Lepato la Kwena | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Lepato la Kwena

Written stories

Lepato la Kwena

Author

Kai Tuomi

Illustrator

Samantha van Riet

Translator

Hilda Mohale

Diphoofolo tsohle di ne di tseba hore Kwena o na le qubu e kgolo ya kgauta ka tlung ya hae, empa ha ho le ya mong ya neng a kile a e bona hobane Kwena o ne a kgohlahetse a le lonya. O ne a ba leleka mme a ba loma ka meno a hae a bohale. Ka tsatsi le leng le tjhesang lehlabula, Tshwene o ne a ntse a itsamaela pela noka ha a bona Kwena a robetse letsatsing. Tshwene, ya neng a thibane ditsebe, a thonaka thupa mme a kgotla Kwena ka lehlakoreng la mmele wa hae. Kwena a se ke a sisinyeha, yaba Tshwene o kgotla hape.

“Mohlomong o shwele,” ha rialo Tshwene. Yaba o a matha ho ya bolella diphoofolo tse ding. Diphoofolo tsohle tsa fihla ho tla etsa lepato la Kwena. Tsa ema di bokanetse mmele wa hae di bua. Di ne di batla ho tseba hore ke mang ya tla fumana qubu e kgolo ya kgauta ya Kwena. Kaofela ha tsona di ne ne di batla kgauta eo, ehlile, empa molao wa morung moo o ne o re kgauta eo ke ya leloko la habo Kwena. Jwale hoo e ne e le bothata – ho ne ho se motho ya tsebang ba leloko la habo Kwena ba sa ntseng ba phela. Yaba Kgudu ya bohlale o bitsa kopano lebopong la noka ho tla fumana hore ke mang wa leloko.

Pele ha qala dinonyana, ka masiba a tsona a mebala le mantswe a monate, tsa ema mme tsa bua. “Ke rona ba lokelang ho ba ba leloko la mme wa rona Kwena mona,” tsa bina mmoho. “Esita leha Kwena a ne a se motle jwalo ka rona, o ne a behela mahe a maholo lehlabatheng. Ke rona re tshwanelwang ke qubu ya hae e kgolo ya kgauta.” Diphoofolo tse ding tsa hoeletsa, “TJHEEE BO!” yaba dinonyana di dula fatshe. “Eo ke nnete,” ha rialo Kgudu. “Kwena o ne a behela mahe a maholo lehlabatheng. Na ho na le e mong ya batlang ho bua ho hong ka taba ee?”

 

Ba leloko la mokgodutswane ba ema, mme ba sheba dinonyana hampe. “Ke ditsiebadimo tseo,” ha rialo moetapele wa mekgodutswane. “Ke tseba mekgodutswane e mengata e behelang mahe le yona, mme hohang ha re dinonyana. Kwena e ne e le setho sa leloko la rona ka lebaka la letlalo la hae le mahwashe. Re tshwanelwa ke ho fumana qubu e kgolo ya kgauta.” Diphoofolo tse ding tsa hoeletsa, “TJHEE BO!” mme mekgodutswane ya dula fatshe. “Eo ke nnete le yona,” ha rialo Kgudu. “Kwena o ne a fela a ena le letlalo le mahwashe. Na ho na le e mong ya nang le seo a ka se buang?”

Ho ile ha ba le ho phakgatsa ha metsi ka nokeng, mme ha hlaha dihlooho tse nne tse botala ba lehodimo ka metsing. “Ha re kgathale le haeba o ne a behela mahe, kapa a ena le letlalo le mahwashe,” ha rialo tlhapi. “Le rona re na le dikeile, mme re ne re dula re shebella Kwena ha a sesa ka tlasa metsi kamehla. E ne e le tlhapi, jwaloka rona. Re tshwanelwa ke ho fumana qubu e kgolo ya kgauta.” “Tjhe bo, ha se nnete,” ha rialo moetapele wa mekgodutswane. “Mo shebang moo a robetseng teng. O na le maoto a mane. Ako mpontshe tlhapi e nang le maoto a mane.” “Empa o ne a sesa,” ha rialo tlhapi.

 

“Butle!” ha rialo Tshepe. “Kwena o na le maoto a mane. Bohle lelokong la ditshepe ba na le maoto a mane, kahoo o ne a tshwanetse hoba tshepe. Re tshwanelwa ke ho fumana qubu e kgolo ya kgauta.” “Empa lona ha le behele mahe,” ha bina dinonyana. Ditlhapi tsa hlahella ka nokeng mme tsa hasa dinonyana ka metsi. Dinonyana tsa fofela hodimo marung mme tsa fofela kwana le kwana. “Hobaneng le entse jwalo?” ha botsa e nngwe ya dinonyana. “Haeba le fela le le leloko la habo Kwena, le ka be le rata metsi,” ha rialo tlhapi. “Ho feta moo, na o kile wa bona Kwena a fofa?” Ho eso ye kae diphoofolo tsohle tsa morung tsa lwantshana ka botsona di hoeleditse. “Emang, kaofela ha lona! Butleng!” ha rialo Kgudu, empa ho ne ho se motho ya batlang ho mamela. Hanghang, Kgudu a utlwa ntho e mo thetsang lehetleng mme a hetla. Ntho e tshosang e ne e mo shebile. E ne e ena le mahlo a maholo le meno a bohale. E ne e le Kwena! “Ke ne ke nahana hore o shwele,” ha rialo Kgudu, a thothomela ka hara ntlwana ya hae. “Ke ne ke robetse,” ha rialo Kwena ka lentswe le leholo. “Empa lerata lena ke lona le ntsositseng.” Kgudu a honotha a kopa tshwarelo mme a ya nyamela ka hara moru. Kwena a fetohela ho diphoofolo tse ding. “Hei lona!” a omana. Bohle ba emisa ho lwana mme ba kgutsa. Ba sheba Kwena ka mahlo a tshohileng.

“Ha se moo,” ha rialo Kwena. “Jwale kaofela ha lona le batla kgauta ya ka, ho jwalo? Jwale, taba ya pele, ke lakatsa ho ja dijo tsa mantsiboya le ba leloko la ka ba ntseng ba phela. Kahoo, ke mang ya batlang ho dula le nna re je dijo tse monate?” ha botsa Kwena a itatswa melomo. “Dinonyana ke ba leloko la hao,” ha rialo ditlhapi, di sesa di baleha ka potlako. “Tjhe, bo, ditshepe ke tsona,” ha rialo dinonyana di fofela kwana ho ya hodimo difateng. “Di na le maoto a mane.” Empa leloko la ha tshepe le ne le se le nyametse ka hara meru. “Jwale he,” ha rialo mekgodutswane, “ho setse rona feela. Re a o kopa hle, o se ke wa re kwenya, Kwena.” “Ka le kwenya?” ha rialo Kwena a bososela. “Nka ja jwang ba leloko la ka? Tlohang mona, mekgodutswane. Ha re tsamayeng re ilo ja dijo tsa mantsiboya.”

 

Yaba mekgodutswane e latela Kwena ho ya ha hae, moo ba fihlileng ba ja kuku ya marula mme ba nwa metsi a monate a sediba, mme ba phetelana metlae ba tsheha ho fihlela shwalane e tshwara. Mme ho tloha tsatsing leo, diphoofolo kaofela tsa tseba hore mekgodutswane ke yona leloko la nnete la Kwena, mme mohlang a shwang, ba tla fumana qubu ya hae e kgolo ya kgauta.