Salate ya mebala e robedi | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Salate ya mebala e robedi

Written stories

Salate ya mebala e robedi

Author

Ka Helen Brain

Illustrator

Ditshwantsho ka Rico

Translator

Phetolelo ka Hilda D Mohale

E ne e le letsatsi la Mme la tlhaho. Neo o ne a bolokile tjheletana ya hae ya ho ja sekolong yaba o mo rekela lebokoso la ditjhokolete ka yona. Ntate o ne a mo reketse masale a matle a pinki mme Mbali yena a takile setshwantsho se setle kareteng.

 

“Ke a leboha, baratuwa ba ka,” Mme a rialo, a kenya masale hantle ka hara lebokoso le hodima sepilikase sa hae. “E re ke phakise hoseng jwalo ke tla siuwa ke nako bakeng sa ho ya lokisa moriri. Ke batla ho lokisa moriri wa ka hore ke be motle ho feta moketjaneng wa ka kajeno mantsiboya.”

 

Ka mora nakwana e itseng Nkgono a bitsa Neo. “Ke ntse ke pheha dijo bakeng sa moketjana wa Mme,” a rialo. “Ke kopa o ntlhokomelle Mbali.”

 

“Ho lokile, Nkgono,” ha rialo Neo. Empa o ne a hlile a sa mamela. O ne a ena le buka e ntjha e tswang laeboraring e buang ka bashemane ba babedi ba tsamayang ka seketswana sa diphaerete lewatleng.

 

“Neo,” ha hoeletsa Nkgono ka mora nako e itseng, “Mbali o ntse a etsang?”

 

Neo a tona mahlo. O ne a lebetse hohang ka kgaitsedinyana ya hae. Ebe o kae? O ne a mo utlwa a ntse ipinela. O ne a butse lebokoso la Mme la mabenyane mme a rwetse difaha tsa Mme kaofela le direng le difaha tsa letsoho.

 

“Tjhe bo, Mbali!” Neo a kgaruma. “Ha o a dumellwa ho tshwara ntho tseno.”

 

Mbali a qala ho lla, kapele Neo a phutha difaha le direng kaofela mme a di kgutlisetsa ka lebokosong. Yaba o kuka kgaitsedinyana ya hae a ya le yena ka kitjhineng.

 

Nkgono o ne a phathahane haholo. O ne a shebelletse mofumahatsana e motle ya bitswang Siba thelevisheneng. Siba o ne a etsa ntho e bitswang Salate ya Mebala e Supileng.

 

“Hobaneng e bitswa Salate ya Mebala e Supileng?” Neo a botsa.

 

“Sheba,” Nkgono a araba, a supile ditswakwa tse hodima tafole. “E na le reisi e tshweu, pepere e tala, pepere e kgubedu, pepere e tshehla le beikhone e sootho le pepere e ntsho.”

 

“Ke rata mmala o mofubedu haholo,” ha rialo Neo, a hlafuna sekotwana sa beikhono.

 

“Nna ke rata o mosehla,” ha araba Nkgono.

 

“Mme Bella o rata o motala,” ha rialo Neo.

 

“Pinki, pinki!” ha rialo Mbali.

 

“Empa Nkgono, ke mebala e tsheletseng feela eo,” ha rialo Neo.

 

“Ho lokile, ke tlilo tshela kheri,” ha araba Nkgono. “Mbali, kheri e na le mmala o jwang?”

 

“Pinki,” ha araba Mbali.

 

Nkgono le Neo ba tsheha.

 

“Tjheee,” Neo a keketeha. “E tshehla.”

 

Kapele salate e ne e lokile. Nkgono a e beha hodima tafole mme a e kwahela ka lesela. “Ke sa ya ho moahisani ho ya botsa Mof Mthembu hore na a keke a kgona ho nkadima kopi ya tswekere. Neo, o hlokomele kgaitsedinyana ya hao. O mo shebe hore a se ke a tshwara eng kapa eng.”

 

“Tlisa dipopi tsa hao kaofela mona,” ha rialo Neo ho Mbali. “Jwale he o ka bapala ka tsona ha nna ke ntse ke bala buka ena ya ka.”

 

Mbali a phakisa ho ya kamoreng ya hae mme a kgutla le dipopi tsa hae kaofela. Neo a mo thusa ho di bea ka mola hodima sofa mme a di apesa kobo hore a tle a tsebe ho di robatsa. Yaba o nka buka ya hae mme a qala ho e bala hape.

 

“La la la la,” ke Mbali a binela dipopi tsa hae. Neo a phetla leqephe. Buka ena e ne e le monate. “La la la la,” ha bina Mbali.

 

Hanghang Neo a phahamisa mahlo. Mbali o ne a se a sa bine. O ne a le kae? Neo a sheba dikamoreng kaofela. A mo fumana ka kitjhineng ka mane, a eme hodima se seng sa ditulo. O ne a eja Salate ya Nkgono ya Mebala e Supileng.

 

“TJHE!” Neo a kgaruma. “E etseditswe moketjana wa Mme.”

 

Kapele a nka kgaba mme a lokisa salate ka hodimo mona yaba o kgutlisetsa lesela hantle. E ne e shebahala e lokile jwaloka pele. Eish! Ho batlile ho senyeha.

 

Ka hora ya bohlano dintho tsohle di ne di se di lokile. Mme o ne a kgutlile saluneng mme moriri wa hae o le motle. Neo o ne a thusitse Ntate ho hotetsa mollo wa ho besa nama mme Nkgono o ne a hlapisitse Mbali mme a mo apesitse mose o motlehadi wa moketjana.

 

Hanghang ha utlwahala seboko se seholo ka kamoreng ya batswadi ba Neo, “Masale a ka a matjha a nyametse!”

 

Neo a mathela ka kamoreng. Mme o ne a batla ho lla. “Ke ne ke a beile mona,” a rialo a halefile. “Ke ne ke a kentse ka hara lebokoso la mabenyane hoseng hona hona, mme jwale ha a yo! Mohlomong ho kene leshodu tlung mona!”

 

“Jonna wee,” ha rialo Neo. “Mbali o ne a bapala ka direng le difaha tsa hao hoseng hona, empa ke ile ka kgutlisetsa dintho kaofela kamoo hantle, ke a o tshepisa.”

 

“Mbali,” Mme a mmitsa. “Tloo kwano.”

 

Molomo wa Mbali o ka tlase wa qala ho thothomela mme a sheba fatshe.

 

“Masale a ka a kae?” ha botsa Mme. Mbali a qala ho lla.

 

“Ke ne ke o jwetsitse hore o shebe ngwana wena Neo,” ha rialo Nkgono. “O a tseba hore ha a tshwanela ho bapala ka dintho tsa Mme wa hao.”

 

Neo a ikutlwa a swabile. A sheba fatshe ka tshwabo. “Ke maswabi haholo, Mme,” a honotha. Letsatsi la mme la tswalo le ne le senyehile mme e ne e le molato wa hae.

 

Butle! O ne a bone eng? Ho ne ho ena le ntho e benyang fatshe, ka tlasa sepilikase. Yaba o potlaka ho kgasetsa ka tlasa tafole mme a e thonaka. “Lesale le leng ke lena, Mme,” a hoeletsa.

 

Yaba o sheba hohle a batlana le lesale le leng le pinki – ka tlasa sepilikase, ka tlasa bethe, dilaeng tsa Mme. A ba a sheba le ka tlasa bethe ya Mbali le poremeng ya popi ya hae, empa ha ho moo a ileng a le fumana teng.

 

Mme o ne a hloname ruri – o ne a keke a rwala lesale le le leng feela. Ka yona nako eo tshepe ya monyako ya lla. E ne e le metswalle ya bona e tlileng moketjaneng, yaba Mme o rwala masale a hae a kgale a bolou mme a bososela a ya ho ya dumedisa batho bohle ba neng ba tlile ho tla mo lakaletsa Letsatsi le Monate la Tswalo. Ntate a bea boroso tulong e besetsang mollo mme e se kgale batho bohle ba ne ba tsheha ba qoqa

ha monate.

 

Neo o ne a bona hore Mme o ntse a utlwile bohloko. “Hoja ke ile ka sheba Mbali hantle,” a nahana jwalo ha a ntse a thusa Nkgono ho isa disalate ka ntle tafoleng e kgolo.

 

“Ha re jeng,” ha rialo Ntate. “Dijo tsena di shebeha di le monate. Re a leboha Nkgono ka ho pheha dijo tse monate tjena.”

 

“O ithutile ho etsa Salate ya Mebala e Supileng ho mme wa thelevisheneng,” ha rialo Neo. “Ho na le reisi e tshweu, dipepere tse tala le tse kgubedu le tse tshehla le beikhone e sootho le kheri e tshehla le pepere e ntsho ho yona moo.”

 

“Pinki, pinki,” ha hoeletsa Mbali, a otlaka tafole ka kgaba ya hae. “Pinki, pinki.”

 

“MMMM,” ha rialo Mme. “Ke se ke tatetse ho e latswa.”

 

A kga ka kgaba e kgolo a tshela sejaneng sa hae mme a ja. Hanghang a emisa ho hlafuna. A tona mahlo haholo. Ho na le ho phoso!

 

“Molato ke eng?” ha botsa Ntate.

 

“Ha o e rate?” Ha botsa Nkgono. “Na ke tshetse kheri e ngata haholo?”

 

Mme a kenya letsoho la hae ka hanong mme a ntsha ho hong. “Lesale la ka!” a hoeletsa. “Lesale la ka le lahlehileng ke lena.”

 

“Pinki,” ha rialo Mbali a bososela haholo. “Pinki.”

 

“Mbali o kentse lesale la hao ka salateng,” ha keketeha Neo. “O ne a sa thabela taba ya hore ha ho na mmala oo a o ratang ka hara yona.”

 

“Ke nahana hore kajeno re tla e bitsa salate ya mebala e robedi.” Nkgono a bososela.

 

Bohle ba tsheha, esitana le Mbali ya neng a tshwere lesale la Mme le pinki.

 

Iqapele!

* Mmoho le bana ba hao, shebang inthaneteng kapa bukeng ya ho pheha bakeng sa resepe ya ntho eo le so kang le leka ho e pheha le kgale. Le le mmoho le shebe hore le tla hloka ditswakwa dife mme ebe le bala le ho latela mehato ya resepe eo. Kapa, etsang dijo tse ntjha mmoho ka ho kopanya ditswakwa tseo le nang le tsona lapeng. Jwale ebe le ngola resepe eo hore le tle le e phehe hape ha morao kapa le e abele batho ba bang.

* Ke mmala ofe oo o o ratang ka ho fetisisa? Bapalang papadi ya ho noha mmoho, moo o bolellang bohle mabitso a dintho tseo o ka nahanang ka tsona tse nang le mmala oo o o ratang ka ho fetisisa. Bona kamoo bohle ba nohang lebitso la mmala ka potlako ka teng! E re bohle ba fumane monyetla wa ho hlalosa mmala oo ba o ratang.