Letholopje le lenyane le ratang ho ithorisa | Nal'ibali
Home | Story Resources | Multilingual stories | Letholopje le lenyane le ratang ho ithorisa

Letholopje le lenyane le ratang ho ithorisa

Author

ke Nicky Webb

Illustrator

ke Vian Oelofson

Ho kile ha eba le letholopje le lenyane  le neng e ikgantsha haholo ka masiba a lona a masehla a matle le molomo o motsho o benyang. E ne e dula lehlakeng haufi le noka e hoeleditse ho mang kapa mang ya ka e utlwang. Ntjhebeng! Na ha ke motle? Shebang masiba a ka a kganyang a masehla! Bonang kamoo molomo wa ka o benyang ka teng letsatsing!””

 

Dinonyana le diphoofolo tse ding di ne di sa rate letholopje le lenyane. E ne e se feela hobane e ne e ithorisa, hape e ne e le lonya.

 

“Hela, Kwena!” ha hoeletsa Letholopje, “O na le meno a mabe e le ka nnete. A maholo a diketsepa ebile a masehla, ebile o na le ditukula tsa dinama menong! Pho! Ke na le bonnete ba hore o lakatsa eka o ka be o ena le molomo o motle o tshwanang le wa ka!”

 

Kwena a holobela ka metsing a inahanela kamoo ho ka bang monate ha a ka hlafuna Letholopje ka meno a hae!

 

Eitse ha ho fihla nako ya hore Letholopje  le ahe sehlaha sa yona, ya etsa seo ka tsela ya yona ya boikgantsho le ho ithorisa. Ho ena le hore a kgethe majwang le mahlaka le masiba jwalo ka dinonyana tse ding, a kgetha dikgetjhana tsa pampiri e benyang le diphuthelwana tsa dipompong tse phatsimang, tseo a ileng a di lohella sehlaheng sa hae. Ha a qeta, sehlaha sa hae se ne se benya se phatsima letsatsing. “Helang, lona kaofela,” ha hoeletsa Letholopje. “Shebang sehlaha sa ka! Na ha se makatse e le ka nnete? Bonang kamoo se benyang ka teng letsatsing!”

 

 

Kgudu ya feta e totoba lehlakeng moo mme ya emisa ho sheba sehlaha se makatsang sa Letholopje. “Na ha o lakatse eka o ka be o ena le ntlo e ntle jwaloka ena ya ka, Kgudu?” Letholopje la tswibila jwalo. “Ya hao e mpe ebile ha e kgahlise. Bona feela kamoo ya ka e phatsimang ka teng.”

 

Kgudu a sisinya hlooho ya hae, “Ke kgotsofetse nna ka kgaketla ya ka, Letholopje. E a ntshireletsa, mme seo ke sona sa bohlokwa ho nna.”

 

Kamora moo, tweba ya thoteng ya hlahisa hlooho hara mahlaku a ommeng. Sekgetjhana sa foile se sehlaheng sa Lethopje sa mo kgahla. “Kgele, Letholopje, sehlaha sa hao se kganya haholo,” ya rialo e tsetsela.

 

Letholopje la kokomosa masiba a lona, “E ntle akere?” a rialo ka motlotlo, “Na wena ha o kgathale, Tweba, ke ho dula mahlakung le dithupeng tse sootho? Ntlo ya hao e haula le ho ba mpe hakaakang.”

 

“Tjhe, Letholopje,” ha rialo Tweba. “Ha o lekana le nna tjena ka bonyane, o ba dijo tsa diphoofolo tse ding. Ha ke ipata harehare ka tlasa qubu ya mahlaku, ha ho motho ya ka mponang mme seo se etsa hore ke se ke ka jewa. Nka mpa ka dula ke bolokehile ho ena le ho ikwahlaya.”

 

“Ke nahana hore o mpa o le mona feela,” ha rialo Letholopje a shebisitse molomo wa yona hodimo moyeng.

 

Jwale ho ne ho ena le noha e kgolo haufi le noka moo e neng e ntse e ithobaletse mariha kaofela. Ha e tsoha, ya utlwa e lapile haholo, yaba e tsamaya ho ya batlana le se hlabosang se ka tlatsang mpa ya yona. Yaba e kopana le kgudu e orile letsatsi. Kgudu ya sheba leleme la Noha hang feela le mahlo a yona a tshosang mme ya ikgula ya honyela ka hara kgaketla ya yona.   Noha ya kobola Kgudu makgetlo a mmalwa, empa ha bonahala eka ntho eo ke kgaketla e thata feela, kahoo noha ya tswela pele ho ya batla ntho e nngwe eo e ka kgonang ho kenya meno ho yona.

 

Hanghang Noha ya bona Tweba, ya neng a ntse a bokella dithootse le dinthwana tse ding tse monate bakeng sa dijo tsa motsheare. Noha ya hwasha ho ya ho yona, e leka ho se etse lerata hohang, empa mala a yona a lapileng a e senola. Tweba a tjhopoha ka potlako kamoo maotwana a hae a neng a ka mo jara ka teng mme a tjhobela tlatsetlase ka hara qubu ya mahlaku. A dula moo a kgutsitse, a sa sisinyehe le hanyane feela. Noha a leka ho bula mahlaku nakwana, empa mala a hae a ne a korotla le ho feta jwale. O ne a lapile haholo hore a ka tjheka hara mahlaku a makalo ho batlana le dijo tse nyane jwaloka Tweba, kahoo a fetela pele.

 

Ese neng a iphumana a le tlase nokeng. Moo he, a bona ntho e makatsang. E ne e shebahala jwaloka sehlaha, empa e benya e phatsima letsatsing le kganyang. Noha a bona Letholopje a fofela sehlaheng sa hae. “Ho a makatsa hore nonyana ela ha e leke le ho pata sehlaha sa yona ho noha e lapileng,” ha rialo Noha a ipuela a le mong.

 

A nyenyelepa a kgutsitse ho ya nokeng mme a nyolosa mahlaka ho ya sehlaheng sa Letholopje. Ka lehlohonolo, eitse hang ha a re o kenya hlooho ya hae ka sehlaheng mme a je nonyana e nyane eo, o ile a bonwa ke dinonyana tse ding, tse ileng tsa tlatlarietsa mme tsa lemosa e nngwe. Letholopje  a fofa ho tswa sehlaheng sa hae ka yona nako eo mme a kgona ho baleha, empa Noha a dihela sehlaha sa hae se setle fatshe, moo se ileng sa kgaoha dikoto.

 

 

“Seo se tla o ruta, Letholopje, hore o se ke wa dula o ithorisa hakana,” ha tswibila dinonyana tse ding.

 

“Sheba!” ha hoeletsa ledinyane la nonyana, “Masiba a hao a fetohile a masootho!”

 

Letholopje la  itjheba mapheo le tshohile haholo. Ka nnete a ne a le sootho ka ho phethahala. O ile a utlwa a swabile haholo. O ne a sa batla a jewa ke noha feela, empa le ntlo ya hae e ne e heleditswe mme masiba a hae a matle a masehla a le sootho a tlwaelehile, jwalo feela ka a dinonyana tse ding.

 

Letholopje o ne a ithutile. O ile a tlohela ho tsamaya a ithorisa mme a qala ho ba mosa ho diphoofolo tse ding. Le ha mapheo a hae a ile a ba masehla hape, ho fihlela kajeno, mariha a mang le a mang, a fetoha a masootho hape ho mo hopotsa ka bomaumau ba hae.

 

 

Letholopje le lenyane le ratang ho ithorisa

  • Sebedisa letsopa, hlama ya ho bapala kapa  leha e le Prestik ho bopa baphetwa ba paleng, kapa o take ditshwantsho  tsa bona mme o di sehe o di ntshe. Sebedisa baphetwa ba hao ho pheta pale hape ka tsela ya hao!
  • Na ho na le dipale tse ding tseo o di tsebang tse nang le dinoha le dinonyana ho tsona? Ho etsahala eng dipaleng tseo? Na ho na le dintho tse tshwanang le paleng ena?