Ntsu le thuhlo
Home | Content | Ntsu le thuhlo

Written stories

Ntsu le thuhlo

Mehleng ya kgalekgale, Thuhlo e ne e le motswalle wa hlooho ya kgomo le Ntsu.

Ka tsatsi le leng hoseng, ha metswalle e mmedi e le sedibeng, Ntsu a botsa Thuhlo,

“O nahana hore ho na le eng tlasetlase mane ka hara sediba see?” Thuhlo a nahana nakwana.

“Ee, Kubu o re ho na le moya o phelang tlase mane, empa ha ke eso ka ke o bona,” a araba.

“Ke o phephetsa hore o tlolele ka hare o ilo batlisisa!” ha rialo Ntsu.

Jwale, Thuhlo o ne a tshaba metsi haholo, empa o ne a sa batle hore motswalle wa hae a tsebe hore…