O monyane haholo | Nal'ibali
Home | Story Resources | Multilingual stories | O monyane haholo

O monyane haholo

Author

E ngotswe ke Dorothy Dyer

Illustrator

Ditshwantsho ka Magriet Brink le Leo Daly

Mme Tau o ne a etla hae! E ne e le nako e telele a tsamaile lapeng ho ya ithuta, mme ba lelapa la hae ba ne ba mo hopotse. Bohle ba ne ba thabile haholo. Empa Thapelo, kgorula baneng ba hae, ke yena ya neng a thabile ka ho fetisisa.

Ka letsatsi leo Mme Tau a neng a fihla ka lona, lelapa lohle ba qetile nako ya hoseng ba etsa ditokisetso. Letsatsi le ne le tjhabile ka ntle. Thapelo o ne a raha bolo ka ntle jwanng. O ne a batla ho bontsha mme wa hae kamoo bokgoni ba hae ba bolo ya maoto bo ntlafetseng ka teng ho tloha mohlang a ne a mo qetela. “Tshwara moo, Bless,” a hoeletsa ntja. Empa Bless a sheba bolo feela mme a kena ka tlung.

Thapelo a sala ntja morao mme a ya batla kgaitsedi ya hae e moholo, Refilwe. Refilwe e ne e le DJ. O ne a le motle hoo a neng a rwala diborele tsa letsatsi le ka hara ntlo. Refilwe o ne a le ka phaposing ya hae mme a lokisetsa hore mmino o lle hang ha Mme a kena lemating la ka pele. “Ha ke no bapala repe yane eo a sa e rateng,” Refilwe a rialo. “Kajeno re tla mamela jeze feela. Kamoo Mme a e ratang feela.” A rola diborele tsa hae tsa letsatsi mme a robela Thapelo leihlo. “Mohlomong o ka tantsha le Mme.”

Yaba Refilwe o kenya dimamedisi (headphones) tsa hae mme a qala ho oma ka hlooho ho ya ka morethetho wa mmino.

“Na nka o thusa?” ha botsa Thapelo.

“Eng?” ha botsa Refilwe, a rola dimamedisi tsa hae. “O itseng?”

“Na nka o thusa?” Thapelo a buela hodimo.

“Ha ho hlokehe hore o hoeletse,” Refilwe a rialo. “Ke kgona ho o utlwa hantle.” Yaba o sisinya hlooho. “Ntho tsohle di khomputeng, Thapelo. Kahoo, o keke wa kgona ho thusa. O monyane haholo.”

Thapelo a ya batla moholwane wa hae, Saul. O ne a le ka kitjhineng, a baka e nngwe ya dikuku tsa hae tse kgethehileng. Kamehla ha ho ena le moketjana o ikgethang, Saul o ne a baka kuku. Ka letsatsi la tswalo la Thapelo le sa tswa feta, o ne a ile a etsa kuku ya tjhokolete e nang le diSmarties ka hodimo.

Saul o ne a apere forosekoto se metsero mme a ntse a fuduwa motswako wa kuku ka hara sejana se seholo. “Ena ke kuku ya sirilamunu,” a bolella Thapelo. “E ratwang ke Mme haholo.”

“Na nka o thusa?” ha botsa Thapelo.

“Tjhe,” a rialo. “Nakong e fetileng o ile wa diha lehe fatshe. Ke maswabi, Thapelo. O monyane haholo.”

A tsamaya mme a batlana le kgaitsedi e nngwe ya hae, Mampotoko, ya neng a ntse a etsa mekgabiso ka phaposing ya ho phomola. Ho ne ho ena le diketane tsa pampiri le dibalunu. “Na nka o thusa?” a botsa.

“Nka, ha re bone hore na o ka kgona ho butswela tsena,” a rialo, a fa Thapelo dibalunu tse ding. Thapelo a kgetha e kgubedu mme a qala ho butswela. A leka a ba a leka empa o ne a sa kgone ho e tlatsa moya o lekaneng.

“Ao tjhe,” a rialo a utlwile bohloko. Ke monyane haholo.

Yaba Thapelo o ya ho batla Ntate. O ne a dutse tafoleng, a ntse a phuthela sefaha sa molaleng bakeng sa Mme. “Sefaha sena se na le mebala eo a e ratang,” a rialo. “O perese le o motala. Se setle, ha ho jwalo?”

Thapelo a bona pampiri ya ho phuthela e nang le dinaledi.

“Na nka o thusa ho phuthela sefaha sa molaleng?” ha botsa Thapelo.

“Tjhe, ke maswabi, Thapelo, o monyane haholo,” ha rialo ntatae.

Thapelo a utlwa bohloko. A sheba ntja yabo, Bless, e dutse pela Ntate. “Tloo, Bless,” a e bitsa. Empa Bless ya itulela moo. “Esitana le Bless o nahana hore ke monyane haholo,” Thapelo a nahana jwalo.

Thapelo a tswela ka ntle mme a dula setupung se ka pele. “Ke lakatsa eka nka hola ka ba motelele jwaloka ledimo,” a nahana jwalo. “Mme kaofela ha bona ba ne ba tla ntshaba mme ha ho motho ya neng a tla re ho nna, ‘o monyane haholo.’”

Ka yona nako eo a utlwa motho a hoeletsa ka tlung. “Bless! Bless, kgutla!”

Bless a matha a feta Thapelo mme a potela ka mora ntlo. Mme ka mora Bless ho ne ho matha Ntate. Ya eba Saul. Ya eba Refilwe. Mme ya eba Mampotoko. “Ntja eno e utswitse mpho ya Mme!” Ntate a hoeletsa a feta Thapelo. Thapelo le yena a ba sala morao a lelekisa Bless.

Bless a tlola a tswa le lesobeng la terata, a tlolela ka jareteng ya baahisane. “Kgutla wena Bless!” ba hoeletsa. Mme kamora nakwana Bless a kgutla … empa a sa tshwara mpho!

“Jowee! O e siile ha moahisane!” Ntate a honotha. “Mme ba ha Sithole ha ba yo ba tla kgutla hosane! Kahoo, e tla dula ka nqane ho terata ho fihlela ba kgutla!”

“Nka nna ka kena le lesobeng leno ka se lata,” Thapelo a etsa tlhahiso.

“Tjhe,” ba buela hong. “O mony…” Ba thola. Ba sheba Thapelo.

“O tla lekana?” ha botsa Refilwe.

“Na o monyane ho lekaneng?” ha botsa Saul.

Thapelo a kgumama fatshe mme a ipetetsa lesobeng. A feta ha bonolo feela. Mane, hodima jwang ka jareteng ya ba ha Sithole, ho ne ho dutse mpho e phuthetsweng, e tabohileng hanyane pampiring ya ho phuthela. A nka mpho eo mme a ipetetsa hape lesobeng ho kgutlela ka nqane ho terata.

“Oho, Thapelo,” ha rialo Ntate. “O mampodi!”

“Ha re opeleng Thapelo hararo!” ha rialo Saul, mme bohle ba mo haka.

Hamorao mantsiboyeng ao ha eba le ho kokota monyako. E ne e le Mme! Thapelo a mathela ka matsohong a hae.

“O hodile hakaakang, moshanyana wa ka,” a rialo. “Bona feela hore o se o le motelele hakae.”

“Empa ke ntse ke le monyane haholo, Mme,” a araba.

“Tjhe!” bohle ba hoeletsa.

“Tjhe, ha o monyane!” ha rialo Ntate, “O boholo bo lekaneng hantle!”