Ntja

Written stories

Ntja

Author

Kai Tuomi

Illustrator

Jiggs Snaddon-Wood

Translator

Hilda Mohale

Ha lefatshe le ne le sa le letjha, Ntja e ne e le ntho e hlaha. E ne e qeta matsatsi a yona e solla naheng e le nngwe. Bosiu e ne e robala e beile hlooho ya yona hodima maoto a yona a boya mme e lebetse lehaha la yona.

Nobantu, mosadi wa pele, o ne a dula ntlong e nyane haufi le lehaha la Ntja. Ka bosiu bo bong ha a ntse a tsamaya a eya hae, Nobantu a bona Ntja e beile hlooho ya yona hodima maoto a yona a boya, e robetse, e butse leihlo le leng , mme a utlwa a e hauhela.

“Ke a ipotsa hore ebe nka etsang ho thusa Ntja?” a nahana jwalo. “E shebahala e jewa ke bodutu.”Ha Nobantu a ntse a nahana leqheka, Ntja ya tsoha mme ya mmohola.“Ntja,” a e bitsa, “o molebedi ya kgabane.”

“Ee,” Ntja ya rora, “Ke nna molebedi ya fetang bohle morung ona ohle. Ditsebe tsa ka di utlwa hantle hoo ke kgonang ho utlwa le leratanyana le lenyane feela, mahlo a ka a bona lefifing, mme kamehla ke robala ke butse leihlo le le leng.”

“Ho a makatsa,” ha rialo Nobantu. “Na o ka nthuta ho ba molebedi ya hlwahlwa? Tloo tlung ha ka hosane ha letsatsi le dikela. Ha o ka tla, ke tla o tsholela dijo tse tjhesang.” Ntja e ne e eso ka e eja dijo tse tjhesang haesale, empa ho ne utlwahala eka di monate.

Ha letsatsi le dikela tsatsing le hlahlamang, Ntja ya tla e tsamaya hara moru e lebile ntlong ya Nobantu. Ya mo dumedisa e bile e rora, “Jwale o lokela ho sheba hore ke etsang. Ke tla o ruta hore o ka ba molebedi ya hlwahlwa jwang.”

Yaba Ntja e robala fatshe ka ntle ho ntlo ya Nobantu, e beile hlooho ya yona hodima maoto a boya. Ya kgaleha e ntse e butse leihlo le le leng.

Bosiung boo ya lelekisa diphoofolo tse mmalwa tse hlaha. Hoseng Nobantu a e tlisetsa dijo tse tjhesang ka sekotlolong sa kgale sa lesenke.“Ke tsena he,” ha rialo Nobantu.Ntja ya ja dijo tseo ya di qeta.“Na ke o rutile ho ba molebedi ya hlwahlwa?” ya bohola.

“Ke nahana hore ke se ke tla tseba,” ha araba Nobantu a bososela, “empa mohlomong o ka mpontsha hape kajeno bosiu. Ha o ka etsa jwalo, ke tla o fa dijo tse tjhesang MME ke be ke o etsetse le bethenyana moo o tla robala teng.”

Ntja ya itatswa melomo. Dijo tse tjhesang di ne di le monate, mme e ne e esoka e robala betheng e nyane pele ho moo.

Ha letsatsi le dikela, Ntja ya tla e tsamaya hara moru e lebile ntlong ya Nobantu. Jwalo feela kaha a ne a tshepisitse, ho ne ho ena le bethenyana e mo emetseng. E ne e le bonojwana e sa kukunele – e le bonojwana ha monate ho feta fatshe ka lehaheng – mme Ntja ya kgaleha hang e ntse a butse leihlo le le leng. 

Bosiung boo ya lelekisa diphoofolo tse mmalwa tse hlaha. Hoseng Nobantu a e tlisetsa dijo tse tjhesang ka sekotlolong sa kgale sa lesenke.“Ha se moo he,” ha rialo Nobantu.Ntja ya ja dijo tseo ya di qeta.“Na ke o rutile ho ba molebedi ya hlwahlwa?” ya bohola.

“Ke nahana hore ke se ke tla tseba,” ha araba Nobantu a bososela, “empa mohlomong o ka mpontsha hape bosiung bona. Ha o ka etsa jwalo, ke tla o fa dijo tse tjhesang, o ka robala bethenyaneng ena hape, MME ke tla o ngwaya mokokotlo.”

Ntja ya itatswa melomo. Dijo tse tjhesang di ne di le monate, le bethenyana e robatsa ha monate – ha monate ho feta fatshe ka lehaheng – mme e ne e esoka e eba le motho ya e ngwayang mokokotlo pele ho moo.

Ha letsatsi le dikela, Ntja ya tla e tsamaya hara moru e lebile ntlong ya Nobantu. Ya robala bethenyaneng ya hae. Nobantu a dula pela yona mme a e ngwaya mokokotlo. Ya utlwa monate haholo! Ntja ya bohola ke ho utlwa monate, mme ya kgaleha hodima bethenyana e ntse e butse leihlo le le leng.

Bosiung boo ya lelekisa diphoofolo tse mmalwa tse hlaha. Hoseng Nobantu a e tlisetsa dijo tse tjhesang ka sekotlolong sa kgale sa lesenke. Ntja ya ja dijo ya di qeta.

“O a tseba, Nobantu,” Ntja ya bohola, “ka masiu a mararo a latelanang ke lekile ka hohle ho o ruta ho ba molebedi ya hlwahlwa, empa ke bona eka ha o utlwisise hohang. Ke nahana hore o keke wa hlola o ithuta ho etsa sena.”“Nkeke?” ha botsa Nobantu a bososela.

“Tjhe, ha ke nahane jwalo,” ha araba Ntja. “Bothata ke hore o robala ka tlung, ditsebe tsa hao di nyane haholo, mme ha o kgone ho bona lefifing. Kahoo, ke na le mohopolo o betere. Ho ena le hore nna ke rute WENA hore o be molebedi ya hlwahlwa, e ka mpa ya eba nna molebedi wa ntlo ya hao. Bakeng sa sena wena o ka mphepa, wa mpha bethe moo nka robalang teng mme wa nngwaya mokokotlo.”

“Jwale ho bapala teng?” ha botsa Nobantu.“Ho bapala?” ha makala Ntja.Nobantu a bontsha Ntja kamoo ho bapalwang ka thupa. Ho ne ho le monate haholo!

Ha ba qetile, ba dumellana hore Ntja e tla dula mme e be ntja e lebelang ya Nobantu. Ha letsatsi le dikela bosiung boo, Ntja ya kgaleha bethenyaneng ya yona ka pososelo sefahlehong sa yona, mme mahlo a yona e a kwetse ka bobedi.

Mme ke kamoo yena le bana ba hae, le bana ba bana ba hae ba qetelletseng ba dula le batho, mme ke kahoo dintja e seng e se dintho tse hlaha tse sollang hara moru mme di robala mahaheng di le ding.