Story Library

Being told stories and being read to leads children to develop the rich storehouse of language, grammar and vocabulary they need to bring to texts when learning to read and write. 
Try our multilingual stories below or send us your own stories to share with others.

Twebanyana

Author

Pale ka Wendy Hartmann

Illustrator

Ditshwantsho ka Magriet Brink le Leo Daly

Translator

E fetoletswe ke Hilda Mohale

Lesedi o ne a tshaba ntho e nngwe le e nngwe. O ne a tshaba diriti. O ne a tshaba marata. O ne a bile a tshaba le lehadima. O ne a tshaba dintho tse ngata hoo batho ba neng ba mmitsa Twebanyana.  

 

Bosiu bo bong le bo bong ha a ilo robala, o ne a etsa dintho tse tharo. O ne a kwala mamati a dikhabate, ebang mohlomong ho ne ho ena le ho ipatileng ka hare. O ne a sutuletsa dieta tsa hae le dithoye kaofela ka tlasa bethe, e le hore ho se be le sebaka bakeng sa eng kapa eng e ka kenang ka moo. Mme o ne a kwala digaretene tsa hae ka thata, e le hore ho se be le ntho e tla kena. Ha a qeta a tlolele ka hara dikobo mme a ikwahele ka dikobo ho hlela mahlong.  

 

“Lesedi,” ntatae a mmitsa ka bosiu bo bong pele ho robalwa, “ke nako jwale ya hore o tlohele ntho ena. O se o le moholo hore o ka tseba dintho tsa nnete. O lokela ho emisa ho iketsa twebanyana tjena.”  

 

“Ke hlwekisa phaposi ya hao kamehla,” ha rialo mmae ka mosa, “mme ha ke esoka ke bona letho ka moo.” Ba mo aka ba mo fonanisa, ba mmolella hore a be sebete mme a ilo robala.  

 

“Ee, Mme. Ee, Ntate,” a rialo mme a ya phaposing ya hae ya ho robala.  

 

“Bosiung bona,” a hweshetsa, “ke tla leka ho ba sebete.”  

 

Yaba o etsa dintho tse tharo. A sheba ka hara khabate mme a siya lemati a le butse – hanyane feela. A sheba ka tlasa bethe mme a bea disilepere tsa hae feela kamoo. Yaba o siya sebaka se lekaneng feela pakeng tsa digaretene hore ngwedi e tle e kene. Ha a qeta a tlolela betheng mme a hula dikobo hore di mo kwahele le hlooho!  

 

Lesedi o ne a se a qala ho utlwa motjheso o moholo ke ho ikwahela ka dikobo ha a utlwa modumo o makatsang – modumo o neng o etswa hona ka phaposing ya hae ka mona!  

 

“Ke mang eo?” a hweshetsa ka lentswe le thothomelang, mme a kenya menwana ya hae ka ditsebeng e le hore a se ke a utlwa letho. O ne a tshohile hoo a neng a batla ho bula molomo wa hae a hoeletse. Tjhe, tjhe, tjhe, a ipolella jwalo. Ke lokela ho leka ho ba sebete. Yaba o a tsoha o dula hodima bethe.  

 

“Kok-kok-kook,” ha rialo lentswe le makatsang. “Jonna nna wee! Ke lokela ho ba sebete. Ke nahana hore ke tsamaye jwale.”  

 

“Ke eng?” ha rialo Lesedi mme a itahlela ka tlasa dikobo hape. “Ke mang eo?”  

 

“Kok-kok-kook. Ke nna Mosa. Ke a kopa hle, o se halefe.”  

 

Lesedi a phahamisa dikobo mme a nyarela. Sebopeho se lefifi sa sisinyeha hukung mme sa hlahella ka pepeneneng ...  

 

“Sethole!” ha rialo Lesedi. “O etsang ka phaposing ya ka?” Lesedi o ne a sa tsebe hore a tshehe kapa a lle.  

 

“Ke pale e kgutshwane haholo,” ha rialo Mosa. “Ke katse ya Mof Kunene. E kgolo ebile e nonne mme ... mme e batla ho ntja!”  

 

“Jwale hobaneng o sa ipate?” ha botsa Lesedi.  

 

“Ke ipatile, wena, Ke ipatile ka mona,” ha hlalosa sethole.  

 

“Ee, empa o ntshositse,” ha rialo Lesedi.  

 

“Na o sa tshohile le hona jwale?” ha botsa Mosa.  

 

“Tjhe,” ha araba Lesedi.  

 

“O a bona! Ha ho ntho eo wena o lokelang ho e tshaba mona. Katse ya Mof Kunene ha e batle ho ja wena. Ke nna eo e mo batlang!” ha rialo sethole.  

 

“E hokae katse eo?” ha botsa Lesedi.  

 

“Mane ka ntle,” ha rialo Mosa a tlolela hodima fensetere banka mme a supa ka ntle. “Sheba, sheba, e ntse e dutse mane mme e ntse e batla ho ntja.”  

 

Lesedi a sheba ka ntle ho fensetere mme katse ya Mof Kunene e ne e le moo. E ne e le kgolo mme e ne e shebile hodimo fensetereng ena.  

 

“Lahlela ho hong ka ntle mane,” ha rialo Mosa.  

 

“Nkeke ka etsa seo!” ha rialo Lesedi, a maketse.  

 

“Hobaneng?” ha botsa Mosa.  

 

“E ka nna ya mo lematsa,” ha hlalosa Lesedi.  

 

“Empa le nna ha e ka ntshwara ya ntja e ntse e tla nkutlwisa bohloko,” ha rialo Mosa a tlolela fatshe hape. “Empa jwale ka hore o se o mphumane, ke lokela ho tsamaya.”  

 

“O ya kae?” ha botsa Lesedi.  

 

“Ke tla ya thoteng,” ha rialo Mosa.  

 

“Thoteng? Ha o na monga hao?” Lesedi a botsa. O ne a ferekane.  

 

“Tjhe. Ke dula thoteng ke le mong,” Mosa a hlalosa, “empa ka dinako tse ding ke dula ... ke dula ...”  

 

“Ehe,” ha rialo Lesedi, “o dula ... kae?”  

 

“Emm ... Emmmm ... mona!” ha rialo Mosa.  

 

“ENG?” Lesedi o ne a sa kgolwe seo a se utlwang!  

 

“Ke a tshaba bosiu kahoo ke ema ho hlela lebone la hao le tinngwe. Ebe ke itshutuletsa ka hare ke kena le digareteneng tsa hao,” Mosa a kakatletsa. “Ekare o ka be o sa di kwale ka thata tjena. Ho ba thata haholo ho kena ke feta ho tsona.”  

 

“Ke maswabi,” ha rialo Lesedi.  

 

“Jwale ebe ke leka ho kena ka tlasa bethe ya hao, empa ke hlolehe hobane ho na le dieta le dithoye tse ngata ka moo,” sethole sa kakatletsa se hloname. “Jwale, ke leke ho kena ka khabateng ya hao, empa o dula o kwetse lemati la yona. Kahoo ke ne ke ntse ke robala mane, hukung, haufi le lebokoso lane la mapolanka.”  

 

“Kahoo ke wena o ntseng o etsa marata ao ke a utlwileng,” ha rialo Lesedi.  

 

“Le wena o etsa marata,” ha rialo Mosa, “mme a ya ntshosa, empa e seng jwalo ka katse ya Mof Kunene. Medumo eo e e etsang ruri e a ntshosa.”  

 

Lesedi le Mosa ba tjamelana nako e ka bang motsotso kaofela.  

 

Mosa o tshohile le ho mpheta, Lesedi a nahana jwalo, mme ebile ha a na le lehae.  

 

“Kok-kok-kook ... Mohlomong re ka tshaba mmoho,” Mosa a etsa tlhahiso.  

 

“Mohlomong re ka ba sebete mmoho,” ha rialo Lesedi.  

 

“Ee,” ha rialo Mosa. “Re se re le sebete hobane re keke ra hlola re tshoswa ke medumo eo re e etsang.”  

 

Kahoo Lesedi le Mosa ba etsa leqheka. Ba qala ka ho bula digaretene. Yaba Lesedi o bea lebokoso la mapolanka ka tlasa fensetere.  

 

“Lena e ka nna ya ba lehae la hao,” a rialo. “Kamehla ke tla dula ke siile digaretene di butswe. Mme haeba o ka ikutlwa o hlile o tshohile, o ka nna wa kena ka tlasa bethe. Ke tla be ke siye lemati la khabate le butswe.”  

 

“Mme le nna ke tla kgutsa,” ha rialo Mosa. “Nke ke ka etsa medumo e sa tlwaelehang e ka o tshosang bosiu.”  

 

Kahoo, ho tloha bosiung boo Lesedi le Mosa ba qala ho ba sebete mmoho. Mosa o ne a dula hodima lebokoso la mapolanka ka tlasa fensetere banka mme ha a kena ka tlung o ne a dumedisa ka tsela ya kok-kok-kook. Lesedi o ne a bososela a kgalehile.  

 

Mme o a tseba ke eng ...  

 

Lesedi ha a sa hlola a tshaba diriti le mahadima, mme batho bohle ha basa mmitsa ka lebitso la Twebanyana. Mme Mosa ha a sa tshaba katse ya Mof Kunene – o na le sebaka se bolokehileng moo a ka ipatang le ho phela teng.  

 

MME ... ka matsatsi a mang, Mosa o siya dimpho tse tharo hodima lebokoso la mapolanka mme Lesedi, mmae le ntatae ba dula ba ena le mahe a foreshe bakeng sa dijo tsa hoseng.