Letsatsi leo re tlang ho le hoopla
Home | Written stories | Multilingual stories | Letsatsi leo re tlang ho le hoopla

Written stories

Letsatsi leo re tlang ho le hoopla

Author

Lorato Trok

Illustrator

Rico

Translator

Hilda Mohale

“Phakisa, Neo, re siilwe ke nako!” ha rialo Hope a bea mokotlana wa hae o boima fatshe. Hope le Josh ba ne ba emetse Neo. Kaofela ha bona ba ne ba eya phakeng ele karolo ya morero wa Hope!Haesale Hope a qadile ho rera taba ena kamora hoba a badile buka e ntjha eo mmae a neng a mo reketse yona. E ne e le mabapi le ngwananyana ya ileng a pholosa motse wa habo ka sebete ditleneng tsa sebopuwa se tshosang. Hope o ne a ile a natefelwa ke buka eo haholo hoo a ileng a qeta ho e bala ka letsatsi le le leng feela mme a ba a lora ka sebopuwa seo se tshosang hona bosiung boo!

“Ke tshepa hore seo o re lokiseditseng sona se tla re natefela. O tatetseng hakaale?” Neo a botsa Hope a bile a kwala lemati la ka pele. Neo o ne a rwetse katiba ya hae eo a e ratang ya diphaerete le petjhe leihlong.“Le nna ke lefifing jwaloka wena feela, Neo. Hope o nkopile feela hore ke tle le khaete ya ka phakeng,” ha rialo Josh a supa khaete ya hae.

“Ntshepeng, le tlo natefelwa ke sena!” ha rialo Hope a tsamaya ka pela metswalle ya hae. Neo le Josh ba mo latela, ba leka ho phakisa le yena.Ha ba fihla phakeng, ba bona majoro a potapotilwe ke letshwele la batho. “Ho etsahala eng?” Josh a botsa mosadi ya neng a eme haufi le moo.

 “Haesale ho tloha kgale, majoro a ntse a fumana ditletlebo tse ngata ka lebaka la hobane ho ne ho se na moriti o lekaneng phakeng,” a rialo. “Kahoo, o ile a etsa bonnete ba hore ho jalwa difate tse ngata tse ntjha mme he kajeno o tlile mona ho tla keteka sena mmoho le batho bohle.”

“Jowee! Phaka ena e tletse haholo hore morero wa ka o ka phethahala,” ha rialo Hope, a swabile.“Morero wa eng?” ha botsa Neo le Josh ka nako e le nngwe, ba shebane.“Na le hopola pale eo ke e badileng e mabapi le ngwananyana ya sebete ya ileng a pholosa motse wa habo?” ha botsa Hope. “Kwana, ke ne ke hopotse hore re tla etsa sebopuwa se tshosang, re se tlamelle khaeteng ya Josh mme ebe re e fofisa ka hodima phaka. Empa jwale sheba!” ha rialo Hope a supile batho ba thabileng ba bokanetseng majoro.

Neo a bona kamoo Hope a hlonameng ka teng. “Ke morero o motle, Hope!” a rialo. “Ha re yeng mane ka mora dihlahla tsela tse kgolo. Ha ho na motho ya tlang ho re bona moo.” Josh le Hope ba oma dihlooho ba dumellana le yena mme yaba kaofela ba a tsamaya.

“Josh, tsamaya o ilo batla dithupa. Neo, wena rola katiba ya hao ya diphaerete le petjhe ya leihlo,” ha laela Hope a ntsha diaparo tsa hae tsa karate le balunu ka mokotlaneng wa hae.Josh a fumana dithupa tse tshesane haufi le moqomo wa matlakala mme metswalle ena e meraro ya dula kamora sehlahla ba sebedisa kgwele e tswang mokotlaneng wa Hope bakeng sa ho di tlamella mmoho ba di entse sefapano bakeng sa mmele wa sebopuwa. Yaba Hope o butswela balunu mme a e tlamella ho etsa hlooho ya sebopuwa.

Ba apesa sebopuwa seo ka diaparo tsa Hope tsa karate le katiba ya Neo ya diphaerete le petjhe ya leihlo. Josh a faseletsa sebopuwa seo khaeteng ya hae. Mme jwale ba ne ba lokile!

Bana ba ipata kamora sehlahla mme ba fasolla kgwele ya khaete. Moya o matla wa pheulela sebopuwa seo hodimo marung. Ke sela se leba hodimo-dimo kwana, se fofela hodimo marung hole le bona.Ka nako eo, Bella le mmae ba ne ba fihlile phakeng ho ya tsamaisa Noodle. Ha Noodle a bona sebopuwa se leketlile hodimo sepakapakeng, a qala ho bohola le ho hula lebanta le molaleng wa hae. Bella a leka ho tshwara lebanta la Noodle ka thata, empa Noodle o ne a hula ka matla hoo a ileng a tlameha ho mo tlohela. Yaba Noodle o mathela kwana ho ya ka nqane ho phaka. Bella le mmae ba mo lelekisa.

Yaba sebopuwa seo se qalella ho fofela tlase ho ya hloohong ya majoro ha a ntse a fana ka puo ya hae! Noodle o ne a mathela ho yena a ntse a bohola sebopuwa seo – mme Bella le mmae ba ne ba se hole ba mo setse morao.Josh a hula kgwele ya khaete, a leka ho nyollela sebopuwa hodimo marung, empa ho ne ho se ho le morao. Noodle a qhomela hodimo sebopuweng, a thesela majoro. Dikgetjhana tsa pampiri tse nang le puo ya majoro tsa fofela hohle phakeng, mme batho ba qalella ho matha ba phasalla ba ya kwana le kwana.

Neo, Josh, Hope, Bella le mmae ba matha ho ya thusa. Ba fumana majoro a wetse fatshe pela sebopuwa sane mme Noodle a ntse a se bohola. Bana ba thusa ho thodisa Noodle ha mme wa Bella yena a thusa majoro ho ema.

Yaba Hope o hlalosa morero wa hae le kamoo o sa tsamayang hantle ka teng. Majoro a mamela, mme yare ha Hope a qeta, a mo sheba … yaba o qalella ho tsheha. “Tjhe, jwale o ka ngola pale ya hao e buang ka sebopuwa se tshosang,” majoro a etsa tlhahiso.

Leha morero wa Hope o ne o sa tswella hantle, leo e bile letsatsi leo bohle ba tlang ho dula ba le hopola!