Pale ya Motjodi le Nare
Home | Written stories | Multilingual stories | Pale ya Motjodi le Nare

Written stories

Pale ya Motjodi le Nare

Author

Kai Tuomi

Illustrator

Samantha van Riet

Translator

Hilda Mohale

Mehleng ya boholoholo, Motjodi o ne a ena le molomo o bosehla bo kganyang. O ne a dula tlung e nyane ka hara jwang bo bolelele.

Letsatsi ka leng o ne a fiela ntlo ya hae pele a tswa ho leba jwanng ho ya batla dijo tseo a di ratang. Bosiu o ne a palama ka hara bethe ya sehlaha sa hae,

mpa ya hae e tletse marutle, dintsintsi, le diboko tse nyeunyang. Ha ho ne ho ena le motho ya kenang ka hara jwang boo bo bolelele,

Motjodi o ne a fofela hodimo a mo kgarumele. O ne a tla mo kobola a mo etsetse moferefere ho fihlela a baleha.

O ne a rata ho dula a le mong, mme o ne a sa batle ho arolelana le mang kapa mang.

 

Ka tsatsi le leng, ha Motjodi a sa tswile ho ya tsomana le dikokwanyana, a utlwa modumo o korotlelang fatshe,

jwaloka modumo wa lehadima le thwathwaretsang dithabeng, mme ho ne ho ena le ntho e thibileng letsatsi.

“Ke eng jwale?” ha kgaruma Motjodi, a fofela hodimo a tswa ka hara jwang bo bolelele hore a tsebe ho bona hantle.

Phoofolo e kgolo, e ntsho e nang le manaka a boima e ne e ntse e tsamaya ka hara jwang bo bolelele.

“Dumela,” ha rialo Nare. “Ha ke eso je letho ka dibeke tse ngata. Jwang bona bo bolelele ke sona seo ke se hlokang hantle. Na nka ja bo bong?”

“Tjhe! Tsamaya!” ha kgaruma Motjodi. “Ruri, ke tla shwa haeba ke sa je ho hong. Ke dikgwedi tse mmalwa jwale pula e sa ne.

Sebaka sena ke sona feela se nang le jwang bo bolelele mona. Na o ka se ntumelle hore ke je hanyane feela, ka kopo hle?”

 “Na ha o a nkutlwa? Tsamaya!” ha rialo Motjodi o fofa ka hodima hlooho ya Nare. “Empa wena ha o je jwang,” ha rialo Nare. Yaba o leka hape.

“Re ka nna ra arolelana ka jwang.” “Ha ke arolelane le motho! Bona ke ba ka! Ke ba ka! Ba ka! Jwale tsamaya mona!” ha omana Motjodi.

 

Phatla ya Nare ya sosobana mme mahlo a hae a atamelana. A halefa hona hoo mohlatla wa hae o ileng wa foka ho ya kwana le kwana,

o ntse o etsa modumo o phahameng o otlanang ha o ntse o otla mahlakore a marao a hae. “Ho lokile, haeba o batla ho ba tala, ntse ke tla bo nka he.

Ke ja jwang, ke seo ke se etsang, mme ke lapile, jwale he, KE NNA EO, nonyana towe o tellang,” ha rialo Nare a qala ho harola jwang.

“O keke wa etsa jwalo!” Motjodi wa itlatlarietsa. “O tla nthibela jwang? Ntjhebe hore ke moholo jwang.

Mme ka hobane o a tella, ke ikemiseditse hore ke tlo bo ja, ke bo je, ke bo je ho fihlela ke kgora.” Mme Nare a qalella ho HAROLA le ho HLAFUNA jwang.

Sena sa etsa hore Motjodi a halefe hona hoo molomo wa hae o bileng mofubedu qetellong mona.

 

Motjodi a fofela hloohong ya Nare a ntse a hoeletsa le ho itlatlarietsa le ho hemela hodimo, empa Nare a nna tswela pele ho ja.

Hanghang jwang bohle bo bolelele bo ne bo fedile. Ho mpefatsa dintho, Nare a bea leoto la hae le leholo hodima marulelo a ntlo ya Motjodi.

Motjodi a fofela mokokotlong wa Nare mme a qalella ho kobola letlalo la hae. “Seo se keke sa sebetsa,” ha rialo Nare.

“Letlalo la ka le letenya haholo. Esitana le Tau o lekile ho ntoma ka meno a hae a bohale empa ka pholoha. O monyenyane haholo wena, Motjodi.

Mme o tshwanetswe ke seo ke o entseng sona. Ke ne ke ikemiseditse ho arolelana le wena.” “Ho lokile he,” ha rialo Motjodi a qalella ho itholela.

“Ke ne ke halefile le ho ba tala hobane leo e ne e le lehae la ka. Jwale ha ke sa na lehae le dijo – marutle ale kaofela a monate, dintsintsi,

le diboko tse nyeunyang tse neng di phela jwanng bo bolelele di fedile! Ntho tsohle di fedile.” Nare a hetla a sheba Motjodi,

 

ya neng a lla, a boela a sheba le lefatshe le se nang jwang le ntlo e helehileng. “Ke mohau ha ke sentse lehae la hao,” a rialo,

“empa mohlomong nka o lefa ka tsela e nngwe. Ke na le bothata ba dikokwanyana, o a bona. Ke bolela hore, a ko shebe feela mokokotlong wa ka mona.

Ho dula ho ena le dikokwanyana tse ngata haholo tse itshwareleditseng le tse kgasang hohle hodima ka.

O ka nna wa di ja, mme ho tla ba molemo ho nna hore ho be teng ya ntlosetsang tsona.”

Motjodi a sheba hodimo le tlase mmeleng wa Nare mme a elellwa hore ho na le dikokwanyana tse manameng letlalong la Nare.

Mala a nonyana eo a korotla, empa eitse ha a nahana ho thusa Nare kamora hoba a entse ketso e jwalo, Motjodi a halefa le ho feta.

Molomo wa hae o mosehla wa nna wa tlerefala le ho feta.

 

“O qadile ka ho ja jwang ba ka bo botle!” ha omana Motjodi. “Ha o qeta wa senya ntlo ya ka. O ile wa bea leoto la hao le leholo marulelong a ntlo ya ka!

Jwale o batla hore ke je dikokwanyana tseo tsohle ho thusa wena!” A nna a nyolosa a theosa mokokotlong wa Nare, a ntse a kobola dikokwanyana ha a bua.

“Ruri o kgopo ka ho fetisisa, Nare! O nahana hore nna nka thusa wena,” a rialo molomo wa hae o tletse dikokwanyana.

Nare a ikgaohanela mme a tsamaya Motjodi a ntse a le mokokotlong wa hae, a omana a bile a ntse a ja dikokwanyana.

Mme le kajeno ba ntse ba etsa sena, empa Motjodi ha a eso tshwarele Nare, kahoo molomo wa hae o ntse o le mofubedu le kajeno.