Phumla le mosadimoholo
Home | Content | Phumla le mosadimoholo

Written stories

Phumla le mosadimoholo

Mehleng ya kgale, mosadimoholo e mong o ne a dula a le mong haufi le tlhoro ya thaba e telele ka hodima motse.

Batho bohle motseng oo ba ne ba mo tshaba. Ba ne ba mmitsa “Moloi”.

Ka tsatsi le leng ngwananyana e mong ya bitswang Phumla a ya naheng ho ya kga metso le ditlama tsa naha tlasa thaba.

Pele a elellwa, maru a matshomatsho a ne a se a bokellane, mme ho eso ye kae pula ya qala ho na ka matla.

Phumla o ile a tseba hore o lokela ho fumana seitshireletso ka potlako,

empa sebaka se le seng feela seo a neng a ka ya itshireletsa ho sona e ne e le tlung ya mosadimoholo yane…