Gemere

Written stories

Try our growing collection of stories to print out or read aloud at home with the whole family.

Gemere

Author

Joanne Bloch

Illustrator

Jiggs Snaddon-wood

Mme wa Dimpho le Sello o ne a ena le bothata. “Maoto a ka a ne a utlwahala jwaloka diboloko tsa leqhwa maobane bosiu!” a bolella bana ba hae ka Mantaha hoseng ho hong. “A ne a hatsetse hoo ke neng ke sa kgone ho robalaJwale ke kgathetse haholo!” 

 

Ke a tseba!” ha rialo Sello. “Hobaneng o sa rwale dikausu ha o robala bosiu?” 

Oo ke mohopolo o motle!” ha rialo Mme. “Bana ba ka ba bohlale!” 

Bosiung boo, a rwala dikausu tsa hae tse mofuthu tsa ulu. “Rakgadi Thoko o mphile dikausu tsena ka Keresemese,” a rialo. “Di futhumetse haholoKe tla robala ha monate bosiung bona!” 

 

 

 Empa Mme o ne a fositse. Ka Labobedi hoseng, o ne a kgathetse hape. 

Hohang ha ke a bo hlotha,” a rialo a fehelwa. “Hoja ke ne nka kgona ho futhumetsa maoto ana a ka a batang!” 

Mme,” ha rialo Dimpho, “hobaneng o sa kenye maoto a hao metsing a tjhesang pele o kena dikobong bosiung ba kajeno?” 

“Ho lokile ke tla e leka!” Mme a araba. “Ke a leboha!” 

 

Kamora dijo tsa mantsiboya bosiung boo, Mme a tshela metsi a tjhesang ka hara sekotlolo se seholo se sefubedu. “Mmmmmetsi ana a monate!” a rialoa ntse a raharaha ka maoto ka metsing.

Ke a tshepa hore ke tla robala ha monate kajeno.” 

Empa o a tseba kengKa Laboraro hoseng, o ne a ntse a kgathetse. “Pele ho ne ho lokile,” a rialo, “empa kamora dihora tse mmalwanyana, ho ile ha qalella hape … hatsela, a hatsela maotoKe tla tlameha hore ke nahane ka ntho e nngwe esele

EjangjwaleKe nako ya ho ya sekolong!” 

Ha mme a fihla hae mantsiboyeng ao ho tswa mosebetsingDimpho o ne a ena le taba tse monate. “Titjhere wa ka o re ha o nwa teye ya gemere e tla o etsa hore o futhumale mmele ohle,” a hlalosa. “Teye ya gemere e tla o futhumetsa maoto!” 

“Ho lokile,” ha rialo Mme. O ne a utlwahala a sa thabaKamora masiu a mangata jwalo a sa fumane boroko hantle, o ne a ikutlwa a teneha! 

 

Empa Mme ha a ka a lebala seo Dimpho a se builengKa Moqebelo hosengpele a eya mosebetsingMme a kopa bana hore ba ilo mo rekela gemere.

Ha ho ntho e nthusitseng,” a rialo, ha a ntse a itokisetsa ho ya mosebetsing. “Mohlomong gemere tla thusa!” 

 

Yaba bana ba a tsamaya. “O shebile engSello?” ha botsa Dimpho ha ba atamela tseleng e kgolo haufi le mabenkeleSello a se ke a araba. O ne a tonetse ho hong ho haufi mahlo. “Sello!” ha rialo Dimpho hape. “Tshwara letsoho la ka. Re lokela ho tshela mmila jwale.” 

Butle pele!” ha rialo Sello. “Sheba mane! Re lokela ho thusa katse yane!” Mme yare pele Dimpho a ka mo thibaSello a be a se a mathile. 

Jareteng e se nang letho, ho ne ho ena le bashemane ba babedi ba ka lekanang le Sellomme ba ntse ba bapala ka katse e putswa.

Ba ne ba tshehaKatse e ne e leka ho baleha. 

 

Sello o ne a ena le lentswe le leholo, le phahamengeka ha se la moshemane e monyane.

“TLOHELANG SEO LONA!” a hoeletsa.

Kgaohanang le katse eno!” Ehlile, e tloheleng!” ha rialo Dimpho. 

Bashemane ba sheba hodimo. “Hobaneng?” ha rialo e mong wa bona ka ho tenehaempa moshemane e mong a tlohela katse e tshohileng. “tshwenngwa ke eng hantlentleKe semaumau feela sa katse e se nang monga yonaTloo, Jabs, ha re tsamaye!”  

Ha mme wa Dimpho le Sello a fihla hae mantsiboyeng ao, o ne a sa kgolwe mahlo a hae

Bana ba hae ba ne ba ntse ba bapadisa katse e putswa e boyaKatse eo e ne ntse e ngaola e iteka ka lelemeMme a elellwa hore ba e fepile ka nama e neng e setse maobane. 

 

“Ho etsahala eng hantlentle?” a botsa a halefile. “Hobaneng le tlisitse phoofolo eo lapeng moo? E tsamaiseng hona jwale!” 

Empa Mme, pula e a na ka ntle,” ha rialo Sello. “Kitty o tla koloba! Re kopa ho mmoloka mona hlebosiung bona feela! KA KOPO HLE?” 

Mme a sheba ka ntle ho fensetere. E ne e le nneteHa a tswa ka tekesing, ho ne ho ena le maru a maputswa sepakapakeng

Jwale pula e ne e tsholoha. “Ho lokile,” a rialo a tiisitse meno, “empa hosaneke batla katse eo e tsamaile.” 

“Re a lebohaMme!” bana ba rialo ba le babedi. 

 

Hmmmph,” ha rialo Mme. A dula fatshe, a rola dieta tsa haemme a sidila maoto a hae.

Gemere ela eo o ntheketseng yona e kae?” a botsa. “Ke nako ya kopi ya ka ya pele ya teye ya gemere!” 

Bana ba tonelana mahlo a maholo. Ba ne ba lebetse ho reka gemereMme o ne a halefile haholo. A dula a kgenne bosiu bohle

Eitse hang ha kitjhine e hlwekile, a leba dikobong ho ya robala. 

Hoseng ha letsatsi la Sontaha, ha Dimpho le Sello ba tsohamme wa bona o ne a le siyo.

Ba ne ba maketse – kamehla o ne a tsoha hoseng.

Ba ne ba sa bone le katse moo e leng teng. 

 

“Ha re ilo sheba hore na Mme o hantle na,” ha rialo Dimpho. Ba bula lemati la kamore ya hae butlemme ba nyarela ka hare. O nahana hore ba ile ba bona engMme o ne robetse betheng, a shebahala a tswafa

Katse e ne e ikgarile maotong a hae, e ntse kgonela hodimo. 

Dumelang,” ha rialo Mme. “Ke robetse ha monate ruriMaoto a ka a qetelletse a futhumetse!” A sheba katse.

Ke nahana hore re lokela ho o rua!” a e bolella jwalo. “Re tla o bitsa Gemere!” Katse e putswa e boya ya kgonela hodimo le ho feta. 

 

 Bana ba tshehaba opa matsoho mme ba tlolatlola. Yaba Sello o a emisa. A phutha difahleho.

Empa ke hobaneng ha re e bitsa Gemere?” a botsa. 

Akere,” ha rialo Mme, “lona ba babedi le ne le eya lebenkeleng le ilo nthekela gemereempa la kgutla le tshwere katse ena

futhumeditse maoto a ka jwalo feela kaha Dimpho a ne a re teye ya gemere e tla etsa jwalokahoo lebitso la yona ke Gemere!” 

Mme ke lona lebitso leo ba ileng ba e bitsa ka lona.