Kamoo o ka bang mohale wa mehlolo
Home | Written stories | Multilingual stories | Kamoo o ka bang mohale wa mehlolo

Written stories

Try our growing collection of stories to print out or read aloud at home with the whole family.

Kamoo o ka bang mohale wa mehlolo

Author

Bubele Retshe

Illustrator

Jiggs Snaddon-Wood

Translator

Hilda Mohale

Timo o ne a dula motsaneng o potapotilweng ke dithaba, masimo a matala le meru e metle, empa sebaka seo a neng a se rata ka ho fetisisa e ne e le phakeng. O ne a rata ho ya moo hobane o ne a ikutlwa eka ke mohale wa mehlolo ha a matha hohle, a palama jankele jiming mme a potoloha ho mmelekorone.

Kamehla ha Timo a fihla hae a etswa sekolong, o ne a hlobola diaparo tsa sekolo mme a je samentjhise e latswehang eo nkgono wa hae a mo etseditseng yona. Ha a qeta o ne a etsa mosebetsi wa hae wa sekolo mme, ere ha a qetile, a mathele ka ntle a hoeleditse, “Nkgono, Nkgono, ke nako ya ho bapala!”

Mme Nkgono o ne a mmitsa a hoeleditse, “Timo, butle! Ha o batle ke o balle pale?”

“Tjhe, Nkgono, ke hloka ho ya bapala le ho sibolla,” Timo o ne a araba jwalo, a se ntse a le tseleng ho ya kopana le metswalle ya hae e mo emetseng hekeng.

 

“Ho na le dibaka tse ngata tseo o ka di sibollang dibukeng tsa dipale, Timo,” Nkgono o ne a rialo. “Dibuka di ka o ruta dintho tse ngata mme tsa o isa dibakeng tseo o esokang o eya ho tsona.”

Timo o ne a keketeha a re, “Nkgono, ha ho moo dibuka di ka nkisang teng. Ke dikoloi feela tse ka etsang seo!” Ebe o matha ho theosa mmila a leba phakeng le metswalle ya hae.

Letsatsi le leng motsheare wa mantsiboya, motswalle e moholo wa Timo, Ben, o ne a mo emetse hekeng.“Hela, Timo, na o se o loketse ho bapala?” ha botsa Ben.

“Ke dula ke le malala-a-laotswe,” ha rialo Timo a matha ho theosa seterata le motswalle wa hae wa sebele. Bobedi ba bona ba ne ba batla ho fihla phakeng pele.Ha ba fihla moo, metswalle e meng ya Timo e ne e ba emetse. Pamela o ne a dutse moswinking a lla, ha Noma le Siya ba eme pela hae. Ba ne ba shebeha ba kgathatsehile.

Timo a atamela ele hore a tle a utlwe hore ho etsahala eng. “Ho etsahala eng ka Pamela?” a botsa.

“O ne a dutse hodima moswinki mme Siya a mo sutumetsa haholo ka phoso. Pamela a wa moswinkig mme jwale lengwele la hae le tswa madi,” ha hlalosa Noma.“Jowee! Jwale re tlo etsa jwang?” ha botsa Ben.“Ho lokile, ke tseba seo re ka se etsang,” ha rialo Noma a hula mokotlana wa hae o jarwang mme a ntsha mokotlanyana o monyane.

“Ke eng seo?” Timo a botsa.

“Ke mokotlana wa thuso ya pele. Ke tla hlwekisa lengwele la Pamela mme ebe ke bea polastara ena ho fokotsa bohloko,” ha rialo Noma.

Metswalle ya hae e ne e makaletse Noma hore o tsebile hantle seo a ka se etsang. Hang

ha polastara e beilwe, Pamela a re o ikutlwa a le betere haholo mme o ne a batla ho bapala hape. Metswalle yohle e ne e thabile mme e kgotsofetse, mme ba leboha Noma.

Metswalle yohle ya matha ka lebelo ho leba jankele jiming – ntle le Timo. O ne a ipotsa hore ebe ho tlile jwang hore Noma a tsebe seo a lokelang ho se etsa. O ne a batla ho tseba hore ke hokae moo motho a ka ithutang dintho tse kang tsena hobane bahale ba mehlolo ba lokela ho tseba mekgwa ya ho thusa batho!

Timo a ya moo Noma a neng a ntse a palama teng mme a mmotsa, “Noma, o tsebile jwang seo o lokelang ho se etsa?”Noma a bososela a re, “Ke e badile bukeng ya dipale.”“O ithutile tseo kaofela ka ho bala buka ya dipale?” ha botsa Timo. O ne a se na bonnete ba hore a ka dumela seo Noma a se buang.

“E, Timo. Ke batla ho ba ngaka ha ke hola ele hore ke tle ke thuse batho. Ha ke bala dibuka tsa dipale, ke ithuta kamoo dingaka di thusang batho ka teng,” ha rialo Noma.

Timo o ne a maketse! “Ke batla ho ba mohale wa mehlolo mme ke thuse batho le nna. Na o nahana hore dibuka tsa dipale di ka nthusa ho etsa seo?” a botsa.“E, ehlile!” ha rialo Noma. “Dibuka tsa dipale di ka o ruta dintho tse ngata. O ka di lata feela

laeboraring mme wa qalella ho bala.”

Tsatsing le hlahlamang, ha a fihla hae ho tswa sekolong, Timo a hlobola diaparo tsa hae tsa sekolo mme a ja samentjhise e latswehang eo nkgono wa hae a mo etseditseng yona. Yaba o etsa mosebetsi wa sekolo.

O ne a sa tswa qeta ha Nkgono wa hae a mmitsa. “Timo, metswalle ya hao e teng. Ba o emetse hore le tlo ya phakeng.”

“Ke kopa o ba bolelle hore ke tla tla ho bona ha morao, Nkgono,” ha araba Timo.

Nkgono o ne a sa kgolwe ditsebe tsa hae! Timo o ne a dula a tatetse ho ya phakeng. “Hobaneng o sa ye hona jwale?” a botsa.“Ke kopa hore o mpalle pale pele ke tsamaya, hle,” ha rialo Timo.

 

Nkgono a bososela ke thabo. “Ke taba tse ntjha bo! Hobaneng o batla hore ke o balle pale kajeno?” a botsa.

“Hobane Noma o re dipale di ka nthuta hore ke be mohale wa mehlolo jwang le ho thusa

metswalle ya ka,” Timo a rialo a ntse a tlolatlola ke thabo.

“Ha se moo moshanyana wa nkgono!” Nkgono a rialo a nka buka ya pale.

Yaba he, Nkgono le Timo ba dula fatshe mmoho mme ba bula buka eo ya pale – le e nngwe, le e nngwe. Mme motsheare o mong le o mong wa mantsiboya kamora moo, pele Timo a leba phakeng ho ya bapala, o ne a kopa Nkgono hore a mmalle.