Goggles o ilo pholosa
Home | Written stories | Multilingual stories | Goggles o ilo pholosa

Written stories

Goggles o ilo pholosa

Author

E ngotswe ke Liz Sparg

Illustrator

Ditshwantsho ka Megan Vermaak

Ka bosiu bo bong, Jay a tsoha mme a bona kganya e benyang hodimo sepakapakeng. Ho ne ho ena le ntho e fofang ka potlako e kgolo e lebile fenstereng.   Hanghang, ya emisa. Lemati la buleha, mme sebopuwa se makatsang sa tswa ka moo.  “Arp! Dumela, lebitso la ka ke Goggles. Arp,” sebopuwa sa rialo.   Jay a tona mahlo.  “Arp! Na o a nkutlwa? Na o tseba ho bua? Arp!”

Goggles a botsa.  Jay a leka ho bua empa ha se ke ha tswa modumo ka hanong.  “Arp! Na o ka mpolella hore dintho tsena – arp! – ke ding?” Goggles a phahamisa mokotlana wa polastiki, botlolo ya polastiki le kotikoti e sa tshelang. “Di mela hohle Lefatsheng mona. Di naheng hape di ka hara dinoka mme di phaphalla le lewatle. Na di lokile bakeng sa ho jewa?”  Sebopuwa seo sa leka ho loma botlolo hanyane.  “Tjhe bo, o se ke wa ja ntho eo! Ke polastiki!” Lentswe la Jay le ne le phahame le hlakile hape. “Batho ba lahlela matlakala a bona diterateng, mme a fefohela dinokeng a theohele lewatleng.

Ka nako tse ding ditlhapi le dikgudu tse lapileng di nahana hore ke dijo, mme di a a ja mme di shwe. Polastiki le galase le kotikoti di dula nako e telele, telele, kahoo naha le dinoka le lewatle le mabopo di tletse matlakala,” Goggles a shebeha a hloname.  “Ho ka ba jwang …. arp! … ho ka ba jwang ha nka tjhesa ka hulela matlakala ohle sebakeng? Ke tla iketsetsa polanete e ntjha eo nka dulang ho yona mme Lefatshe le ka hlweka hape mme ditlhapi di keke tsa hlola di ja polastiki.

Arp! Na ke mohopolo o motle oo?”  “Ho lokile,” ha rialo Jay.  Goggles a tlolela ka seketswaneng sa moyeng hape. “Arp! Haeba o ntlhoka, bitsa lebitso la ka makgetlo a mararo,” Goggles a hoeletsa ha seketswana sa moyeng se tloha. Jay a shebella seketswana sa moyeng ha se nyolohela hodimodimo. Se ne se hulela matlakala ho sona se a tlosa diterateng, se a ntsha dinokeng, se a tlosa mabopong se a ntsha le mawatleng.  Letsatsing le hlahlamang, batho bohle ba tsoha ho Lefatshe le kganyang le letjha. Ho se matlakala hohle. Metsi a hlwekile, diterata di hlwekile le dintho tsohle di hlwekile.

Batho bohle ba ne rata Lefatshe le Hlwekileng.  thusang ho boloka Lefatshe le le letle. Ba tla ikutlwa ba thabile ditorong tsa bona hoo ba tla batla ho dula ba etsa dintho tseo ha ba tsoha. Arp. ”  Mme seo sa tsahala jwalo feela.   Goggles a romela lerole la toro la kgauta le fofa hohle lefatsheng. Bosiung boo, dimilione le dimilione tsa batho ba lora eka ba etsa dintho tse hlokomelang meru le dithota le dithaba le dinoka le mabopo le mawatle. Ba ikutlwa ba thabile ba tletse kgotso ditorong tsa bona. Mme yare ha ba tsoha, ba tswa ba ya etsa hantle tsona dintho tseo ba neng ba lora ba di etsa. Ba etsa hore Lefatshe le be letle hape.

Empa ha ho motho ya ileng a fetola tsela ya ho phela. Ba ile ba nna ba lahlela matlakala a bona diterateng. Ka nako e seng kae, diterata le dinoka le mabopo di ne di silafetse jwaloka pele hape. Jay a etsa qeto ya ho bitsa Goggles a kope thuso. “Goggles, Goggles, Goggles! Lefatshe le mathateng hape!”  FUTHU! Sekepe sa moyeng sa hlahella.  “Arp! Kgetlong lena ke tla leka lerole la ka la toro,” Goggles a bolella Jay. “Batho bohle ba Lefatsheng ba tla lora eka ba phutha matlakala, arp! mme ba jala difate, arp! ba a resaekela, arp! mme ba etsa dintho tsohle tse 

 

Monate wa Nal’ibali

Mehopolo eo le ka buang ka yona

Ho lahlaka matlakala ho etsang tikolohong ya rona? O ka etsang ho hlokomela tikoloho ya heno?

Setshwantsho

Taka setshwantsho ho bontsha hore o nahana hore lerole la kgauta la torong le ne le shebeha jwang ha le fofa ho potoloha lefatshe.

Ho bala

Bala hape serapa moo Jay a hlalosang kamoo matlakala a qetellang a kene dinokeng le mawatleng a rona, le mabopong a mawatle a rona. Etsa daekramo ho bontsha ka moo sena se etsahalang. Taka ditshwantsho tse nyane, tse leibotsweng le tse nang le metsu dipakeng tsa ditshwantsho.

Ho ngola

Ngola sengolwa sa koranta se mabapi le ditsela tse fapaneng tseo ka tsona Goggles e thusitseng ho etsa hore Lefatshe le be letle hape. Se ke wa lebala ho fa sengolwa sehlooho se hohelang! Taka setshwantsho se tsamayang le sengolwa sa hao.

Mosebetsi wa matsoho

Sebedisa hape disebediswa tse jwalo ka makotikoti, dibotlolo tsa polasetiki le mabokose a khateboto tse atisang ho lahlwa. Di kgabise ka ho sebedisa pampiri, mabenyane, pente le/kapa dikerayone ebe o di fetola dintho tseo wena le ditho tsa lelapa leno le ka di sebedisang, jwalo ka ditshelo tsa dipensele, divase le ditshelo tsa polokelo. Etsa phoustara o sebedisa mohopolo o le mong kapa e mmedi ya dintho tse ka etswang hore re hlokomele tikoloho.