Letsatsi la hoseng le ne le kganya hamonate ha Lulu a tsorame lekgasing la mohlwa lebaleng la dipapadi la sekolong sa habo. Lena e ne e le letsatsi la dipapadi Sekolong sa Mathomo sa Dikokwanyana. Lulu o ne a thabile haholo. O ne a tlo nka karolo ho ba tlolang palo e hodimo. “Matsetse a kgona ho tlolela hodimo!” a rialo ka lentswe le phahameng a bile a qothomela lejweng, a ntano ya lekalaneng, yaba o ya lekaleng la sefate se haufi. Lulu a sheba fatshe a le sefateng mme a bona dikokwanyana tse ding di se di le malala a laotswe bakeng sa diketsahalo tsa letsatsi leo. Dikokwanyana kaofela di ne di ikutlwa di na le boitshepo hobane di ne di ikwetlisitse ka thata hore di lokele letsatsi la kajeno.
Lerutle a otlolla maoto a hae a ka morao. “Maoto a ka a tiile hampe. Ke nahana hore ke tlo etsa hantle haholo ho qhothomeleng pele kajeno,” a rialo. “Ke nahana hore ke tla ba mohlodi lebelong,” ha rialo lephele ha a ntse a ja lekumane la ho qetela la panekuku mme a iphumula maphemphe ka lepheo la hae. Lefehlo, Monwang, Notshi le Ntsintsi ba otlanya mapheo a bona ha ba ntse ba phehisana ka hore na ke mang ya tla kgona ho fofela hodimo ka ho fetisisa.
“Ho fofela hodimo ke ketsahalo e kgethehileng haholo,” ha rialo Lefehlo. “Ha se dikokwanyana tsohle tse nang le mapheo, empa rona ba nang le ona re ka fofela hodimodimo. Tsatsing lena ke bona e ka mohope ke wa ka.” Kgolabolokwe o ne a tseba hore o kgona ho sutuletsa bolo hojana ka maoto a hae a ka morao a matla. Mantswaitswai o ne a tseba hore sehlopha sa habo se tla hlola lebelong la lesokwana hobane ba nnile ba ikwetlisa ho fetisetsana mahlokwa ka dikgwedi tse ngata.
Mme serurubele o ne a tseba hore o tla kgona ho fofela ka hodima ditshitiso tsohle tse behilweng lebelong le nang le mekwallo e lokelang ho tlolwa. Lulu le yena o ne a itshepile. “Ke tlo tlolela hodimodimodimo kajeno,” a rialo. “Zara o nahana hore a ka ntlhola, feela ke nna ya tlo hapa mohope!” Ha a rialo, Lulu a tlolela hodimo ho tloha lekaleng la sefate mme a wela … nthong e nang le boya. “A e bo! ke wetse kae?” Lulu a lla a ferekane. Lulu o ne a ntse a inahanetse tsa hae mme ha a ka a hlokomela ha Tshwene e hlwella kutung ya sefate. Jwale o ne a tshwasehile boyeng ba yona! Jwale Lulu a utlwa Mofumahatsana Maleshwane a etsa tsebiso, “Dumelang, re a le dumedisa.
Re amohela dibapadi tsohle, malapa a bo bona le bashebelli ba rona! Itokiseng hobane re se re tla qala. Re kopa hore dibapadi kaofela di kgobokane bohareng ba lebala.” Lulu o ne a utlwa bashebelli ba entseng lerata ba ntse ba tsheha, ba opa diatla le ho uputsa mapheo. Lulu hammoho le letshwele ba ne ba sa tsebe hore ho na le dinqanqane tse ipatileng ka tlasa makgasi a difate a wetseng fatshe. Di ne di emetse nako e nepahetseng ya hore di qhothomele ka ntle mme di qale ho itshetla ka dikokwanyana tse hlabosang!
Ka nako yona eo, Lulu a leka ho itshwasolla boyeng ba Tshwene, empa ha bonahala eka o itshwaseletsa le ho feta. Yaba o ikeka ka lentswe la hae kaofela mme wa hweletsa, “Thusang! Thusang hle! Ke kopa thuso!” Empa ho ne ho se ya utlwang lentswe leo le lenyenyane ka hara lerata la dikokwanyana.
Yaba Lulu o utlwa Mofumahatsana Maleshwane a re, “E se kgale banana ba tla qala ho tlola palo e hodimo. Re kopa hore e mong le e mong ya batlang ho nka karolo a ye moo ho lo tlolelwa palo e hodimo hona teng.” “Owe,” ha hweletsa Lulu. “Ke tlo hlolwa ke ketsahalo ya ka!” A leka ho itshwasolla boyeng ba Tshwene, empa bo ne bo teteane haholo. Lulu a qala ho lla. O ne a ikwetlisitse ka thata bakeng sa letsatsi lena mme ke mona jwale ha a tlo fumana monyetla wa ho hlodisana le ba bang. Ka mora nako Lulu a utlwa Mofumahatsana Maleshwane a re, “Banana ba ntse ba tlola palo e hodimo hantle haholo.
Lena ke lekgetlo la ho qetela la hore Zara a tlole. Palo e hodimo haholo. Ha re boneng hore na o tla kgona ho e tlola.” Ke yona nakong eo moo Lulu a ileng a hopola mantswe a mme wa hae, “Esita le nakong eo dintho di sa tshepiseng, o ntse o ka ba le leqeka, Lulu.” Yaba Lulu o nahana ka leqeka le letle. “Ke letsetse,” a ipolella. “Ke kgona ho loma. Ha ke loma, ho tla hlohlona.” Yaba ke sona hantle seo Lulu a se etsang – a loma Tshwene ka makgetlo a mangata ka moo a ka kgonang. “Itjhuuuu!” ha hweletsa Tshwene. “Ho na le ntho e ntommeng! Ha tla ha hlohlona.” A ikgwabitla moo ho hlohlonang haholo hoo a ileng a kgwephetsa Lulu boyeng ba hae, yaba o betsehela moyeng. “Wheeeee!” ha hweletsa Lulu ha a fofela ka nqane ho palo e hodimo e tlolwang!
Zara a se ke a dumela mahlo a hae. “O tswa kae Lulu?” a botsa ka ho makala hohle. Le pele Lulu a ka araba, Tshwene a lahlehelwa ke botsitso mme ya wela fatshe ho tswa sefateng. A wela moo dinqanqane di leng hona teng mme tsa tshoha hoo di ileng tsa qhothoma ho tlalatlala hohle hore di balehe. Bobi ba potapota dikokwanyana tse ding ho di sireletsa hore di se ke tsa jewa. Yaba bo leleka dinqanqane.
Ka lebaka la moferefere oo, e mong le e mong a nahana hore Lulu ke yena ya hlotseng ho tloleng palo e hodimo, Lulu a re, “Tjhe, ha ke a tlola. Tshwene o entse hore ke fofele ka nqane ho palo. Zara ke yena ya hlotseng ho tloleng palo e hodimo.”
Mofumahatsana Maleshwane a fa Zara kgau. “Re a o lebohela Zara, re ikotla sefuba ka wena,” a rialo. Yaba o sheba Lulu. “Le wena re motlotlo ka wena Lulu. O bontshitse hore o a tshepahala mme wa etsa bonnete ba hore Zara o fumana kgau. Hape o re pholositse dinqanqaneng tsane tse kgopo. Ke nahana hore le wena o tshwanelwa ke kgau.” Yaba o fa Lulu kgau ya ho ba ya tshepahalang le ho ba sebete. Bohle ba opa diatla, mme Zara a haka Lulu haholo.
Qetellong ya letsatsi, dikokwanyana kaofela tsa dumellana hore lena e bile letsatsi le monate ka ho fetisisa la dipapadi ho feta ohle ao di kileng tsa ya ho ona!
Eba mahlahahlaha ka pale!
- Etsa lethathamo la dikokwanyana tsohle tse teng paleng. (LESEDI: Ho na le dikokwanyana tse 12.)
- Taka kokwanyana eo o e ratang ebe o ngola KE A E RATA ka tlasa seo o se takileng
- Jwale taka kokwanyana eo o sa e ratang ebe o ngola HA KE E RATE ka tlasa seo o se takileng.
- Kgetha kokwanyana le ha e le efe. Sebedisa letsopa, Prestik kapa hlama ya ho bapala ho bopa kokwanyana eo.