Eng kapa eng e ka etsahala
Home | Written stories | Multilingual stories | Eng kapa eng e ka etsahala

Written stories

Eng kapa eng e ka etsahala

Author

Dorah Masigo

Illustrator

Samantha van Riet

Mehleng ya kgalekgale, Kgoho hammoho le ditsuonyana tsa hae ba ne ba dula tshimong e le nngwe le Kgomo.

Kgomo o ne a rata ho tsamaya a ntse a fula ha a parola tshimo ho etela motswalle wa hae Kgoho. Empa eo e ne e le nako e boima. Pula e ne e diehile ho na selemong seo, mme jwang bo ne bo fokola haholo. Kgomo o ne a lapile haholo ha a ntse a tsamaya butle ho leba serobeng sa Kgoho. Rapolasi o ne a lebetse ho reka furu.

Kgoho a thaba ha a bona Kgomo. “Dumela motswalle wa ka”, ha rialo Kgoho. “E re ke o tlisetse metsi a phodileng, a hlwekileng o ke o nyae qoqotho. O tlameha o nyorilwe ka mora ho tsamaya nako e telele.” Yaba Kgoho o matha ka lebelo ho ya kgella Kgomo metsi a ho nwa.

Ha Kgomo a ntse a bothile tlasa moriti wa sefate se seholo sa meutlwa, ditsuonyana tse tharo di ne di ntse di bapabapala pela hae. Di ne di nonne hamonatjana, di le tshehla ekare ke dithungthung tsa sefate sa tabebuia seo ka dinako tse ding Kgomo a se bonang ha e le nako
ya selemo.

Jwale lephako la Kgomo la uba le ho rora ha a ntse a shebile ditsuonyana tsena di bapala. A phahamisa hlooho, a hetla ka letswalo le molato. A qala ho sheba ka ho le letona, a sheba ka ho le letshehadi, a ntano sheba ka ho le letona hape. Kgoho o ne a ntse a sa bonahale.

Nnete ke hore ka tlwaelo dikgomo ha di je nama, empa hopola hore eng kapa eng e ka etsahala! Kgomo o ne a lapile hoo le pele a ka inahana a ileng a re rao, yaba o qala ho lelekisa dibolonyana tseo tse tshehla tse manoni!

 

Ditsuonyana tse tharo tsa qhalakana ka pela Kgomo di ntse di re tsuo tsuo, di sa nahane letho le lebe: “Re lebelo, re a tswapela le ho thinya hona mona. O ke ke wa re tshwara lekgale. Re lebelo, re a tswapela le ho thinya hona mona. O ke ke wa re tshwara lekgale.” Yaba di etsa jwalo di ntse di re tsuo tsuo le ho etsa lerata di qabohile.

Ka yona nako eo, Kgoho a kgutla ka metsi bakeng sa Kgomo. A sheba lerole le qobileng moo ditsuonyana tsa hae di leng hona teng.

“Ho etsahalang?” Ha botsa Kgoho a bososetse ho ditsuonyana tsa hae tse tharo.

“Kgomo o ntsa bapala le rona, o leka ho re tshwara,” ditsuonyana tsa rialo di bile di wenala hodimo, maotwananyana a tsona a qethohela moyeng.”

“Empa o matha butle haholo,” tsa rialo. Yaba di a qothoma le ho tswapela dipakeng tsa maoto a Kgomo ho bontsha kamoo di bileng lebelo kateng.

“Tlohelang ho kgathatsa moeti wa rona lona,” Kgoho a kakatletsa ditsuenyaneng tsa hae pele a ikela ho ya kga metsi a eketsehileng bakeng sa Kgomo.

Ha Kgoho a qala a re pote! Kgomo a tloseletsa ho lelekisa ditsuonyana, a leka ka matla hore bonyane a mpe a qhautse e le nngwe. Empa tsa qhalakana di ntse di bina: “Re lebelo, re a tswapela le ho thinya hona mona. O ke ke wa re tshwara lekgale. Re lebelo, re a tswapela le ho thinya hona mona. O ke ke wa re tshwara lekgale.”

Nakong eo Kgoho a kgutlang, leleme la Kgomo le ne le se le leketletse kantle, mme ka mothamo o le mong feela a nwa metsi ao Kgoho a a behileng ka pela hae.

“Ba dula ba le tlasa maoto a motho bana. Ba ithatela ho bapala,” ha rialo Kgoho. “Empa bonyane ke a tseba hore ba sireletsehile ho phakwe, ya dulang a shebile a le hole.” Kgoho a sheba hodimo ka matswalo a ntano bososella Kgomo. “Ke a leboha ka ho sala o mpehetse bona leihlo ha ke ile,” a bolella motswalle wa hae.

Kgomo o ne a tseba hore seo hase sona se hlileng se etsahetseng, mme le hoja a ne a ikutlwa a le molato, a dumela ka ho oma hlooho a kgathetse. Empa jwale o ne a shwele ke tlala. Ho mathisa ditsuonyana ho ne ho nkile matla a hae kaofela.

Ka mora nako, Kgomo a ema mme a fonanisa Kgoho, a ntse a ipotsa hore na ebe o tla kgona ho tsamaya a be a yo fihla moo a dulang.

Kgomo a fihla a thekesela moo a dulang ha meriti e theha. O ile a imoloha hakaakang ha a bona tutudu ya furu e neng e tlile le rapolasi. Jwale ha a qala ho ja, a se ke a hlola a kgaotsa. A ja, a ja, aja, ho fihlela mpa ya hae e budulohile hoo a ileng a qala ho phaphalla ho fihlela a fihla kgweding, e ka ke balunu e kgolo, e dipatlo. Hobane, o nno hopole, eng kapa eng e ka etsahala!

 


 

Eba mahlahahlaha ka pale!

  • Ke eng e sa tlwaelehang ka ho fetisisa eo o kileng wa e ja? Taka setshwantso sa sejo seo. Tlasa setshwantsho seo, hlalosa monko le tatso ya sejo seo.
  • Ngola qetello e ntjha bakeng sa pale ena. Ho ka be ho etsahetse eng hoja ha Kgomo a fihla hae o ile a fumana ho se na furu eo a ka e jang? Hopola, eng kapa eng e ka etsahala!