Matty le sefate sa mohlolo sa diapole
Home | Written stories | Multilingual stories | Matty le sefate sa mohlolo sa diapole

Written stories

Matty le sefate sa mohlolo sa diapole

Author

Ka Bradley Paulse

Illustrator

Ditshwantsho ka Natalie le Tamsin Hinrichsen

Kgalekgale ho ne ho na le mofumahatsana ya bitswang Matty. O ne a dula polasing e nyenyane, moo mobu wa teng o neng o le thata mme ho sehlwa ka thata. Empa Matty e ne e se sehwai feela tjee se tlwaelehileng. O ne a ikemiseditse a bile a sebetsa ka thata motjhesong wa letsatsi e le hore a leme meroho e lekaneng hore a lo e rekisa ka mmarakeng o neng o phethesela batho haufi le moo a dulang.

 

Ha dijalo tsa Matty di se hodile, mme di le ngata hoo a ka di arolelanang le ba bang, a di tshela ka basketeng ya hae mme a leba mmarakeng, sefahleho sa hae se kganya kgotso ke thabo. “Kajeno ke tlo rekisa meroho ena kaofela, mohlomong ke be ke iputse ka ntho e monate,” a rialo.

 

                                      

 

Nnete ke hore Matty o ne a emetswe ke ntho e monate eo a e ratang mmarakeng. Ntho eo e ne e le diapole, tse kgolo, tse dutlisang mathe, tse hlabosehang. O ne a sitwa ho iphapanyetsa monate wa tsona o neng o mo hohela. E ne e le tsona moputso wa mosebetsi ohle wa hae o boima.

 

Ha Matty a fihla tafoleng ya ditholwana, a kopana le mosadimoholo ya botswalle, eo marama a hae a neng a le mafubetswana jwalo ka diapole tse butswitsweng ha monate. Mahlo a hae a tlala thabo ha a ntse a shebile ha Matty a ananela diapole tsa mebala e sa tshwaneng.

 

Ha feralla mehopolo e mengata ka kelellong ya Matty ha a ntse a nahana hore na a reke diapole dife bakeng sa dintho tseo a tlo di baka. “Diapole tse kgubedu di monate bakeng sa ho baka kuku,” ha rialo Matty a buela hodimo ha a kgetha apole e kgubedu. “Mohlomong diapole tsena tse mmala o motala di tla loka bakeng sa phae, ebe ke nka le diapole tsena tse tswakileng mmala o mofubedu le o motala bakeng sa dimafene. Nka se siye diapole tse tshehla bakeng sa phae e futhumetseng e entsweng ka diapole, e nang le dintho tse monate ka hodimo.” Ha Matty a ntse a bua ka apole ya mofuta o itseng, o ne a e kenya ka basketeng ya hae.

 

Mosadimoholo a tshehela ka marameng. Yaba o nka apole e tshehla mme o e fa Matty. “Mang kapa mang ya ratang diapole jwalo ka wena tjena o tshwanelwa ke ntho e kgethehileng e monate. Nka apole e kgethehileng ke ena. E tla dula e o tlisetsa thabo,” ha rialo mosadimoholo.

 

“Ke leboha haholo,” ha rialo Matty a thabile. Apole e tshehla e ne e le kgolo ho feta tsena tse ding e bile e le ntle ho feta tseo a kileng a di bona. Jwale o ne a tatsetse ho fihla hae a lo e kenya leino.

 

Ha letsatsi le ya madikelong, Matty a kgutlela polasing ya hae. Yaba ka makgethe ohle o hlopha diapole kaofela le ho di hlatswa, a binela ka marameng ka thabo ha a ntse a sebetsa jwalo. O ne a tlo baka dimonamona tseo a di nahanneng kaofela, ebe o behella ka thoko apole e kgethehileng e tshehla ho tla iputsa ka yona.

 

Ha Matty a se a qetile ho hlopha le ho hlatswa diapole kaofela, a nka apole e kgethehileng e tshehla. “Jwale ke a iputsa ha ke etsa tjena,” a rialo. Empa moo a reng o e kenya leino, ha runya hloohonyana mokoting wa apole.

 

“Se ka ntja hle!” ha lla seboko.

 

Apole ya wa letsohong la Matty ke ho makala. “Ke mehlolo ya eng?” a rialo ka ho makala.

 

Seboko a tswa a meneka, a tsweretse mahlo a tletseng maswabi. “Ke kopa tshwarelo ka ho hlafuhlafuna apole ya hao, ke hobane e monate haholo!” a rialo.

 

Matty a utlwa a sa tsebe hore na a kwate kapa tjhe. Mosadimoholo o ne a itse apole eo e tla dula e mo tlisetsa thabo, empa jwale ha a sa kgodisehile ka seo.

 

Qetellong Matty a hemela hodimo mme a re, “Sebokonyana towe, kannete o lehlohonolo hobane kajeno ke thabile. E re ke tjhekele apole ena ya hao mobung ka mora ntlo e le hore o itjelle yona ka kgotso, o sa kgathatswe ke dinonyana.”

 

Ha Matty a kenya apole ka mokoting oo a o tjhekileng fatshe, seboko a re, “Sala hantle Matty. Ke tshepisa hore ke tla o putsa ka mosa ona wa hao.” Matty a mo sadisa hantle mme a kgutlela ka tlung ho ya baka.

 

Ka letsatsi le hlahlamang, ha mafube a hlaha, Matty a tsoswa ke monko o monate ka ho fetisisa oo a kileng a o utlwa. A tswela kantle ka potlako mme a makala ho makala. Ka pela hae ho ne ho eme sefate se seholohadi sa diapole, makala a sona a imetswe ke diapole tse ntle ka ho fetisisa tseo a kileng a di bona.

 

                                           

 

Matty a tantsha ho potapota sefate, setsheho sa hae se tswakana ha monate le mmino wa dinonyana. A kga diapole ka bomong, a hloletswe ke mohlolo o etsahetseng bosiu.

 

Mantsiboyeng ao, Matty a kgutlela sefateng, a beha mafene e sa tswa bakwa motsong wa sona. “Ke a leboha,” a rialo a buela tlase. “Mosadimoholo o ne a nepile hobane ka nnete sefate sena se tla ntlisetsa thabo!”

 

Eba mahlahahlaha ka pale!

Tholwana eo o e ratang ka ho fetisisa ke efe? Toroya setshwantsho sa yona. Ka tlasa seo o se toroileng, ngola polelo e reng “Tholwana eo ke e ratang ka ho fetisisa ke …” O ka kopa motho e mong hore a o thuse ho ngola polelo eo ya hao.
Etsa lethathamo la dintho kaofela tseo o ka di etsang ka tholwana eo o e ratang ka ho fetisisa. E ka ba ntho e kang eo o e bakileng kapa o e phehileng, jusi kapa phuding e batang.
Nahana ka monko, tatso, sebopeho le mmala wa apole kapa tholwana e nngwe. Nahana ka modumo oo e tlo o etsa ha o e loma. Jwale ngola thothokiso ka tholwana eo.