Phama le pete ya poone
Home | Written stories | Multilingual stories | Phama le pete ya poone

Written stories

Try our growing collection of stories to print out or read aloud at home with the whole family.

Phama le pete ya poone

Author

E ngotswe ke Margot Bertelsmann

Illustrator

Ditshwantsho ka Chantelle le Burgen Thorne

Listen to the story here

Phama o ne a ena le pete ya poone. Mme o ne a sa tsebe hore ke pete ya meijiki. “Ka letsatsi le leng, pete ena e tla fepa

setjhaba,” ha rialo Phama,”. Mme a tsheha. Phama a lema pete ya hae mme ya hola yaba ya hola. Ya hola ho ya hodimo hoo e

ileng ya qetella e nyametse marung.

“Ke tla palama ho ya fihla hodimodimo,” Phama a rialo. Ntate a mo tsheha. Lentswe le phahameng la hoeletsa. “Fofonela-

hlwephetsa-nkgisa-monko! Ke nkgelwa ke madi a ntho e sa ntseng e hola!” E ne e le ledimo le kgopo.

 “O ka nna wa ntshwara ha o ka kgona,” Phama a mo qala. Phama a bona mokotla wa meijiki.

Ka hare ho ne ho ena le kgauta yohle eo setjhaba se neng se e epe morafong. Phama a bona sebini sa meijiki.

O ne a tseba dipina kaofela tseo setjhaba se kileng sa di bina. Phama a bona lekgansi la meijiki.

Le ne le behela mahe a kgauta a lekaneng batho bohle. “Ke tla kgutla ke o tlele letlotlo,”

Phama a hoeletsa a shebile tlase ho Nkgono ya neng a le fatshe. Nkgono a fehelwa.

Phama a kga poone e butswitseng lehlakeng. A e besa mollong. A qhibidihisa botoro hodima dipete tsa kgauta mme a pheulela

monko hodimo ho ya nkong ya ledimo. “Ntlisetse lehlokwana la ka la meno le leholohadi,” ledimo la hoeletsa. Empa Phama o ne

a se a tsamaile. 6 Esitana le mokotla. Le sebini. Le lekgansi. Esitana le lehlaka la poone le ne le le siyo. Phama o ne a le kapile le

le fatshe, o a bona.

 

Monate wa Nal’ibali

Mehopolo eo le ka buang ka yona

Na ho nepahetse hore Phama a inkele letlotlo la senatla ntle le ho kopa? Hobaneng o nahana jwalo/hobaneng o sa nahane jwalo? O nahana hore Phama o ilo etsang ka mokotla wa letlotlo la senatla le sebini? O ne o tla etsang ka tsela e fapaneng haeba o ne o le Phama?

Setshwantsho

Taka setshwantsho sa hao sa Phama le senatla se tshabehang se bontshang ka moo senatla se leng seholo ka teng.

Ho bala

Eba lefokisi la mantswe! Shebisisa pale. Na o ka fumana dintho tseo Phama kapa senatla se tshabehang ba di fofonetseng, ba di boneng kapa ba di latswitseng?

Ho ngola

Nahana eka Phama o ngola taba dayaring ya hae bakeng sa letsatsi leo a hlwelletseng hodima lehlaka la poone. O ka qala tjena: Dayari e Kgahlehang, Le ka mohla o ke ke wa hakanya se etsahetseng kajeno …

Mosebetsi wa matsoho

Boloka diqo tsa poone eo o e jeleng. Beha dipente tsa mebala e fapaneng ka ditshelong tse nyane. Qopetsa diqo tsa poone ka penteng, ebe o di sebedisa ho hatisa dipaterone le disheipi tse fapaneng pampiring.

Tshebetso

Nahana eka o senatla se tshabehang. Tsamaya o potoloha ka moo o nahanang hore o ne a tla etsa ha o ntse o re “Fofonela-hlwephetsa-nkgisa-monko! Ke nkgelwa ke madi a ntho e sa ntseng e hola!” ka lentswe le leholo, le kgarumang.