Dijo tsa Phiri tsa Mantsiboya | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Dijo tsa Phiri tsa Mantsiboya

Written stories

Dijo tsa Phiri tsa Mantsiboya

Author

Ka Koketso Tsemekwane

Illustrator

Ditshwantsho ka Heidel Dedekind

Moolo o phahameng o utlwahala ho potoloha hlathe ha Phiri a tsoha ka mora ho robala hamonate haholo bosiu.

“Ke letsatsi le monate ruri la kajeno,” ha rialo Phiri. “Dumelang kaofela lona metswalle ya ka e menyenyane le e meholo,” a dumedisa diphoofolo tse ding. “Thabelang letsatsi la kajeno le tjhabileng hamonate. Hemang moya ona o hlwekileng. Tsomang dibakeng tse phahameng le tse tlase ho fihlela le fumane dijo tse dutlisang mathe,” a phaella ka ho rialo ka lentswe le phefa le tletseng botswalle.

 

Taba ke hore Phiri o ne a tlo etsa phoofolo e nngwe dijo tsa hae ba mantsiboya bosiung boo! A etsa qeto ya hore a se ke a ja letho letsatsi lohle. Jwale ka thapama o tla be a lapile haholo mme o tla ya tsoma nama e dutlisang mathe. Qetellong a hweletsa, “Tsatsi le monate hleng metswalle! Ke tla le bona ha mmamorao.” A tsheha ka tsela e bolotsana mme a ikela.

Phiri a binela ka marameng pina e monate ha a ntse a matha butle ho leba moo diphoofolo di nwang metsi teng. Metsi a ne a hlwekile tlhweko mme a phodile hamonate. A nwa a tlatsa mpa tswete! Yaba ka mora moo o fumana sebaka sa ho robala moo ho nang le jwang bo tlokomang moriting wa sefate se seholo se setalana.

Phiri a lora toro e monate ya dijo tse hlabosang tseo a tla di ja hamorao letsatsing leo. Ha ho potang hore e tla ba sesuma sa nama e besitsweng hamonate se seholo jwalo ka sa Morena Tau! Sefahleho sa Phiri sa tlala pososelo a ntse a robetse.

Letsatsi le ne le ya madikelong ha qetellong Phiri a tsoha moo a neng a bo tsipa teng. A ikotlolla, a ba a ikotlolla hape mme a itlhohlora hore boroko bo fele mmeleng wa hae o bolauweng ke tlala. Jwale a ahlama le ho kopetsa molomo ka makgetlo a mmalwa ho kwetlisa mehlahare ya hae e le hore a tle a tsebe ho loma phofu ya hae sebakeng se nepahetseng.

“E fihlile jwale nako ya hore ke eo fumana dijo tsa ka tsa mantsiboya,” ha rialo Phiri. “Ke lapile sa yona phiri hantle, hee-hee-hee,” a rialo a tsheha ho fihlela mmele ohle wa hae o sisinyeha.

Phiri a nka metsotswana a ntse a ipotsa hore na a lebe ka lehlakoreng lefe. Ebe ha a fihla mola difateng tse telele, a ye ka ho le letshehadi kapa ka ho le letona? Yaba o bona lejwe le bataletseng mohlweng o bonojwana. Ka lehlakoreng le leng le ne le le lethokwa, ka lehlakoreng le leng le le letsho. “Eke!” a howa. “Ke tla akgela lejwe lena moyeng, mme ha le wela ka lehlakoreng le lethokwa, ke tla leba ka ho le letshehadi, empa haeba le wela ka lehlakoreng le letsho, ke tla leba ka ho le letona.” Lejwe la wela ka lehlakoreng le letsho. Ntle le ho dieha, Phiri a leba lehlakoreng le letona ha a fihla difateng tse telele. A nna a qhomaqhoma ka maro a hae ha a ntse a matha butle ka hara difate.

E se kgale, Phiri a bona seo e ka bang phofu ya hae ya pele – tadi e nyenyane e thokwa.

“Tjhe, ena e nyane haholo,” Phiri a ipolella. “Ke molakatswana feela.”

Phiri a mathamathela pejana, yaba o bona leebanakgorwana le mmala o mopudutswana. Leebanakgorwana lena le ne le tsorame ka pela sefate se seholo, le ntse le kobokobola mobung o bonolo ho sela diboko.

“Mmmm, e re ke le tlohele,” Phiri a ipolella. “Le lona le lenyenyane haholo, ke shwele ke tlala! Ha ke na fela pelo. E re ke bone hore na ebe metsing mane teng nka fumana eng.”

Ha Phiri a atamela metsing, a hlaba moolo wa thabo. O ne o batla o phahame tje! Ka pela mahlo a hae a bona pono eo a sa e kgolweng. Diphoofolo tsa mefuta yohle, tse kgolo le tse nyenyane di ne di ntse di nwa metsi.

“Jwale mona ke lokela ho ba mano,” ha rialo Phiri ka pelong.

A leba pele a nanya mme a leta. Yaba o phesha ka mpa butle ho fihlela a le haufi haholo. O lokela ho ba hlokolosi hobane diphoofolo di kgona ho fofonela hantle haholo mme ha a batle hore ho be le ya mo lemohang. Phiri a nna a phesha jwalo karolong e qetellang ya jwang bo bolelele. O ne a hema ka potlako ke pherekano hobane ka pela hae ho ne ho na le tshephe e nyenyane e ntseng e nwa metsi e iketlile.

“Eke! ena e ntekane,” ha hweshetsa Phiri. “Hona jwale se nkarohantseng le dijo tsa ka feela ke lejwe lane le tjhorileng le ka hara metsi a phatsimang.”

Ha Phiri a lauma, a kwala mahlo mme ahlama haholo a ntano kenya leino ka thata. Nakong yona eo, ke ha notshi e mo loma nkong.

“Itjhuuu!” Phiri a lla ke bohloko. Ho ne ho opa haholo moo notshi e mo lommeng! Empa bohloko bo qoqothong e ne e le bosele. “Athe ho etsahalang? Notshi ha e a ntoma qoqothong!”

Jwale Phiri a hlokomela hore ho parakile lejwe le tjhorileng qoqothong ya hae. O ile a fosa tshepe mme a metsa lejwe!

“Ke ne ke tlameha ho bula mahlo!” a bobola ka pelo e bohloko ha a tloha moo a matha mme a tswapeditse mohatla.

Ka mose ho metsi, diphoofolo tse ding tsohle di ne di dutse ka mokoloko e ka ke bashebelli ba patetseng ho tla shebella pontshuwa. Tsa tswekerelwa ke tsietsi ena ya Phiri haholo. Tsa shwa ke ditsheho. Tse ding ho tse nyenyane tsa ipitika fatshe ke thabo.

“O jele lejwe mantsiboyeng ana!” ha puruma Morena Tau, a qabohile haholo. “Lekgetlong lena Phiri o ithutile habohloko!”

Jwale ha thothomela hlatheng ha diphoofolo tsohle di tshehela hodimo. Tsa tsheha ho fihlela fatshe ho reketla. Lefatshe la reketla hoo lejwe le parakileng qoqothong ya Phiri le ileng la betsehela ka ntle ho lehano. Diphoofolo tse metsing tsa utlwa moolo o llelang fatshe. Kaofela tsa shebana di bososela mme ha boela ha ba le kgutso le kgotso hlatheng.

Eba mahlahahlaha ka pale!

  • O ikutlwa jwang ka se hlahetseng Phiri? Na o mo hauhetse kapa tjhe? Na o ne o tla ikutlwa ka tsela e fapaneng haeba Phiri a ne a tshwere tshephe e nyenyane?
  • Morena Tau o re Phiri o ithutile thuto. O nahana hore ke thuto efe eo Phiri a ithutileng yona?
  • Na o se o kile wa tlameha ho ithuta thuto e bohloko? O ile wa ikutlwa jwang ha o ithuta yona?