Home | Start reading | Multilingual stories | Hobaneng ha mankgane o fofa bosiu

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Hobaneng ha mankgane o fofa bosiu

Author

Kgosi Kgosi

Illustrator

Mdu Ntuli

Translator

Hilda Mohale

Mehleng ya kgalekgaledilemolemo tse ngata tse fetileng, ho ne ho ena le tadi ya morung e bitswang LegotloLegotlo e ne e le motswalle wa hlooho ya kgomo wa Mamanthwane – mankgane. Ba ne ba dula ba le mmoho ka dinako tsohle. Empa Mamanthwane o ne a monela LegotloLegotlo o ne a ena le metswalle e mengata mme bohle ba ne ba mo rata ho feta mankganeLegotlo hape o ne a ena le mosadi ya neng a mo rata haholoMankgane o ne a ena le lefufa bakeng sa dintho tsohle tseo Legotlo a neng a ena le tsona. 

 

Legotlo le Mamanthwane ba ne ba dula ba eja mmoho. Ha mankgane a ne a phehiledijo kamehla di ne di eba monate. “Ke hobaneng ha wena o phehile sopho e eba monate hakana?” ha botsa tadi ya morung. “Kamehla ke kena ka pitseng ke belelle le metsimme letlalo la kale monateKe kahoo sopho e ebang monate tjena,”ha hlalosa mankganeEmpa one a bua leshanoMamanthwane a ithaopa ho bontsha tadi ya morung hore ho etsuwa jwang. A nka pitsa ya metsi a futhumetseng a neng a sa tjhese hoo a ka tjhesang mang kapa mang, empa a bolella Legotlo hore metsi ao a betse. Yaba Mamanthwane o tlolela ka hara pitsa mme a ba a tswa ka potlako. Ha Mamanthwane a tshola sophoya latsweha ha monate jwaloka tlwaeloLegotlo o ne a maketseLeqheka la mankgane le hlile le a sebetsa, a nahana jwalo. 

 

Ha ba qeta ho jatadi ya morung a leba lapeng mme a bolella mosadi wa hae hore o tlilo pheha sopho e monate jwaloka ya mankganeMosadi wa hae a mmotsa hore o tlo e pheha jwang. “Ke lekunutu!” ha rialo Legotlo. Legotlo a kopa mosadi wa hae hore a bedise metsimme eo a etsa jwalo. Ha mosadi wa hae a sa shebaLegotlo a tlolela ka hara pitsa. Mme hanghang a belella le metsi ka pitseng! “Nthuseng! Nthuseng!” a hoeletsa. “Ke a tjha!” 

 

Mosadi wa tadi ya morung a potlakela ho ya mo ntsha ka moo, empa tshenyo e ne e se e le kgoloLegotlo ne a tjhele hampe hoo a ileng a lahlehelwa ke boya ba hae kaofelaLetlalo la hae le ne le le lefubedu le bopinki ka lebaka la metsi a tjhesang. “Hobaneng o ka kena ka hara pitsa ya metsi a belang?” ha botsa mosadi wa hae. “Hobane Mamanthwane o mpolelletse hore seo ke sona se etsang hore sopho ya hae e latswehe tjena,” ha araba Legotlo. 

 

Ha mosadi wa Legotlo a mo sheba mme a bona kamoo a tjheleng ka teng, a lla. A mo isa ngakengempa ngaka ya hloleha ho mo thusa. Ho ena le ho mo thusangaka a re Legotlo a keke a hlola a mela boya hape. Yare ha mosadi wa Legotlo a utlwa ditaba tse bohloko tseo, a halefa haholo! A tlaleha taba ena ho morena le mofumahadi. Ba laela batho bohle ba motseng ho batlana le mankgane e le hore a tle a fuwe kotlo. Batho bohle ba tla ho tla tsomana le mankganeEmpa Mamanthwane o ne a se a utlwetse ka se tlang ho etsahala kahoo o ne a fofile a balehetse morung mme a ipatile. Batho ba motseng ba mmatlaba mmatlaempa ba se ke ba mo fumana kae kapa kae. 

 

Tsatsing le hlahlamangbatho ba motseng ba kena tseleng e lebang morung ho ya bona hore ba keke ba fumana Mamanthwane teng. Ba ne ba nepile – ba ile ba fumana Mamanthwane a ipatile sefateng.Ba mo emela ho fihlela a kgalehamme yaba ba a mo tshwara mme ba mo isa ho morena le mofumahadi. Eitse ha ba fihla morenengLegotlo le mosadi wa hae ba ne ba se ba le moo. Mamanthwane o ne a swabile a sa batle le ho sheba motswalle wa haeLegotlomahlong. 

 “Hobaneng o nkentse tjee? Re ne re le metswalle ya hlooho ya kgomo!” Legotlo a rialo ho mankgane. “Hobane ke ne ke o monela,” ha araba Mamanthwane. “na le dintho tsohle tseo nna ke se nang tsona mme bohle ba o rata mme nna ba ntlhoile.” Baahi ba motseng ba ne ba tshositswe ke karabo ya Mamanthwane. Ba ne ba ipotsa hore ke hobaneng ha Mamanthwane a ne a sa ka a botsa feela motswalle wa hae hore o etsa jwang hore bohle ba mo rate. Yaba morena o re, “Jwale he, o se o file batho bohle lebaka la hore ba o hloye le ho feta.” Morena le mofumahadi ba laela balebedi ho isa Mamanthwane tjhankanengMofumahadi a re, “Kajeno re tla o kwallaHosane re tla etsa qeto hore re ka o fa kotlo efe!” 

 

Tsatsing le hlahlamang hoseng ha balebedi ba tla ho lata Mamanthwane phaposing ya tjhankanao ne a le siyoO ne a balehile mme ha ho motho ya neng a tseba hore o balehile jwangLegotlo le mosadi wa hae ba ne ba kgenne haholo ha ba utlwa ditaba tsenaMorena le mofumahadi le bona ba ne ba halefile haholo. Ba laela batho ba motse hore ba ilo batlana le mankgane hape. 

 

Letsatsi lohle batho ba leka ho fumana le ho tshwara Mamanthwane empa ba hlolehaMamanthwane o ne a fumane lehaha hole le motse oo leo ho seng motho ya tsebang ka lonaLehaha leo ho ne ho le thata ho le fumanaMamanthwane hape a etsa qeto ya ho fetola tse ding tsa ditlwaelo tsa hae – ho tloha tsatsing leo, a tswela ka ntle feela ho ja ha ho le lefifi. 

 Mme he, ke kahoo le kajeno, o kekeng wa bona Mamanthwanemankganemotsheare. O tla mmona bosiu feela a ntse a fofa hohle