Seipone ka hara moru | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Seipone ka hara moru

Written stories

Seipone ka hara moru

Author

Ka Melody Ngomane

Illustrator

Ditshwantsho ka Magriet Brink le Leo Daly

Listen to the story here

E ne e le letsatsi le tjhesang thoteng e nngwe Afrika ha Mmutla o theohela phulaneng ho ya nwa metsi. O ne a qhomaqhoma butle ka hara motjheso pela tselana e lerole ha a bona seipone se benya letsatsing. Mmutla o ne a eso ka a bona seipone kahoo a makala hore ebe phoofolo eo e makatsang ke eng. Ha a ntse a atamela, a makala, ha a bona thota ka hara sona le mmutlanyana o mosweu o tshwanang le yena o mo shebile. Mmutla a matha ka lebelo le leholo ho ya kopa thuso.

“Thusang! Ke mang ya ka nthusang hle?” a hoeletsa.

Phokojwe o ne a phomotse tlasa moriti wa sefate se seholo kamora ho tsoma. Ha a utlwa Mmutla a hoeleditse a kopa thuso, a iketsa eka ha a utlwa letho mme a tshepa hore diphoofolo tse ding di tla mo thusa hobane yena o ne a kgathetse. Empa pele a ka nahana, Mmutla a mathela moo Phokojwe a phomotseng teng.

“Phokojwe, nthuse! Selalome, selalome!”’ mmutlanyana o mosweu wa lla.

“Selalome? Hokae?” ha botsa Phokojwe, a idimola.

“Tlase mane pela tselana e lebang nokeng. Se kwentse thota kaofela le mmutlanyana o mosweu o tshwanang le nna,” Mmutla a bokolla.

Pele Phokojwe a qala ka ho leleka Mmutla hobane o ne a sa kgolwe hore ntho e jwalo e ka etsahala. “Haeba selalome se kwentse thota kaofela, hobaneng rona re ntse re le mona, re se ka hara selalome seo?”

Mmutla a hloleha ho araba potso eo, empa a tswela pele ho kopa thuso. Phokojwe a ya bitsa Lengau ele hore ba tle ba ye ba le bararo ho ya bona selalome sena se makatsang.

Phokojwe le Lengau ba sala Mmutla morao ho ya moo selalome se leng teng. Butlebutle, ba nanara ho atamela seiponeng. Ha ba atamela, ba bona diphoofolo tse tharo di ba shebile. Diphoofolo tse ka hara mpa ya selalome di ne di tshwana le bona hantle! Ba hoeletsa ke ho tshoha mme ba mathela tlase nokeng ho ya bitsa Kubu.

“Kubu, re kopa o tle o tlo re thusa. Selalome se kwentse thota le diphoofolo tse tharo tse tshwanang le rona!” ha rialo Phokojwe, a bua ka potlako e kgolo.

Kubu a se ke a ba nkela hloohong mme a tswela pele ho natefelwa ke ho sesa hobane o ne a nahana hore diphoofolo tseo di leka ho mo qhekanyetsa. Empa yare ha a bona kamoo di tshohileng kateng, a tswa ka metsing. Yaba Kubu, Lengau, Phokojwe le Mmutla ba potlakela moo seipone se leng teng.

Ha ba fihla moo, Mmutla le Phokojwe ba salla morao hobane ba ne ba tshohile hore phoofolo eo e makatsang e tla ba kwenya le bona. Lengau le Kubu ba mathela ka pele ho ya hlasela phoofolo ena e makatsang … empa ha ba bona kubu le lengau di mathela ho bona, ba baleha ba hoeleditse, “Selalome! Selalome!”

Diphoofolo tse nne tsena tsa matha ho ya batla Tau mme tsa mmolella ditaba tsena tsa phoofolo e makatsang.

“E kwentse mmutla, phokojwe, lengau le kubu,” ha hlalosa diphoofolo di bua ka nako e le nngwe.

“Hape e kwentse le thota yohle,” ha eketsa Mmutla.

“Ebile diphoofolo tse ka mpeng ya sona di ne di batla ho re hlasela!” ha rialo Kubu.

Tau o ne a qala ho utlwa ntho e tjena, kahoo a potlaka ho bitsa mohlape wabo wa ditau mmoho mme ba potlaka ho ya hlasela selalome seo. Mmutla, Phokojwe, Lengau le Kubu ba latela ba ntse ba tsamaya butle ka morao.

Tseleng, ba kopana le Tshwene, ya neng a shebahala eka o batlana le ho hong. A tlolela ka pela Tau.

“Kgele, Tau, ke thabetse ho o bona,” a rialo. “Ke kopa o nthuse ho batlana le seipone sa ka. Ke nahana hore ho na le motho ya se utswitseng.”

“Tloha tseleng, wena Tshwene. Re na le ntho ya bohlokwa eo re lokelang ho e etsa. Re tatetse ho ya hlasela selalome se kwentseng diphoofolo le thota,” ha rialo Tau a fela pelo.

Tshwene a sutha tseleng empa a qeta ka hore o tla sala diphoofolo morao hobane o ne a batla ho ya bona hore selalome seo se jwang.

Ha diphoofolo di atamela moo seipone se leng teng, ditau, Kubu le Lengau tsa ema di thotse di loketse tlhaselo. Yaba di mathela seiponeng! Empa yare ha di bona sehlopha sa diphoofolo tse halefileng di etla ho tsona di matha, kaofela ha tsona tsa hasana ka hara jwang bo bolelele. Yaba tse ding di manama fatshe, tse ding tsa ipata kamora dihlahla mme tse ding tsa palama difateng.

Ha tshwene e lemoha hore seo diphoofolo di se tshabang hakana ke seipone sa hae, a wela fatshe ke ditsheho. A mathela ho sona, mme yare ha a itjheba ho sona a ntse a tsheha, a re, “Haesale ke batlana le wena letsheare kaofela, seipone sa ka.”

Yare ha diphoofolo tse ding di bona Tshwene a eme ka pela phoofolo eo e makatsang le kamoo selalome seo se neng se tletse setswalle ho yena, tsa tswa moo di neng di ipatile teng mme tsa qala ho botsa Tshwene dipotso mabapi le phoofolo eo e makatsang.

“Sena ke seipone, ha se phoofolo. O itjheba ka hara sona. Bona, ke nna enwa ya ka seiponeng,” ha hlalosa Tshwene, a phahamisitse seipoine.

Ha diphoofolo di utlwa sena, kaofela tsa tsheha ha monate mme tsa qeta nako e telele di ntse di itjheba ka seiponeng.