisa Zinhle haholo. A tswela ka ntle a matha ho ya bolella metswalle ya hae mabapi le moriri wa hae wa meijiki. Empa eitse ha a bolella Zongi le Sindi seo Mme a se buileng, ba shebana mme ba wa fatshe ka ditsheho.

“Moriri o ka ba le meijiki jwang?” ha botsa Zongi.

“Ha-ha-ha!” ha tsheha Sindi. “Tlohela ho swaswa mona, Zinhle! Meijiki? Le kgale!”

Zinhle a tlala dikgapha ka mahlong, empa a se ke a lla. O ne a sa batle hore Zongi le Sindi ba mo tshehe hape.

Ka nako eo, bananyana bana ba bona Nkgono a ntse a ba hwehla ka letsoho. O ne a eme monyakong wa ntlo ya hae e haufi.

“Shebang, Nkgono o a re bitsa,” ha rialo Zinhle.

 

Bana bana ba bararo ba ne ba rata ho thusa Nkgono. O ne a ba bolella dipale tse ngata mme a ba fa mangangajane kamehla ha ba mo etetse. Yaba Zinhle, Zongi le Sindi ba matha ho ya bona hore ke hobaneng ha Nkgono a ba bitsa.

“Ha ke a phela ha monate kajeno,” ha rialo Nkgono. “Ke batla ho le roma kwana ha Ntuli ho ya batla moriana.”

Bana ba ne ba utlwile bohloko ha ba utlwa hore Nkgono ha a phela hantle mme ba dumela ho ya mmatlela moriana.

“Ke tla le etsetsa mmapa hore le se ke la lahleha,” ha rialo Nkgono. “Mmapa ona o tla le isa sebakeng sa Ntate Ntuli, mme yena o tla le fa ditlhare tse itseng.” Yaba Nkgono o kena ka tlung ho ya batla pampiri le pentshele ho taka mmapa. A sheba ka laeng ya hae, empa a se ke a fumana pampiri. “Ke tla tlameha ho etsa leano le leng,” a rialo.

 

A sheba ngwananyana ka mong ka hloko. Yaba o re, “Zinhle, o na le moriri o motle haholo. O shebahala o le matla. Ke tla loha mela mme ke etse mmapa moriring wa hao. Mmapa ona o tla le thusa ho ya ha Ntuli.”

Nkgono a dula setulong sa hae seo a se ratang, mme Zinhle a dula hodima mmata ka pela hae. Nkgono a qala ho loha moriri wa Zinhle. Bananyana ba bang ba shebella ka kgahleho. Ha Nkgono a ntse a kama le ho loha dipaterone tse fapaneng, Zongi le Sindi ba ne ba makaletse bolelele ba moriri wa Zinhle.

“Helang! Mme wa hao o ne a nepile,” ha rialo Sindi. “Moriri wa hao o fela O ena le meijiki! O shebahala o le mokgutshwane, empa hantlentle o motelele ho feta kamoo re nahanang ka teng!” “Ke nnete,” Zongi a tlatseletsa. “Ke semaka se seholo!” Zinhle a bososela ke thabo.

 

Ha Nkgono a qetile ho loha moriri wa Zinhle, mela e hloohong e ne e shebahala hantle jwaloka mmapa bakeng sa ho tataisa bana ho ya ha Ntuli! Ha ba ntse ba tsamaya tseleng e tshesane hara thota, Zongi le Sindi ba tsamaya ba ema mme ba sheba moriri wa Zinhle ho etsa bonnete ba hore ba ntse ba tsamaya tseleng e nepahetseng. Ha ba ntse ba tsamaya, ba bina pina eo ba iqapetseng yona:

“Nkgono ha a phela hantle,

Nkgono ha a phela hantle.

Re ya ha Ntuli,

re ilo lata ditlhare – ditlhare tse tla phedisa Nkgono!”

 

Bana ba qetella ba fihlile ha Ntuli. Moo Ntate Ntuli a ileng a ba fa diphuthelwana tse pedi tsa ditlhare hore ba di fe Nkgono. Tseleng e lebang lapeng bananyana bana ba sebedisa moloho wa Zinhle hape ho ba tataisa. Ha ba fihla ba bolokehile ha Nkgono, ba mo fa meriana.

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Zinhle, Zongi le Sindi ba ya ha Nkgono ho ya bona hore ebe o phetse na. Ha ba fihla teng, ba mo fumana a ntse a nosetsa tshimong ya hae.

“Dumelang, bana ba ka,” ha rialo Nkgono ka pososelo e kgolo. “Ke ikutlwa ke ena le matla kajeno, ke leboha lona!”

Bananyana bao ba ne ba thabile ho utlwa hore ba thusitse Nkgono, empa ba ne ba nahanne le ka ntho e nngwe hape.

“Nkgono, na o ka loha moriri wa ka jwaloka wa Zinhle?” ha botsa Sindi.

“Le wa ka hle, Nkgono!” ha rialo Zongi.

“Ehlile,” Nkgono a araba. “Kenang ka tlung.”

 

Ka nako ya ditaba sekolong hoseng ha letsatsi le hlahlamang, metswalle e meraro ya bolella bana ba tlelase ya bona ditaba tsohle mabapi le ditaele tsa bona tsa meriri. Ka nako ya kgefutso, ba ne ba sa tswa qala ho tlolatlola ha bana ba bang ba kopa ho bona meloho ya bona e neng e entse mmapa o yang ha Ntuli. “E feela e le ya meijiki ka nnete,” ha rialo e mong, mme bohle ba dumellana.