Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Mpho ya Busi

Author

E phetwa hape ke Joanne Bloch

Illustrator

Ditshwantsho ka Jiggs Snaddon-Wood

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Busi e ne e le senqanqane se senyenyane se setala se neng se phela le ba lelapa labo sona haufi le noka e potelang dithabeng tsa Drakensberg. Busi e ne e le senqanqane se thabileng, empa ho ne o ena le ntho e le nngwe e neng e mo hlonamisa. O ne a sa tshwane le bana babo le dikgaitsedi, esitana le dinqanqane tse ding kaofela. Sefahleho sa hae se ne se tshwana le tsa ba bang. Mmele wa hae o ne o tshwana le wa bona. Empa le leng la maoto a ka morao a Busi le ne le le lelelele le ho ba letenya ho feta a mang. Ka nako tse ding dinqanqane tse ding tse nyane di ne di mo soma ka leoto la hae le sa tlwaelehang, mme sena se ne se etsa hore Busi a hloname le ho feta. 

 

“Hoja ke ne ke tshwana le batho bohle!” hangata o ne a tjho jwalo a fehelwa. “Hoja ke ne ke se mobe tjena!” 

 

“Ke ditsiebadimo tseno!” ha rialo Ntatemoholo Senqanqane. 

 

“Ntatemoholo o nepile!” ha rialo Mme Senqanqane. “Senqanqanenyana se kgethehileng hakana se ka bua jwang ditaba tse mpe tje?” 

 

Empa Busi o ne a sa ba kgolwe. Ha dinqanqane di ne di dutse di entse lerata lebopong la noka mantsiboyeng a malelele a lehlabula, Busi o ne dula kamora tsona kaofela e le hore ho se be ya bonang leoto la hae la ka morao le lelelelehadi. Mme ha ba ne ba tshwara dintsintsi bakeng sa dijo tsa motsheare, o ne a sunya leoto leo la hae a le pata, e le hore a tle a shebahale jwaloka ba bang. 

 

Tlasenyana mane ho noka, lehaheng le lefifinyana hodimo mane thabeng ho ne ho dula ntsu e kgopo. “Le bapalle hole le ntsu yane!” Mme Senqanqane o ne a dula a ba lemosa. 

 

Ka tsatsi le leng, ha Busi a ne a hlile a hloname, a etsa qeto ya ho ya sesa a le mong. “Ke mobe haholo hore nka ya bapala le ba bang,” a nahana jwalo. “Nka mpa ka qeta letsatsi lohle ke le mong.” 

 

Senqanqanenyana sena sa sesa nako e telele, mme yaba se kgasa ho tswa ka metsing ho ya phomola lebopong la noka hodima jwang. Ha a robetse moo letsatsing, a sheba hodimo, mme a bona lehaha la ntsu. 

 

“Ere ke tlohe mona!” a nahana jwalo a le mong. E ne e le moo a reng o tla tlolela ka nokeng hape ha a utlwa mantswe a theosetsa tlase ho tswa lehaheng. 

 

“Monghadi,” Busi a utlwa lentswe la ngwana le re, “ke fietse lehaha la hao mme ka o lokisetsa dijo. Ke kopa hore ke theohele tlase nokeng mane ha o ntse o eja, hore ke tle ke hlatswe mose wa ka? Ke ona feela oo ke nang le ona hajwale, mme o ditshila haholo.” 

 

“Na o nahana hore ke sethoto, ngwananyana towe?” ha omana lentswe le phahameng le bohale. “Ha nka o tlohela hore o atamele nokeng mane, o tla baleha!” 

 

“Tjhe bo Monghadi,” senqanqane sa utlwa ngwana eo. “Nkeke ka baleha. O tla tseba hore ke ntse ke le teng hobane o tla nkutlwa ha ke otlanya mose wa ka majweng ho fihlela o hlwekile.” 

 

“O, ho lokile he,” ha rialo ntsu e kgopo, “empa o phakise hobane ho sa na le mosebetsi o mongata oo o tshwanetseng ho o etsa!” 

 

Busi a shebella ha ngwananyana ya apereng mose o ditshila a theosetsa ka nokeng. A fihla a dula hodima lefika pela Busi, mme a qalella ho lla. 

 

“O se ke wa lla, ngwananyana wa batho,” ha rialo senqanqane ka bonolo, empa ngwana eo a lla le ho feta. 

 

“Oho, Senqanqane,” a bokolla, “Nkeke ka hlola ke kgona ho kgutlela lapeng le kgale! Ntsu yane e kgopo e nkutswitse motseng wa heso bekeng e fetileng, mme jwale ke lekgoba la hae!” 

 

Ka yona nako eo, ba utlwa ntsu ka lentswe le mahwashe e hoeletsa e le lehaheng la yona, “Ngwananyana, o ntse o le teng? Haeba ke sa utlwe modumo wa ho otlanya hona jwale, o tla ba mathateng a MAHOLO!” 

 

“Motswalle wa ka,” ha rialo Busi ka potlako, “o se ke wa senya nako! Mphe mose wa hao, mme wena o balehe ka lebelo le leholo. Nna ke tla otlanya mose ona mafikeng ana, mme ntsu e tla utlwa modumo. Etlare ha a elellwa hore o tsamaile, o tla be o le lapeng heno le mme wa hao!” 

 

“Senqanqane, o mosa haholo,” ha rialo ngwananyana eo. “Empa sebopuwa se senyane jwaloka wena tjee se ka otlanya mose jwang ka thata hore o etse lerata le leholo?” 

 

“Tjhe kwana,” ha rialo Busi, “ha o so bone leoto la ka le ikgethileng, le matla!” 

 

Ka dihlong, senqanqane sa bontsha ngwananyana eo leoto la sona le lelelele le letenya la ka morao, le neng le ntse le patilwe ka tlasa sona jwaloka tlwaelo. Yaba ngwana eo o a tseba hore o na le monyetla. A hlobola mose wa hae mme a o kenya ka metsing. Yare ha o le metsi, a o otlanya lefikeng le leholo ka makgetlo a mmalwa. Mme a fetisetsa mose ka potlako ho Busi. A suna senqanqane phatleng, mme a hweshetsa, “Ke a leboha”, yaba o a baleha. 

 

POTLO! POTLO! POTLO! mose o metsi wa utlwahala, ha Busi a ntse a o otlanya lefikeng nako e telele. Leoto la hae le lelelelehadi le ne le le matla hoo ho neng ho le bobebe ho yena hore a ka etsa lerata le leholo. Eitse ka nako eo ntsu a hoeletsang hore ngwananyana eo a phakise, Busi a lahlela mose fatshe mme a tlolela ka nokeng ka lerata le leholo mme a sesetsa hae ka potlako. 

 

“Qetellong!” ha rialo mme wa Busi ha Busi a fihla hae. “O ne o ntse o le kae?” 

 

Ha a haka Busi, a bona lehakwe le benyang phatleng ya senqanqanenyana, hantle hona moo ngwananyana yane a mo sunneng teng. 

 

“O motle hakaakang!” ha rialo Mme Senqanqane, mme baena le dikgaitsedi tsa Busi ba dumellana. Ha Busi a ipona ka metsing, a bososela ka pososelo e kgolo, e batsi ya senqanqane. O ne a thabile hore o shebahala a le motle hakana. Empa le ho feta moo, o ne a thabetse hore leoto la hae le lelelelehadi le ne le se lebe hakaalo.