Home | Story Library | Multilingual stories | Mmutla o ditshila

Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Mmutla o ditshila

Author

Joanne Bloch

Illustrator

Heidel Dedekind

Translator

Hilda Mohale

Mmutla Dumi o ne a kakaletse ka mokokotlo, a beile mpa ya hae letsatsing hodima letlapa le leholo le sephara. O ne a otsela a se a tla kgaleha ha a utlwa ho keketeha ho hoholo. Ka ho teneha a bula leihlo le le leng. Mebutlanyane e mmedi e ne e ntse e tlolatlola moo.

“EWWWW!!!” e mong wa bona a rialo ho e mong ha ba se ba fetile letlapeng. “Mmutla wane o nkga HAMPE!” Ba keketeha hape ba bile ba baleha.

Dumi a fehelwa, mme a foka ntsintsi e neng e entse lerata pela tsebe ya hae. “Nthwena ke leeme!” a nahana jwalo. “Ha ho motho ya nkutlwisisang.”

E ne e le nnete. Dumi o ne a nkga hampe hobane o ne a le ditshila. O ne a le ditshila hobane o ne a eso ka a hlapa, mme ha ho motho ya neng a tseba lebaka. Nnete ke hore, Dumi o ne a tshaba metsi. Ka nako e nngwe, ha a ne a sa le monyane, o kile a wela ka hlooho qanthaneng e tletseng seretse. Dumi o ne a sa tsebe ho sesa, empa ka lehlohonolo, moholwane wa hae a mo hula ka maoto a ka morao. Mme ho tloha tsatsing leo, Dumi o ne a sa batle le ho atamela pela metsi. Ha mebutla e meng e eya letamong hoseng ho hong le ho hong ho ya tola, Dumi o ne a baleha a ilo ipata dihlahleng. Ho ne ho se motho ya ka etsang hore a fetole maikutlo a hae mabapi le metsi – esitana le mme wa hae!

Matsatsi a nna a feta – lehlabula le ne le tjhesa haholo mme ho se pula. Dumi a nna a ba ditshila le ho feta. Boya ba hae bo ne bo le mafura bo nyonyeha, mme a nkga ha bohloko. Ho feta moo, ho ne ho ena le dintsintsi tse ngata tse mo salang morao hohle moo a yang. Leha ho le jwalo, Dumi o ne a sa rate sena, empa o ne a iketsa ekare ha a kgathalle.

Hoseng ho hong, baholo ba motse ba tla ho tla bua le Dumi. Ba emella hole kwana, mme Dumi a bona ba ikwetse dinko mme ba hema ka thata.

“Re mohau, Dumi,” ba rialo, “empa kaha o a tseba hore ke kgale pula e sa ne. Ho na le dintsintsi tse ngata hohle mona. Dintsintsi di rata ditshila, mme wena o ditshila haholo, kahoo dintsintsi di a o rata! Dintsintsi tsena kaofela di tla re kudisa … Ho molemo hore o tsamaye motseng ona.”

Dumi wa batho! O ne a ka etsang? Ka maswabi, a tsamaya. O ile a tsamaya, a tsamaya. Letsatsi la nna la tjhesa le ho feta ha le phahamela hodimo lehodimong le bolou, le hlakileng. Hlooho ya hae e ne e le boima, mme maoto a hae a le bohloko! Qetellong, a ikutlwa a se a sa kgone ho tswela pele.

“Ke hloka moriti!” a rialo, a sheba kwana le kwana. Ho ne ho se na difate tse ngata karolong ena ya naha, empa a bona sefate se senyane sa leoka hojana mane. Butlebutle, Dumi a hlotsa a leba sefatjaneng sena. A fihla a robala ka tlasa sona, mme a kgaleha.

Ha feta dihora tse ngata. Dumi o ne a robetse ha monate hoo a sa kang a bona maru a sefefo a bokana hodimo. Letsatsi le ne le nyametse. Lehodimo la fifala. Moya wa phola, empa mmutla o kgathetseng wa nna wa ithoballa. Qetellong pula ya qala ho fafatsa.

Dumi a phaphama. Marothodi a matenya a pula a ne a otla hodima mmele ohle wa hae! Motseng wa mebutla, mebutla yohle e ne e ipatetse pula ka tlasa mafika a maholo. Empa mona, ho ne ho se moo a ka ipatang! Qalong, ha Dumi a bona le ho utlwa pula, a hoeletsa, a lla mme a ipitika a iketsa bolo ya boya. “Thusang!” a bokolla. “Motho ya ka nthusang hle!” Empa le dintsintsi di ne di tsamaile, mme Dumi a setse a le mong.

Yaba ho etsahala ntho e makatsang. Ha pula e phodileng e nela mmele ohle wa hae, Dumi a elellwa hore ho monate. Butlebutle, a theola maikutlo mme ka mora nakwana, a ba a bula mahlo, “Pula ena e ntle,” a rialo, “mme e etsa hore naha e nkge ha monate!” Yaba Dumi o a ema, a bula molomo wa hae ho nwa marothodi a pula. “E latsweha le ha monate!” a rialo ka ho makala. O ne a thabile hoo a ileng a tila fatshe ka leoto mme a twatlatsa menwana.

Ka nako eo, Dumi a thinya, mme a tantsha a ntse a leba morao a kgutlela motseng wa mebutla, a bina a ntse tsamaya: “Pula! Pula! Ke rata pula! Pula! Pula! Pula!”

Dumi a fihla motseng ha tsatsi le dikela. Ha ho na mmutla o ileng wa mmona – kaofela ha yona e ne e ipatetse pula ka tlasa mafika a maholo. Dumi o ne a sa kgathalle. O ne a tlwaetse ho ba mong, mme leha ho le jwalo, o ne a ikutlwa a thabile haholo! A ja mahlaku a mmalwa bakeng sa dijo tsa mantsiboya, a kena ka tlasa sehlahla mme a kgaleha hape.

Ha Dumi a tsoha, pula e ne e emisitse mme motse o shebahala o le motle, ho phodile. Ha letsatsi le ntse le phahama, dipalesa tse bopinki bo kganyang tsa thunya.

“Kgele!” a rialo, a sheba hohle.

Ka yona nako eo, mebutla yohle e meng ya tla ho tla feta moo a leng teng. E ne e le tseleng ya ho ya letangwaneng ho ya tola. E ne e maketse haholo ho bona Dumi e motjha, ya hlwekileng, ya nkgang ha monate!

“Dumi! Ho etsahetseng?” kaofela ha bona ba botsa, ba mo bokanetse. Empa ho ena le hore a bue, Dumi a qala ho twatlatsa menwana ya hae mme a tila ka leoto … e se neng ke ha a se a tantsha mme a bina hape. Mebutla e meng le yona ya kena, e ntse e labile letangwaneng: “Pula! Pula! Re rata pula! Pula! Pula! Pula!”

Eba le boiqapelo!

Efa bana ba hao maqephe a maholo a pampiri mme o hlahise hore ba take ditshwantsho tsa kamoo Mmutla Dumi a neng a ikutlwa ka teng ka metsi qalong kapa qetellong ya pale – kapa di le pedi!