Hora ya Mehlolo | Nal'ibali
Home | Story Resources | Multilingual stories | Hora ya Mehlolo

Hora ya Mehlolo

Author

Thato Kgaje

Illustrator

Natalie le Tamsin Hinrichsen

Mehleng ya kgale, hantlentle, dilemong tseo nkgono wa nkgono wa ka e neng e sa le ngwanananyana, kgoho le kgomo e ne e le metswalle.

Ka tsatsi le leng, ha ba ntse ba tsamaya masimong, Kgoho a tsukutla mapheo a hae mme a tsoka mapheo a mohatleng. O ne a hlile a sa dudiseha. Kgomo a lemoha sena ha a ntse a thuisa dijo tsa hae.

“Bothata ke eng, Kgoho?” Kgomo a botsa a ntse a tsoka mohatla wa hae.

“Na o a utlwa?” Kgoho a qamaka hohle masimong, mme a sheba Kgomo hape.

“Tjhe,” ha rialo Kgomo. “Na ho na le seo ke lokelang ho se utlwa?” Kgomo a sheba kwana le kwana hoo tshepe e kgolo ya kgale e molaleng wa hae e ileng ya ketetsa ya lla. E ile ya baka lerata le leholo haholo le ileng la tlala masimo ao a mongobo.

“Ke sona seo ke buang ka sona,” ha rialo Kgoho. “Ha ho medumo ya diphoofolo tse ding polasing ena. O nahana hore ke hobaneng ho le jwalo?”

Kgomo a tswela pele ho thuisa dijo a ntse a nahanisisa potso eo.

“Hobane,” Kgoho a kenella menahano ya Kgomo hampe feela, “rapolasi o tsamaisitse metswalle ya rona kaofela le ba malapa a rona a ba isa selagepala.”

 

        

Kgomo a tshoha haholo hoo a ileng a kwenya dijo tseo a neng a ntse a di thuisa kapele haholo. Sena se ile sa baka hore a bohle haholo ka tsela e sa tshwaneleng motho wa mosadi!

“Re lokela ho baleha hobane e mong ho rona mona o tlo latela! Re lokela ho baleha mona pele seo se etsahala,” Kgoho a rialo.

“Re balehe?” Kgomo a botsa a tonetse Kgoho  mahlo.

“E, re lokela ho baleha kajeno bosiu! Empa re lokela ho ba sedi re hlokomele rapolasi. Re tshwanetse re netefatse hore ha a re utlwe le ho re bona ha re tsamaya,” ha rialo Kgoho. Kgomo a oma ka hlooho a dumela.

Bosiung boo, hanghang ha mabone a polasing a tima, mme ba utlwa hore rapolasi o kgalehile o a kgona, Kgoho le Kgomo ba ipetsa.

Kgoho a sebedisa molomo wa hae ho tshwara tshepe e molaleng wa Kgomo. Ba ne ba lokela ho tsamaya ba kgutsitse kamoo ba ka kgonang haeba ba ne ba batla ho baleha ka katleho.

Hang ha ba le Great Green Wood, Kgoho a tlohela tshepe ya Kgomo mme ba ema ba kgutsitse ba mametse nakwana e itseng. Ba ne ba sa tsebe hore ba ya hokae mme ba ne ba tshohile  hanyane.

Lekaleng le ka hodima bona, ha hlaha sello sa lefokotsane.

“Dumelang methaka! Mona! Hodimo mona! Le lahlehile…? Lefokotsane o ne a batla ho tseba.

“Tjhe, ha re a lahleha. Re balehile polasing hobane rapolasi o rometse metswalle le ba malapa a rona selagepale. E mong wa rona, ebang e se rona ka bobedi, o tla latela, kahoo re entse qeto ya ho baleha,” ha araba Kgoho.

“Ha se bohlale, hohang,” ha rialo Lefokotsane a le hodimo. “Great Green Wood e tletse diphoofolo tse hlaha mme ena ke yona nako eo dikatse tse kgolo di sasankang hohle di tsoma dijo tse monate – tse kang kgomo kapa kgoho e hlabosang. Le balehile maemong a mabe ho tla ho a mabe ka ho fetisisa, motho a ka tjho jwalo.”

“Owee, re keke ra kgutlela morao …” Kgomo a rialo, a sheba kwana le kwana a kgathatsehile.

“Hobaneng?” Lefokotsane a botsa. “Seo le lokelang ho se etsa feela ke ho bontsha rapolasi hore ho na le tsela e nngwe e molemo.”

“Tsela e molemo ho feta?” ha kakatletsa Kgoho. O ne a sa kgolwe seo a se utlwang.

“E,” ha rialo Lefokotsane. “Hopolang hore ke nna moeletsi wa Morena. Ke tseba ntho tsena. Le lokela ho bontsha rapolasi bohlokwa ba lona ba nnete.”

Mantsiboya ao oohle ba bararo bana ba dula mmoho ba nahana, ba bua mme ba rera taba.

Jwale, ka lehlohonolo Great Green Wood e ne e le sebaka sa mehlolo moo eng kapa eng e neng e kgonahala, kahoo Lefokotsane a romela dinonyana tsohle tsa morung ho ya bokella dipeo tsa meroho tse ngata kamoo di neng di ka kgona ka teng.

Ka dipeo tsohle tse bokelletsweng ka hloko, Lefokotsane a sheba metswalle ena e mmedi.

“Le lokela ho nka dipeo tsena kaofela le kgutlele le tsona polasing mme le di jale masimong ao rapolasi a a lokisitseng. Empa peo ka nngwe e lokela ho ba ka tlasa mobu pele ho hora ya mehlolo.” Lefokotsane a sheba Kgoho le Kgomo mme a sheba le hodimo kgweding. “Le lokela ho potlaka. Ho na le dipeo tse ngata mona mme nako yona ha eyo.”

Kgomo le Kgoho ba sokola ho jara dipeo tsohle ba le babedi feela, empa e se neng ke ha ba theohetse ka thata masimong ba jala dipeo kapele kamoo ba ka kgonang.
 

        

Eitse ha Kgoho a ntse a kwahela peo ya ho qetela ka mobu, hora ya mehlolo ya otla mme Unkulunkulu a bula lehodimo. Pula e bobebe ya nela masimong a sa tswa jalwa mme mefuta yohle e fapaneng ya dipeo ya qalella ho thunya le ho hola. E se kgale ke ha ho se ho ena le meroho e holang hohle moo mahlo a neng a kgona ho fihla. Masimo a rapolasi a shebeha a le matle haholo.

Ha rapolasi a tsoha a tsamaya hara masimo a hae hoseng hoo, o ne a sa kgolwe mahlo a hae. E ne e se feela diroto tsa meroho e foreshe tse neng di eme ka mela e kgahlisang, hape ho ne ho ena le mahe a mangata le diemere tse ngata tsa lebese le foreshe. Kgoho le Kgomo ba ema haufi ba le motlotlo haholo, mme rapolasi a tseba hore tsena di bile teng ka lebaka la mosebetsi wa bona o thata.

Rapolasi o ne a thabile a leboha haholo mme ho tloha tsatsing leo, rapolasi, Kgoho le Kgomo ba dula ka thabo mmoho polasing eo.

 

 

[Get story active!]  Eba mahlahahlaha ka pale!

 

  • Kgetha karolo ya pale e se nang setshwantsho mme o take setshwantsho ho yona. Kopolla mantswe a pale a tsamaelanang le setshwantsho sa hao kapa o kope motho e mong ho o thusa ho etsa sena. Manamisa leqephe le nang le pale tlasa setshwantsho sa hao.
  • Iketse eka o Kgomo le Kgoho. Ngola lengolo la teboho le yang ho Lefokotsane hobane a ile a o thusa.
  • Iqalle seratswana sa meroho ka hara botlolo ya polastiki. Robatsa botlolo eo ka lehlakore mme o sehe lehlakoreng le ka hodimo. Tshela mobu o motle ka hara botlolo. Jala dinawa tse mmalwa mme o di nosetse. Bea tshingwana ya hao letsatsing.