Timi le mokuti wa meriri | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Timi le mokuti wa meriri

Written stories

Timi le mokuti wa meriri

Author

Ndidi Chiazor-Enenmor

Illustrator

Natalie and Tamsin Hinrichsen

Translator

Hilda Mohale

Timi le mme wa hae ba ne ba dula Mozala Town. Ho ne ho ena le ntho e sa tlwaelehang mabapi le Timi – moriri wa hae! O ne o hola kapele. O ne o hola kapele hoo Moqebelo o mong le o mong, mme wa Timi a neng a tlameha ho mo isa ho mokuti wa meriri ho ya kuta moriri wa hae. Mme ha ho ne ho na le ntho e le nngwe eo Timi a neng a sa e rate, e ne e le ho kutwa moriri! Nako ya ho kuta moriri e ne e le nako e ngongorehisang Mme hobane Timi o ne a dula a lla. “Ha ke batle ho ya kuta moriri!” o ne a dula a rialo.

Mme o ne a mo haka ka matsohong a hae pele ba eya sebakeng sa ho kuta meriri, empa hang feela ha ba fihla, Timi o ne a qalella ho bokolla. Jwale ebe Mme o tla qala ho etsa dintho tsena kaofela ho leka ho etsa hore Timi a dule a tsitsitse ha a ntse a kutwa moriri. Ka nako e nngwe o ne a mo fa dibisikiti. Timi o ne a rata dibisikiti, empa o ne a di bjabjaretsa kapele mme a qalelle ho lla hape. Ka nako tse ding Mme o ne a tantsha ka pela hae. O ne a tantshetsa ka ho le letshehadi. A tantshetse ka ho le letona. O ne a sisinya mmele wa hae, empa Timi o ne a lla a sa kgathalle letho. Hang ha Jango, mokuti wa meriri, a itokisetsa ho kuta Timi, Timi o ne a itokisetsa ho lla le ho feta! Pele o ne a qala ka ho hlefetsa, ebe o a lla, a qetella ka ho bokolla, “Iyoo, Iyoo, iyoo!”

 

 “O kutwa moriri feela, Timi. Ha ho bohloko,” Jango o ne a rialo, a leka ho kokobetsa Timi, empa seo se ne se etsa hore Timi a lle le ho feta. Ka nako e nngwe Jango o ne a bina ho leka ho thodisa Timi, empa Timi o ne a tswela pele ho lla. Ka tsatsi le leng, Timi a llela hodimo hoo batho ba fetang ka ntle ba ileng ba nyarela ka sebakeng sa ho kuta meriri ho bona hore moshanyana eo o lliswa ke eng hakana! “Ao, bathong! Ke moshanyana feela ya kutwang moriri ,” ba rialo. Timi o ne a sa kgathalle hore batho ba ne ba tla ho mo shebella. O ne a lla haholo ho fihlela Jango a qeta ho mo kuta. Ka tsatsi le leng, a bokolla haholo hoo Nkgono Binite a ileng a hlotsa a kena ka lere la hae. O ne a dula tlung e pela sebaka sa ho kuta meriri, mme o ne a tsositswe ke seboko sa Timi a ntse a robetse, a iphomoletse motshehare.

 

“Ao, bathong!” Nkgono Binite a rialo. “Ke ne ke nahana hore ho na le ntho e mpe e etsahalang!” Yaba o hlotsa a ikgutlela ha hae ho ya latela Timi leqa la tlhapi eo a e hadikileng e monate. “Ke tshepa hore sena se tla etsa hore a tlohele ho lla,” a nahana jwalo. Empa yare ha a fa Timi tlhapi, a e akgela ka molomong wa hae, a e hlafuna mme a e kwenya … yaba o tswela pele ho lla! Kamora hoba Timi le mme wa hae ba tsamaile tsatsing leo, Jango a dula fatshe a nwa tee mme a nahanisisa. Ruri ho ne ho tlameha hore ho be le tsela ya ho etsa hore Timi a se ke a lla hakana ha a kutwa moriri! Ke moo Jango a ileng a tlelwa ke mohopolo o motle! “Ha se moo! Ke fumane tharollo,” a hoeletsa a thabile. Ha Timi a etla lekgetlong le latelang, eitse hang ha Jango a ntsha sekere sa hae, a qala ho phetela Timi pale. “Ho kile ha eba le moshanyana ya neng a sa rate ho kutwa moriri, kahoo o ne a o tlohela hore o hole, o be molelele,” ha rialo Jango. “Moriri o ile wa hola ho fihlela hlooho ya hae e tletse mafitofito a moriri. Ho se hokae mafito ao a harelana.” “Ha etsahala eng kamora moo?” ha botsa Timi, ya neng a se a sa lle.

 

 

 

“Dintsintsi le dikokwanyana tse ding tsa iketsetsa mahae ka hara moriri wa hae,” Jango a tswela pele. “Jwale, ha etsahala eng ka yena?” ha botsa Timi, a shebahala a kgathatsehile. “Moshanyana enwa a qala ho hula moriri wa hae mme a ingwaya hobane dikokwanyana tse neng di tsamaya hloohong ya hae di ne di etsa hore e lome haholo. O ne a o hula a ingwaya, a o hula a ingwaya letsatsi lohle. Kamora nakwana hlooho ya hae le matsoho a hae tsa qala ho ba bohloko ka lebaka la ho hulwa le ho ngwauwa,” ha rialo Jango. “Kgele, ke ntho e mpe hakaakang! Ha etsahalang ka mora moo?” Timi a botsa, a qenehela moshanyana eo. “Hlooho ya hae le matsoho tsa ruruha,” ha tswela pele Jango. “Ka tsatsi le leng, mme wa hae a mo tlisa sebakeng sa ka sa ho kuta meriri. Mme hang ha ba fihla mona, a tlolela setulong hore ke kute moriri wa hae. O ile a dula a kgutsitse ele hore ke tle ke kgone ho mo kuta hantle ka ho fetisisa.”

“Ka nnete?” ha botsa Timi. “Ehlile!” ha rialo Jango. “Mme yare ha ke qetile ho kuta moriri wa moshanyana eo – jwalo feela ka ha ke entse ka wa hao hona jwale – moshanyana eo a nhaka haholo feela.” Timi a sheba hlooho ya hae. O ne a qetile ho kutwa moriri! O ne a natefetswe ke pale haholo hoo a sa kang a elellwa hore Jango o ntse a mo kuta. A tlola, a theoha setulong mme a haka Jango haholo feela. Mme le a tseba ke eng? Timi ha a ka a hlola a lla hape sebakeng sa ho kuta meriri hobane Jango o ne a dula a ena le pale e ntjha eo a mo phetelang yona ha a etla! Mme mme wa Timi o ne a thabile haholo hobane dipale tsa Jango di ne di bolela pheletso ya ho kgathatseha ha hae ka ho kuta moriri ha beke le beke.