Hobaneng ha kgwedi e eba nyane ebile e eba kgolo | Nal'ibali
Home | Content | Hobaneng ha kgwedi e eba nyane ebile e eba kgolo

Written stories

Hobaneng ha kgwedi e eba nyane ebile e eba kgolo

Mehleng ya kgalekgale, Mme Kgwedi o ne a bonesa sepakapaka bosiu bo bong le bo bong.

O ne a ena le kobo e lohilweng ka kgwele e ntle ka ho fetisisa e mmala wa kgauta.

Kobo ya hae e ne e benya ka kganya e kgolo hoo ho neng ho eba le kganya e lekaneng bakeng sa batho bohle ho ka bona tsela lefifing.

Ka nako tse ding, Mme Kgwedi o ne a ithatela ka kobo ya hae mme a theohele lefatsheng.

Bosiung bo bong, bohareng ba mariha, haufi le lebopo la noka, a kopana le mosadimoholo ya neng a dula a le mong…