Ho fofisa khaete | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Ho fofisa khaete

Written stories

Ho fofisa khaete

Author

Ka Michelle Friedman

Illustrator

Ditshwantsho ka Vian Oelofsen

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

“Tjhe, bo!” ha tshoha Motlatsi le Tshepo nakong eo khaete ya bona e mmala o mofubedu le o motsho e welang hodima ntlo ya Mof Ntshona mme e ikgara ka eriale ya TV.

“Phakisa! Re lokela ho e fasolla!” ha hoeletsa Tshepo.

Motlatsi a phamola kgwele mme a e harela. A tshoha haholo ha a bona eriale ya TV e neng e se e le ya kgale, e kobeha ho fihlela e batla e thetsa dithaele hodima ntlo ya moahisane wa bona.

“Ntate o tlo halefa haholo!” Tshepo a lla, a ikwala sefahleho ka matsoho a hae.

“A keke a halefa jwaloka Mof Ntshona!” Motlatsi a araba. A phamola moenae mme ba ipata kamora karatjhe. “Sheba! Ke yane!”

Ehlile, Mof Ntshona o ne a eme ka ntle pela lemati la hae la kitjhine a itshwere thekeng. Bashemane bao ba ne ba mmona hore o halefile. A sheba hodimo marulelong mme a bona eriale e kobehileng. Yaba o tona mahlo. A sisinya hlooho. A sosobanya sefahleho. A tila ka leoto fatshe. Molomo wa hae o ne o tleberane feela.

“Ntate o itse re fofisetse khaete kwana phakeng feela mme re mo tshepisitse hore re tla etsa jwalo!” ha hoeshetsa Tshepo ho moenae.

“Re mathateng a maholo jwale,” Motlatsi a dumela. “Ha re a mo mamela! O nahana hore o tla etsang?” A nna a raha mobu fatshe.

“Mohlomong Ntate o tla re hlotha khaete ya rona,” ha araba Tshepo, “kapa a se hlole a re fa tjhelete ya ho reka dipompong hape.” A dula a tjametse moenae.

Sefahleho sa Motlatsi se ne se shebeha se swabile haholo. “Ao tjhe! Re tla reng?”

“Re robile tshepiso ya rona. Tshepiso e lokela ho bolokwa.” Tshepo a dula fatshe mme a kenya hlooho ya hae ka hara matsoho a hae.

“Jwale, ho etsahala eng jwale?” ha botsa Motlatsi a ntse a itoma dinala.

Tshepo a ingwaya hlooho. “Ntate a keke a hlola a re tshepa.”

“Seo se bolela eng, Tshepo? Tshepo ke eng?” ha botsa Motlatsi.

“Ssh! Se ke wa buela hodimo! Mof Ntshona o tla re utlwa! Ke nahana hore e bolela hore a keke a hlola a re kgolwa ha re mmolella ho hong,” ha hweshetsa Tshepo.

“O bolela hore jwaloka ha ne ke mmolella hore ke pasitse Dipalo sekolong?” ha botsa Motlatsi, a fufulelwa.

“Tjhe, eo o ile a e kgolwa hobane o ile a bala raporoto ya hao ya sekolo,” ha rialo Tshepo.

“O bolela hore ha nka mmolella hore ke jele aesekerimi bakeng sa dijo tsa motsheare?” ha hlahisa Motlatsi, a leka ho utlwisisa.

Tshepo a sisinya hlooho. “Eseng jwalo hantle,” a rialo. “E lokela hore e be ntho ya bohlokwa.”

“Jwaloka ha ke ne ke lahlile diranta tse pedi tseo a neng a mphile tsona?” ha botsa Motlatsi. “Ke ile ka mmolella hore tjhelete eo e wele ke e kentse ka pokothong.”

“O ne a tseba hore o bua nnete hobane ho ne ho ena le lesoba pokothong ya hao,” ha hlalosa Tshepo. 

“Jwale re tla etsang? Na hoo ho bolela hore Ntate o tla tsamaya a se hlole a kgutla? Kapa o tla re leleka?” ha botsa Motlatsi, a batla ho lla.

Tshepo a sisinya hlooho. “Tjhe bo! Ntate o a re rata! Taba ke hore feela ha o tshepisa motho hore o keke wa etsa ntho, o lokela hore o se ke wa e etsa – hohang. Mme, haeba o tshepisa motho hore o tla etsa ntho, o lokela ho e etsa e le hore a tle a o tshepe. Jwaloka ha o ne o tshepisitse Sibongile hore o tla fumana pene ya hae e ntjha mme wa etsa jwalo! Jwale, sshh!”

Tshepo le Motlatsi ba nyarela hukung ya karatjhe. Ba bona Mof Ntshona a shebile selefouno ya hae. O ne a batla ho founa.

“O tlo founela Ntate! Tjhe bo! Re ka mo thiba jwang?” ha rialo Motlatsi. O ne a se a batla ho baleha ha Tshepo a kgetha ho ikenya tsietsing. A hlahella hantle ka hara kotsi!

“Dumela, Mof Ntshona,” ha rialo Tshepo a atamela terateng. “Ke maswabi haholo ka eriale ya hao.”

Mof Ntshona a mo sheba a mo nyolosa, a mo theosa a tiisitse molomo wa hae. O ne a phefumoloha ka potlako. “Eriale e ntjha e bitsa tjhelete e ngata o a tseba, Tshepo. Mohlomong o tla tlameha ke ho batla mosebetsi o tsebe ho nthekela yona!” Lentswe la hae le ne le phahame jwaloka tshepe e llang.

“Ntate o re fa tjheletana kgwedi le kgwedi,” ha rialo Motlatsi a atamela ho tla ema pela moholwane wa hae. “Re tla sebedisa tjheletana eo ho o rekela eriale e ntjha.” O ne a lakatsa eka a ka be a sa tjho jwalo, empa o ne a tseba hore o lokela ho etsa jwalo.

“Ka nnete?” ha rialo Mof Ntshona a phahamisa lentswe le ho feta. “Le fumana tjheletana ee neng le hona ke bokae?”

“Re fumana diranta tse hlano motho ka mong ka beke,” ba hweshetsa ba le babedi, ba tjhetjhella morao.

“Ke diranta tse leshome ka beke. Re ka e boloka …” ha rialo Tshepo, lentswe la hae le eya tlase. Ho ne ho tla nka nako e telele ho lefella eriale e ntjha mme Ntate o ne a tla qetella a fumane ditaba tsena hore ho etsahetseng.

Bashemane bana ba ne ba duletse ho shebana ba tshohile ba lebetse ka Mof Ntshona. Ha ba mo sheba hape, ba ne ba maketse. Mof Ntshona o ne a fetohile sefahlehong, se le bonolo, se le mosa.

Bashemane bao ba tshwara moya. 

“Bana ting, le nna nkile ka ba le khaete. E ne e le boputswa le bopinki. Ke ne ke eme jareteng ya ntatemoholo wa ka kwana Lesotho ke tshwere kgwele ya yona. E ile ya phahamela hodimo marung. E ne e shebahala e thabile. Ka e tlohela. Ka e shebella ha e fofela hodimodimo ho fihlela ke se ke sa e bone.”

A bososela le bashemane. “Ho lokile, Tshepo le Motlatsi. Nkeke ka bolella ntate wa lona. Eriale yane ya kgale e ne e se e sa sebetse. Ke ne ke ntse ke hloka ho reka e ntjha. Ke tla lata lere mme le tla hlwella ka hodimo le late khaete ya lona.” 

Eitse ha a tsamaya bashemane bana ba mo utlwa a re, “Mohlomong ke bile ke na le tjhokolete e tjhesang le kuku ka mane ka kitjhineng ha se le theohetse fatshe!”

Bashemane bao ba shebana mme ba bososela.

Eba le boiqapelo!

Paleng ena, ho na le tlhaloso ya kamoo sefahleho sa Mof Ntshona se shebahalang ka teng ha a halefile. Kgothaletsa bana ba hao ho taka setshwantsho sa sefahleho sa bona kapa sa motswalle wa bona ha a halefile.