Dikgofu le tsona di na le maikutlo! | Nal'ibali
Home | Written stories | Multilingual stories | Dikgofu le tsona di na le maikutlo!

Written stories

Dikgofu le tsona di na le maikutlo!

Author

Ka Lori-Ann Preston

Illustrator

Ditshwantsho ka Chantelle le Burgen Thorne

Listen to the story here

Dikgofu tse neng di phela tshimong ya Mof Mondliwa di ne di sa thaba hohang.

“HA KE SA BATLA LETHO!” ho honotha Kgofu e bitswang Slimy.

“Le nna,” Speedy, motswalle wa hae, a dumellana le yena. “Hobaneng ha rona dikgofu re sa ratwe ke dikokwanyana tse ding tsa tshimong mona?”

“Ke kgathetse ke tshwaro ena e mpe ho rona,” Slimy a tswela pele.

“Ehlile, phoso ya rona ke efe?” ha botsa Speedy.

“Ke na le mohopolo, ha re bitse dikgofu tsohle mmoho mme re ilo ipelaetsa ho dikokwanyana tse ding,” Slimy a etsa tlhahiso.

“Ke mohopolo o motle,” Speedy a dumellana le yena. “Re tla ba bolella hore ba lokela ho re rata ho feta.”

Letsatsing le hlahlamang, Speedy le Slimy le dikgofu tse ding tsohle tsa kopana ka tlasa sehlahla sa meutlwa ho ya buisana le dikokwanyana tse ding tsa tshimong.

“Rona dikgofu re batla ho fuwa tlhompho,” ha rialo Speedy. “Hape re batla hore lona bohle le re rate ho feta.”

“LE KGALE!” ha hoeletsa Serurubele. “Dikgofu di mpe.”

“EHLILE!” ha rialo Notshi. “Dikgofu ha di ilo wela kwana.”

“Le a tena,” ha eketsa Mokone.

“Empa re le entse eng e mpe hakana?” ha botsa Slimy.

“ENG! A ko shebe feela ho ruruha tlhafung ya ka,” ha rialo Kgopi. “Na le a tseba hore ke ho fumane jwang? Ho dikgofu! Lona dikgofu le tsamaya le siya slaeme sa lona se nepolohang hohle mona mme se baka hore re thelle re tswe kotsi. Na le a tseba hore ntho eo e thellisa jwang?”

“Re banyane haholo, re tshwaseha ka hara slaeme sa lona,” Mofumahadi Bohlwa le yena a eketsa.

“Helang!” ha rialo dikgofu di maketse. “Re ne re sa tsebe.”

“Mme ha se tseo feela,” ha rialo Mokone. “Na le a tseba hore le sitisa sephethephethe hakae? Lona dikgofu le lenaaama.”

“Mme ha se tseo feela,” ha eketsa Serurubele. “Ebe le ka tlohela ho ja dipalesa kaofela? Le senya tshimo ya rona e ntle”

Dikgofu tsa ikutlwela bohloko. Di ne di sa tsebe hore di baka mathata a mangata hakana. Dikgofu tse nyane tsa utlwa bohloko hoo di ileng tsa ba tsa lla.

 

“Ho tshwanetse ho be ho ena le ntho e ntle ka rona dikgofu?” Slimy a etsa tlhahiso.

Dikokwanyana tse ding di ne di itholetse. Tsa nahana, tsa nahana mabapi le hore ebe ke eng e lokileng ka dikgofu.

Qetellong, Serurubele a re, TJHE! Ke maswabi, empa lona dikgofu ha le a loka hohang. Ha ho le ntho e le nngwe e lokileng ka lona!”

“Hantlentle, re nahana hore dikgofu kaofela di tswe tshimong mona. Kaofela ha rona re kgathetse ke lona!” ha eketsa Seboko, le ha le yena a ne a ntse a le mmele o thellang ka boyena.

“DIKGOFU HA DI TSWE! DIKGOFU HA DI TSWE!” dikokwanyana tse ding tsa qala ho hoeletsa.

“Butleng, butleng,” ha rialo Slimy. “Re feng sebakanyana.”

“E,” ha rialo Speedy. “Re feng sebaka, re tla le bontsha hore dikgofu le tsona di ka etsa dintho tse molemo.”

Dikokwanyana tsa inahana motsotswana. “Ho lokile he,” tsa dumela. “Le na le matsatsi a mabedi hore le re bontshe hore le na le molemo, ho seng jwalo, tsamayang!”

Kamora hoba dikokwanyana tse ding di kgutlele dikarolong tsa tsona tsa tshimo, dikgofu tsa dula tsa nahana, tsa nahana.

“Ho ka ba jwang ha re ka ithuta ho matha?” Speedy a hlahisa.

“Ke mohopolo o motle,” ha dumela Slimy. “Ha re qaleng, dikgofu tseso, ha re ikwetliseng!”

Dikgofu di ile tsa qeta letsatsi lohle di ikwetlisa. Empa ka bomadimabe, di ne di thatafallwa ke ho matha.

“Tjhe bo!” ha rialo kgofu e tsofetseng ho di feta tsohle. “Jwale re tla etsang? Re lokela ho nahana ditsela tse tla etsa hore dikokwanyana tse ding di re rate.”

“Ke a tseba!” ha rialo Slimy. “Ha re lekeng ho ja lehola ho ena le dipalesa.”

“Ho lokile, ha re etseng jwalo!” bohle ba dumellana. Kahoo, dikgofu tsa leka ho ja lehola feela tshimong.

“Jowee, ena le yona ha e no sebetsa. Lehola le latsweha HAMPE HAHOLO!” ha rialo Speedy kamora nakwana.

Dikgofu tsa utlwa bohloko haholo. Tse ding tsa ba tsa qala ho pakela thoto ya tsona ho falla.

“Helang, ke na le leqheka,” ha tsheha Simphiwe, kgofu e nyane ho feta. “Ke batla hore kaofela ha lona le kopaneng le nna ka hodima seolo sa bohlwa.”

“Na o fapane hlooho? Ho tla re nka letsatsi lohle ho palama ho ya hodimo mane,” ha rialo Slimy.

“Ntshepeng,” ha rialo Simphiwe.

Matsatsi a mabedi a feta mme dikgofu tsa qetella di fihlile ka hodima seolo sa bohlwa. Dikokwanyana tse ding tsa bokana tlasa seolo sa bohlwa ho ya bona hore na dikgofu di ikemiseditse ho etsa eng.

“Jwale, mohopolo wa lona o bohlale ke ofe he?” tsa botsa di halefile. 

“Ee, kwana…” ha rialo Simphiwe.

“O reng?” ha rialo dikokwanyana tse ding.

“Ha le ka bona seo re se entseng, ruri le tla re dumella hore re dule,” ha hoeletsa Simphiwe.

Dikokwanyana tse ding tsa ema di kgutsitse, di tjametse Simphiwe.

“Ta-da,” ha rialo Simphiwe a tsamaela ho ya motheong wa seolo. “Re le etseditse THELLISANE e monate ka ho fetisisa ka slaeme se tswang ho rona dikgofu!”

Ho ile ha ba le kgutso e telele ha dikokwanyana di sa ntse di nahana ka taba ena.

“KE HANTLE!” tsa dumellana. “Ha re e lekeng re bone.”

Mme tsa etsa jwalo. Dikokwanyana tsohle tsa fana sebaka sa ho thella ho ya tlase ka thellisane e nepolohang. Di ne di natefetswe haholo. Bohle ba ne ba rata thellisane eo mme ka lebaka leo ha etswa qeto ya hore dikgofu di ka nna tsa dula tshimong!