Mmutla le Noko | Nal'ibali

Mmutla le Noko

Author

E phetwa hape ke Elaine Ridge

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Mehleng ya kgalekgale ho ne ho ena le mmutla o neng o kgona ho matha ka lebelo le fetang phoofolo efe kapa efe polasing. O ne o le motlotlo haholo ka ho ho ba le lebelo le lekaalo. O ne o dula o hopotsa diphoofolo tse ding kamoo ona o leng lebelo ka teng.

Aw 1“Ke lebelo le ho feta moya,” o ne a dula a ithorisa jwalo ho motswalle wa hae Noko.

Ka tsatsi le leng hoseng Mmutla le Noko ba kopana hekeng e lebisang masimong a polasi. Ha ho a nka Mmutla nako e kae yaba o se a qala ka ho ithorisa, “Ke nna ya lebelo ka ho fetisisa lefatsheng. Ke lebelo le ho feta moya.”

“Ha ke dumele,” ha rialo Noko a tiile. “Hantlentle ke nahana hore le nna nka matha ka lebelo le o fetang.”

“Lenama le kang wena tjee?” Mmutla a tsheha ka ho phoqa. “Ha o kgolwe hore o ka matha ka lebelo le fetang la ka.”

Noko a nahana metsotswana e se mekae. Yaba o buela tlase, “Ho lokile. Ha re bone hore ke mang ya lebelo ho feta e mong. Re ka nna ra tla hlodisana ka lebelo hosane. Re tla matha ho tloha hekeng ena ho ya fihla tlase tshimong mme re kgutle hape.”

“Ho lokile,” ha rialo Mmutla. “Nke ke ka tlameha le ho matha hore ke o hlole, ka Menoto e Mekgutshwane,”

“O tla bona,” ha rialo Noko. “Ha o hloke maoto a malelele hore o tle o hlole lebelo, o a tseba. Ke tla kopana le wena hekeng ena hosane, hang ha letsatsi le qeta ho tjhaba. Ke tla o hlola lebelong lena. O lokela ho ntshepisa hore ha nka o hlola o ke ke wa hlola o mpitsa hore ke Menoto e Mekgutshwane kapa Ralenama hape.”

“Ho lokile,” Mmutla a dumela, a itshepile haholo. “Haeba o hlile o batla ho matha lebelo le nna, o ka nna wa etsa jwalo. Ke a tshepisa hore nke ke ka hlola ke o bitsa Ralenama kapa Menoto e Mekgutshwane – HA o ka hlola. Ehlile, seo se keke sa etsahala. Ke lebelo le fetang le moya. Ke tla ya fihla qetellong ya masimo ana ke be ke kgutle o sa ntse o le mona o nahana ho qala. Mme he ke tla kgona ho o bitsa Maoto a Makgutshwane kapa Ralenama hangata feela kamoo ke batlang. Ha! Ha!”

Noko a bolella moholwane wa hae ka lebelo leo. “Jowee,” ha rialo moholwanae, “o entse phoso e kgolo ka ho fetisisa. Hantlentle ke eng e entseng hore o etse ntho e ka o hlolang jwalo? Mmutla o lebelo le fetang moya. Jwale o tla kgona ho o bitsa Ralenama kapa Maoto a Makgutshwane bophelo ba hao bohle,”

“O se tshwenyehe,” ha rialo Noko, “ke na le leqheka. Leqheka le tla sebetsa hantle haholo. Ha o ka nthusa, re ka ruta Mmutla thuto. O tla tlameha ho tlohela ho be sale a ntse a ithorisa – mme a keke a hlola a kgona ho mpitsa Ralenama kapa Maoto a Makgutshwane hape!”

Tsatsing le hlahlamang Noko a fihla hekeng pele ho Mmutla. Ka tlwaelo, ho nkile Noko nako e telele ho fihla teng empa o ne a eme ka pososelo sefahlehong sa hae ha Mmutla a fihla a matha pele letsatsi le nyarela dithaba.

“Dumela, Maoto a Makgutshwane. Na o tiile o ntse o batla ho beisa le nna? O a tseba hore ha o na monyetla le o monyane feela wa ho ntlhola. Na o loketse ho hlolwa? Hopola, ke matha ka lebelo le fetang moya,” ha rialo Mmutla.

Mmutla o ne a hlile a ena le bonnete ba hore o tla hlola hoo a neng a se a nahanne ka mabitso a matjha ao a tlang ho bitsa Noko ka ona kamora lebelo. Sena se ne se tla natefela haholo,

Noko a ipososella feela a kgutsitse. A ema a sa tshoha le ho tshoha a eme moleng wa ho qala. “Ha re etse bonnete ba hore re tseba melawana,” a rialo, “Re tlilo matha ho fihla tlase qetellong ya masimo, mme re kgutlele morao hekeng yona ena, o a utlwa?”

“Ee,” ha rialo Mmutla. Yaba o a hoeletsa, “Re lokile, Re eme hantle ! Ha re ye!” mme a tlolela pele ka lebelo ka potlako e kgolo kamoo a ka kgonang.

Ha a se a atametse tlase qetellong ya tshimo, a iphumana a tsheha a le mong. “Ke a kgolwa Noko o sa ntse a leka ho tloha. Kgele, ruri ke lenwabo la nnete.”

O se o ka inahanela he, kamoo a ileng a makala, ha a bona Noko a bitoha a thabile tlase tshimong mme a hoeletsa a re, “Ke o fihletse pele!”

Mmutla a ema motsotswana feela. Yaba o a thinya o kgutlela morao a matha ka lebelohadi leo a esong ho mathe ka lona le kgale. O ne a sa ke a hemela hodimo ha a matha, empa jwale o ne a se a hemela hodimo a bile a fufuletswe ka nako eo a fihlang hekeng. A hetla a sheba morao. Ho ne ho se na letshwao la hore Noko o a tla. Nakong ena, o ne a ena le bonnete ba hore o hlotse. Hang ha hlaha lentswe le thabileng ka nqane ho heke. “Ke o siile hape, ke fihlile pele ho wena!” Tjhe bo, ha ho kgonahale! Empa he, Noko o ne a le moo, a bososela haholo a mo shebile.

Mmutla o ne a sa kgolwe mahlo a hae. Noko o ne a mo hlotse. Yaba o a thinya mme o kgutlela hae a swabile a qatile mohatla.

Aw 2Empa Noko o ne a entse jwang hore a hlole Mmutla? Nnete ke hore hohang ha a ka a matha. Mmutla o ile a tloha ka lebelo ho leba tlase qetellong ya tshimo, Noko yena a ipata haufi le heke. Moholwane wa hae o ne a se a ipatile tlase mane qetellong ya tshimo. Eitse ha Mmutla a fihla tlase tshimong, ke moholwane wa Noko ya ileng a hlahella moo yaba o re, “Ke o fihletse pele!” Mmutla o ne a maketse hona hoo a sa kang a elellwa le hore ke noko esele eo a buang le yona. Ha Mmutla a fihla moo lebelo le fellang, a hemela hodimo a fufulwetswe, seo Noko a neng a lokela ho se etsa feela ke ho hlahella ka pele moo a neng a ipatile teng ebe o re, “Ke o siile hape, ke fihlile pele ho wena!”

Mmutla ha a ka a hlola a ithorisa hape – ebile e seng ho Noko. O ile a fetoha motswalle ya lokileng. Ha a ka a hlola a bitsa Noko ka mabitso a mabe hape. Mme ha a ka a qetella a tsebile kapa ho fumana hore Noko o ne a mo hlole jwang lebelong leo.

Eba le boiqapelo!

Ako nahane feela o se o le Noko. Ngolla Mmutla lengolo o mo hlalosetse hore o ile wa mo qhekanyetsa jwang  le hore ke hobaneng.