Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Monesapula

Author

Kgosi Kgosi

Illustrator

Magriet Brink le Leo Daly

Translator

Hilda Mohale

Mehleng ya kgalekgale mane Kgalagadi, ho ne ho ena le monnamoholo ya matla ya neng a bitswa Rapula. Rapula o ne a ena le e nngwe ya dimpho tse kgolo lefatsheng. O ne a ena le matla a ho kopanya maru mmoho ha a arohane haholo. O ne a ena le matla a ho etsa pula. O ne a tsejwa naheng yohle jwaloka Rapula, monesapula.

Bakeng sa Rapula, ho etsa pula e ne e le mosebetsi o utlwisang bohloko haholo. Ho ne ho nka matla ao a nang le ona kaofela, empa hape ho ne ho mo tlisetsa thabo ho bona batho ba habo ba kgola molemo metsing a tsholohang marung. Ha pula e na, batho ba ne ba bokella metsi mme ba a sebedisa bakeng sa ho nwa le ho pheha. Dinoka di ne di tlala mme diphoofolo di eba le metsi a ho nwa. Pula hape e ne e fepa dipolasi tsa Kgalagadi.

Kamora dilemo tse ngata tsa ho etsa pula, Rapula, monesapula, a kula mme matla a hae a fokola. Lefatshe la Kgalagadi la qala ho omella. Jwang bo botala le difate tsa qala ho nyamela. Leha monnamoholo a ne a dula a leka, o ne a se a kgona ho nesa pula e nyane feela. Mme ka nako tsohle ha a leka ho etsa jwalo, o ne a fokola le ho feta.

E se neng monnamoholo a kula mme a fokola hoo a neng a se a sa kgone ho nesa pula hohang. Ha seo se etsahala, ha ba le komello e kgolo. Naha ya omella mme dijalo tsa pona. Ho ne ho se na dijo tse lekaneng. Diphoofolo tsa shwa, dijalo tsa shwa, le batho ba eshwa.

Batho ba Kgalagadi ba ema. Ba ne ba ntse ba ena le tshepo ya hore monesapula o tla fola. Ha ba ntse ba eme, ba ile ba arolelana ka bonyane boo ba nang le bona mme ba fa monesapula dijo tse monate ka ho fetisisa tseo ba nang le tsona. “Mohlomong o tla fumana matla a hae hape haufinyane,” ba rialo.

Qetellong batho ba elellwa hore Rapula a keke a hlola a fola. Banna ba bohlale ba motse ba ne ba tseba hore seo ba ka se etsang jwale, e ne e le ho emela hore Rapula a fetisetse matla a hae a ikgethileng ho motho e mong.

Ha Rapula, monesapula, a hlokahala, batho ba Kgalagadi ba ne ba utlwile bohloko. Ba ne ba lahlehetswe ke setho sa bohlokwa haholo setjhabeng. Leha ho le jwalo, baholo ba motseng ba ikgothatsa ka hore mpho ya Rapula e keke ya lahleha. E ne e tlameha hore e fetisetswe ho motho ya sa ntseng a le motjha.

Ho ile ha tshwarwa lepato le leholo ho hlompha monesapula e moholo. Batho ba ile ba tla ho tswa ka makgalo a hole a Kgalagadi ho ba moo. Ba tla ba tshwere dijonyana le dino tseo ba nang le tsona ho tla abelana le batho bohle.

Pele Rapula, monesapula, a bolokwa lebitleng hore a phomole ka ho sa eng kae, ha etsahala ntho e makatsang – ntho e neng e tla bontsha batho ba Kgalagadi motho eo e neng e tla ba monesapula e motjha. Mebala ya mookodi e ile ya siya mmele wa monesapula wa kgale mme ya kena ka hara mmele wa morwetsana e monyenyane ya bitswang Mapula, eo e neng e le setloholwana sa Rapula. Ena e ne e le ntho e makatsang ka ho fetisisa eo batho ba neng ba qala ho e bona, empa bohle ba ne ba tseba hore eo ke tsela eo banesapula ba neng ba fetisetsa matla a bona ka yona. E ne e etsahala ka sewelo hobane banesapula ba ne ba phela dilemo tse ngatangata.

Mapula jwale e ne e le monesapula e motjha wa Kgalagadi. Ka matsatsi a mangata kamora lepato, batho ba ile ba keteka matla a matjha a morwetsana eo e monyenyane. Ba ile ba keteka ka mmino le dijo. Batho bohle ba Kgalagadi ba ile ba reka dimpho tsa diaparo tse ntjha, dipalesa, dijo tse ikgethileng le dintho tse ding.

Ho ile ha nka matsatsi a mmalwa hore Mapula a tlwaele matla a hae, empa kapelenyana a matlafala. Jwale o ne a tlameha ho sebedisa mpho ya hae ka nepo. Haeba a ne a kgenne ka nako eo a etsang pula, o ne a ka etsa mahadima kapa dikgohola. Sena se ne se ka senya motse ohle.

Esita leha Kgalagadi e ne e hlokile pula ka nako e telele, Mapula o ile a tlameha ho ithuta butle hore a ka sebedisa matla a hae jwang. Pele o ile a qala ka ho ithuta ho nesa pula hanyane ka ho kopanya maru a manyane. O ile a ikwetlisa ho etsa sena hanngwe ka beke. Jwalo feela ka ntata ntataemoholo, o ne a kgathala haholo ha a qeta ho etsa maru a pula. Ka nako tse ding o ne a robala matsatsi a mabedi ho fumana matla a hae hape.

Batho ba Kgalagadi ba ne ba le bohlale. Ba ile ba ithuta ditsela tse ntjha tsa ho boloka metsi. Ba ile ba ithuta ho aha matamo le ho etsa ditanka tse kgolo tsa ho boloka metsi.

Kamora dikgwedi tse ngata tsa ho ikwetlisa, Mapula o ile a qetella a tseba ho nesa dipula tse ntle Kgalagadi hape. Batho bohle ba ile ba keteka pula e ngata ka ho tantsha le ho bina. Ho ne ho se ho fetile dilemo tse ngata ba qetetse ho bona pula e ngata jwalo mme ba ne ba tseba hore komello e fedile. Ba ne ba thabile hore jwale ho na le monesapula e motjha – monesapula ya neng a tla ntlafatsa maphelo a bohle.

Eba le boiqapelo!

Kamora ho bala Monesapula, hlahisa hore bana ba hao ba etse ditshwantsho tsa pula. Ba ka nna ba sebedisa boya bakeng sa maru mme ba seha marothodi a pula pampiring e botala ba lehodimo. Kapa, ba ka penta ka menwana maru le pula. Hape ba ka nna ba batla ho kenya le mookodi ditshwantshong tsa bona!