Hobaneng ha ditshwene di dula difateng | Nal'ibali
Home | Node | Hobaneng ha ditshwene di dula difateng

Written stories

Hobaneng ha ditshwene di dula difateng

Author

E phetwa hape ke Nicky Webb

Illustrator

Ditshwantsho ka Richard Mackintosh

Translator

Phetolelo ka Hilda Mohale

Tau e ne e le morena wa dibatana. Ho puruma ha yona ho ne ho baka hore mahlaku a difate a sisinyehe. O ne a qeta matsatsi a tsoma dijo mme a robala letsatsing. O ne a le motlotlo ka ho puruma ha hae, mme a le motlotlo ka meno le dinala tsa hae tse bohale, empa o ne a le motlotlo ka ho fetisisa ka letlalo la hae le mmala wa kgauta le moetse wa hae.

 

Ka tsatsi le leng yare ha a nwa metsi qanthaneng, Tau a elellwa hore moetse wa hae o shebahala o ena le dipatlopatlo. “Ke eng hoo?” a honotha a bua a le mong. A fetoha mme a lemoha sepatlo moo boya bo tlohileng mokokotlong wa hae o mmala wa kgauta. Tau o ne a kgenne haholo. Ho ne ho sa loka hore tau e hloke boya le moetse. Yaba o a matha ho ya bonana le Ngaka Kgudu ho fumana hore na ebe ho ka etswang ho pholosa letlalo la hae.

 

“Hmmm,” ha rialo Ngaka Kgudu a nahana. “Bona ke bokudi bo bobe haholo bo itseng, empa ha ke na bonnete ba hore ke eng. E re ke nahane …”

 

“Tjhe bo! Sena se utlwahala eka se sebe haholo,” ha tshoha Tau, empa ha ho tshwanelehe hore tau e kgolo e lle. Mangwele a hae a ne a thothomela. “Na … na ke tla phela?” a rialo a hula moya.

 

“Ehlile o tla phela,” ha tsheha Ngaka Kgudu, “o mpa feela o ena le matsetse a mangata. O lokela ho ya kopa Tshwene ho tlosa matsetse ao ho wena. Mme o tla loka hantle feela jwaloka pula.”

 

“Matsetse? Ke sona seo feela?” ha rialo Tau a imolohile. O ile a leboha Ngaka Kgudu mme a phakisa ho ya batlana le Tshwene.

 

Tshwene o ne a ntse a thibane jwaloka tlwaelo. O ne a dutse sefateng a ntse a akgela menokotshwai e bodileng ho kolobemoru e botswa e neng e robetse letsatsing.

 

“Tshwene!” ha puruma Tau. Tshwene a tlola a ba a batla a ewa sefateng. “Tshwene, ke a kopa na o ka tla ho tla tlosa matsetse aa a letlalong la ka?” ha kopa Tau.

 

“Ee, ho lokile, Motlotlehi,” ha araba Tshwene a lahlela monokotshwai wa ho qetela mme a theoha sefateng ka potlako.

 

Tau a robala letsatsing le futhumetseng ha Tshwene a ntse a mo kama le ho thonaka ka hara moetse le boya ba hae. Tshwene a kama, a thonaka. A pholla, a kama hantle. Letsatsi le ne le futhumetse mme hanghang Tau a kgaleha.

 

Ha Tau a tsoha a fumana hore ha a kgone ho tsamaya. A puruma ke kgalefo ha a elellwa hore Tshwene o tlamelletse mohatla wa hae sefateng. Ha Tau a leka ho hula le ho itshwasolla, lefito la nna la tiya mohatleng. Qwabi e nyane e ne e shebelletse ka mahlo a maholo e le sefateng ha Tau a ntse a leka ho itshwasolla mme a hula.

 

“Nka nna ka o thusa, Tau,” ha rialo Qwabi ka bonolo, “empa o tla lokela ho ntshepisa hore o keke wa ntja.”

 

Tau o ne a kgathetse ka lebaka la ho hula haholo. “Ehlile nke ke ka o ja,” a rialo a hemela hodimo. Mala a hae a ne a rora. Qwabi o ne a shebahala a tshohile. “Ke a o tshepisa nkeke ka o ja!” ha rialo Tau.

 

Yaba Qwabi e theoha sefateng mme ya qala ho fasolla lefito ka menwana ya yona e bonojana, e metelele. Qetellong Tau o ne a lokolohile.  A leboha Qwabi mme a itsamaela.

 

Ha a ntse a tsamaya, Tau a nahana ka seo Tshwene a mo entseng sona mme a ikutlwa a halefile haholo. A etsa qeto ya ho ruta Tshwene thuto. A bollella diphoofolo tse ding ho ema matsatsi a mahlano mme ebe di bolella Tshwene hore Tau o shwele.

 

Matsatsi a mahlano kamora moo diphoofolo tsa ya ho Tshwene mme tsa mmolella hore Tau o shwele. Kolobemoru a ba a iketsa eka o a lla. Diphoofolo tsa bolella Tshwene hore di ikemiseditse ho ya dumedisa Tau ka ho tshwara mokete. Tshwene o ne a rata mekete, kahoo a re, “Ke tla hle ke be teng!”

 

Thapameng eo Tshwene a shebella ha diphoofolo di entse mola haufi le setopo sa Tau mme di ntse di feta ka bonngwe, di pholla moetse wa hae, di suna hlooho ya hae mme di re a tsamaye hantle. Tshwene a nna a tshethema ka maoto a a fapanyetsana. O ne a ikemiseditse ho ya dumedisa Tau ka potlako e le hore a tle a fihle dijong mane moketeng.

 

Eitse ha a fihla hloohong ya Tau, a inamela ho yena a komakoma, “Tsamaya hantle leqheku towe la katse. Ke o laile ka o qhekanyetsa.”

 

Mahlo a Tau a buleha mme a tlola a P-U-R-U-M-A! Tshwene a tshoha haholo hoo a ileng a wa ka mokokotlo.

 

Ka pelepele Tshwene a kgasa, a ema ka maoto mme a mathela sefateng se haufi, moo a ileng a dula a komakoma a thothomela ke ho tshoha. Tau a rora hape mme a sisinya leoto la ka pele le leholo a supile Tshwene, “Wena le ditshwene tse ding kaofela le se ke la hlola le theoha difateng! Ha le ka etsa jwalo, ke a le tshepisa ke tla le ja ke le etse dijo tsa mantsiboya!”

 

Mme he ho fihlela kajeno, ditshwene di qeta nako e ngata di le hodima difate di tshaba ho theohela fatshe hobane di tla ba dijo tsa Tau.